Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Basebetsi-’moho le Rōna ba Ratehang:

Ho thabisa haholo ho le ngolla lengolo lena mathoasong a selemo sena sa bohlokoa. Ho elella mafelong a selemo sena sa 2014, ho tla be ho fetile lilemo tse lekholo Morena oa rōna ea ratoang Jesu Kreste a qalile ho busa har’a lira tsa hae.—Pes. 110:1, 2.

Mathoasong a selemo sena sa tšebeletso, ho ile ha tšoaroa Seboka sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, ’me Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea lokolla Bibele ea Senyesemane e ntlafalitsoeng, e fetoletsoeng ka tsela e hlakileng ka ho fetisisa. Jehova o ile a sebelisa bara ba hae ba tsoetsoeng ka moea ho fetolela Bibele ea pele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. (Bar. 8:15, 16) Ntle ho pelaelo sena se etsa hore phetolelo ena e be e ikhethang!

 Ho theosa le lilemo haesale Komiti ea Bongoli ea Sehlopha se Busang e nka ho fetolela Bibele e le ntho ea bohlokoahali. Kajeno Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 121. E se eka le ka bontša Jehova hore le ananela Bibele ena haholo. E baleng ’me le thuise ka eona letsatsi le leng le le leng. Sena se tla etsa hore le atamele haufi le Mongoli oa eona, e leng Jehova Molimo.—Jak. 4:8.

Ha re utloa ka liteko tse hlahelang bara le barali babo rōna ba ratehang, re utloa bohloko. Hoa utloahala hore ka linako tse ling ho ka ba thata hore ba thabe le Bakreste-’moho le bona. Ka mohlala, lelapa le leng la Asia, le sa tsoa hlaheloa ke ntho e bohloko haholo ha ’mè oa lona a qhoala ka tšohanyetso. Lingaka tse tsebang haholo ka lefu la hae li ile tsa ema hlooho ha li hlōleha ho mo phekola. E bile ntho e bohloko hakaakang! Hona joale monna oa hae o lokela ho mo hlokomela bosiu le motšehare. Mora oa bona le barali ba bona ba babeli ba beha mohlala o motle ka ho thusa batsoali ba bona ka lerato. Lelapa lena, hammoho le lōna bohle ba sebetsanang ka katleho le liteko, le tla mamella liteko ka thabo. (Jak. 1:2-4) Jehova o tšepisa batlotsuoa le linku tse ling hore ba tla thaba hore ebe ba ile ba mamella liteko, kaha kaofela ha rōna re tla hlohonolofatsoa ka mpho ea bophelo bo sa feleng!—Jak. 1:12.

Batho ba bileng teng Sehopotsong selemong se fetileng ba ne ba le 19 241 252. E bile ho khothatsang hakaakang ho bona batho ba bangata hakaalo ba hlompha Jehova le Jesu Kreste ka ho ba teng sebokeng sa rōna sa bohlokoa sa selemo le selemo! Nakong ea Sehopotso, mohoo o moholo oa thoriso o ile oa utloahala  ha bahoeletsi ba limilione ba sebetsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April. Ruri sena sea re susumetsa! Na ha lea ka la thaba ha le utloa hore nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, bo-pula-maliboho ba thusang ba ka ba teng sebokeng sohle seo a se tšoarang le bo-pula-maliboho, le haeba ketelo ea hae e se ka March kapa ka April? Bahoeletsi ba mahlahahlaha baa utloisisa hore ke habohlokoa ho ba mafolofolo ka phuthehong le mosebetsing oa boboleli. Ho ba mahlahahlaha ho re thusa ho lula re tiile re sa suthe tumelong, ho boetse ho nyopisa boiteko ba Diabolose ba ho re khelosa le ho fokolisa tumelo ea rōna.—1 Bakor. 15:58.

Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore selemong se fetileng sa tšebeletso batho ba 277 344 ba ile ba bontša boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa ’me hona joale ba tseleng ea bophelo le Bakreste-’moho le bona lefatšeng lohle! (Mat. 7:13, 14) Ho hlokahala hore re ba tšehetse e le hore ba ‘tsitse tumelong.’ (Bakol. 2:7) Tsoelang pele ho khothatsana hore le mamelle ho isa bofelong. (Mat. 24:13) “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathes. 5:14) Qetellong, e se eka e mong le e mong a ka ‘rapela a sa phetse,’ a re, “’Muso oa hao o ke o tle.”—1 Bathes. 5:17; Mat. 6:10.

Re kōpa hore le thabele ho bala buka ena ea selemo le be le tsebe hore lōna bohle ba ratang Jehova, rea le rata!

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova