Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Europe

Europe
  • PALO EA LINAHA 47

  • PALO EA BAAHI 741 892 871

  • PALO EA BAHOELETSI 1 601 915

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 862 555

“U Lahlehile?”

Mosali e mong oa Mosomalia ea lulang Sweden o ile a memeloa sebokeng Holong ea ’Muso eaba o etsa qeto ea ho ea. Ha aa ka a natefeloa. Ha ho na motho ea ileng a mo amohela ka mofuthu, bohle ba ile ba mo sheba feela,’me a ikutloa a sa phutholoha. E mong ea ileng a hlokomela hore ha aa phutholoha o ile a re ho eena, “U lahlehile?”

O ile a re, “E, ha e le hantle ke  nahana joalo.” Eaba oa tsamaea. Ha mosali eo a boela a kopana le Lipaki tse neng li mo memme, o ne a utloile bohloko ’me a li bolella hore a ke ke a hlola a ea moo. Li ile tsa ipotsa hore na ebe ho etsahetse’ng, kaha ha li hopole eka li ile tsa mo bona Holong ea ’Muso. Ha ba ntse ba bua le eena, ba ile ba elelloa hore o ile a ea kerekeng e ’ngoe ka phoso.

Lipaki li ile tsa mo khothalletsa hore a leke ho tla Holong ea ’Muso hape. O ile a lumela hore o tla ea, empa a re o tla lula metsotso e leshome feela haeba a ikutloa a sa phutholoha. Leha ho le joalo, ha a kena Holong ea ’Muso, e mong le e mong o ile a mo amohela ka mofuthu!  O ile a thabela ho ba moo hoo e bileng eena oa ho qetela ea ileng a tloha Holong ea ’Muso. Ho tloha ka nako eo, o ’nile a ba teng libokeng kamehla ’me e se e le mohoeletsi ea kolobelitsoeng.

O Ile a Fumana Memo Seterateng

Greece: Hona joale Stergios o abela ba bang letlotlo leo a le fumaneng

Stergios o lula Greece. Hoseng ha letsatsi le leng, mohlankana enoa o ne a tsamaea ka maoto a tsoa mosebetsing, eaba o etsa qeto ea ho tsamaea ka seterata seo a sa tloaelang ho tsamaea ka sona. Stergios o ile a bona pampiri fatše ’me ea mo khahla. E ne e le memo ea Sehopotso sa lefu la Kreste e nang le potso e reng: “U Nahana’ng ka Jesu?” Kaha ho ne ho e-na le batho seterateng, o ile a tšaba ho e nka. Ha a fihla hae, o ile a nahana ka potso eo ’me a lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka eona.

Stergios o ne a lokiselitse ho ea noa kofi le metsoalle thapameng eo. Ha a ea moo, o ile a etsa qeto ea ho tsamaea ka seterata seo a ileng a bona memo ho sona, a tšepile hore o tla fumana e ntse e le teng. O ile a e bona, empa batho ba ne ba ntse ba le teng, kahoo a boela a tšaba ho e nka. Ha a khutlela hae, o ile a toba seterateng sona sane—memo e ne e ntse e le teng. Lekhetlong lena o ile a e nka, a e bala, eaba o etsa qeto ea ho ea Sehopotsong.

Ka mor’a Sehopotso, o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. A qala ho ba teng libokeng ’me a hatela pele hantle. O ile a kolobetsoa kopanong e khethehileng ea letsatsi ka March 2013.

Lenaneo la Seea-le-moea le Felisa Leeme

Ka January 2010, mor’abo rōna Finn oa Copenhagen, Denmark, o ne a otlolla maoto a nkile limakasine. Ha a  ntse a tsamaea seterateng, o ile a bona monna-moholo e mong eka o tla ho eena. Finn o ile a mo fa limakasine tsa December 2009, tse nang le lihlooho tse ’maloa tse buang ka Keresemese. Ha monna-moholo eo a bua, Finn o ile a mo tseba ka lentsoe. E ne e le seboholi se rutehileng haholo sa seea-le-moea. Letsatsing le latelang Finn o ile a mamela lenaneo la hae ’me a makala haholo ha a utloa monna-moholo eo a re o filoe limakasine maobane. Eaba o bala likarolo tse ling tsa tsona. E ’ngoe ea litaba tseo a ileng a li bala ke e buang ka “naleli” ea mohlolo e ileng ea hlaha, e amahanngoang le tsoalo ea Jesu. O ile a lumela hore e tlameha ebe e rometsoe ke Satane.

Kaha Finn o ne a khothalitsoe ke tsela eo monna-moholo enoa a talimang limakasine ka eona o ile a etsa qeto ea ho mo etela. Ha ba ntse ba buisana, ka tlhompho Finn o ile a botsa hore na ho ka khoneha hore a kenye lenaneo la litaba tsa Bibele seea-le-moeeng. Ka mor’a libeke tse peli o ile a fumana karabo e thabisang. Ho ile ha latela mananeo a lihora tse peli a fetang 30, a neng a bua ka Lipaki Tsa Jehova le Bibele. Finn le seboholi sena ba ne ba buisana ka lihlooho tse itseng ’me ba araba bamameli ba bangata ba neng ba founa.

Momameli e mong o ile a letsetsa theknishiene ea seea-le-moea eaba o siea nomoro ea hae. O ne a batla hore barab’abo rōna ba mo etele. Hang-hang ho ile ha lokisetsoa hore a eteloe. Ka lilemo o ne a utloa metsoalle le litho tsa lelapa la hae ba bua Lipaki Tsa Jehova hampe, empa ka lebaka la lenaneo lena la seea-le-moea, ha a sa na lipelaelo ka tsona. O ile a khanneloa thuto ea Bibele, ’me ka 2013 a ba teng Sehopotsong le puong e  khethehileng. O ba teng libokeng tsohle tsa Sontaha ’me o fana ka likarabo tse monate Thutong ea Molula-Qhooa. Batho ba bang sebakeng seo le bona ba ile ba amohela ’nete ka lebaka la seo ba se utloileng lenaneong lena.

O Ile a Siea Memo Monyako

Letsatsing la ho qetela la kopano ea setereke Italy, nakong eo Lucio a ntseng a buisana le metsoalle ea hae pele ba arohana, banyalani ba bang ba ile ba tla ho bona. Lucio o ile a botsa banyalani bao hore na ba kopanela phuthehong efe. Ba re, “Ha ho phutheho eo re kopanelang ho eona.”

Lucio a re, “Ho na le motho ea le memmeng?”

Ba re, “Che, re itlisitse.”

Kaha o ne a batla ho tseba, o ile a ba botsa, “Empa ho tlile joang hore le tle moo?”

Eaba ba re, “Re fumane memo monyako, eaba re etsa qeto ea ho tla.”

Ha ba bolella Lucio moo ba lulang teng, Ester, e leng mosali oa hae, o ile a re: “Ke ’na ea e siileng! E ne e le letsatsi la ho qetela la phutuho, eaba ke nahana hore ho e-na le ho lahla limemo tse setseng, ho molemo ho li siea menyako ea matlo a se nang batho.” Ha lelapa lena le fumana memo le ile la etsa qeto ea ho ea kopanong e neng e tšoaretsoe Holong ea Kopano ka Sontaha se latelang. Ka mor’a ho buisana ka nako e seng kae, Lucio le Ester ba ile ba memela banyalani bana lapeng ha bona e le hore ba e’o ja hammoho, ’me ba tsoela pele ho qoqa. Banyalani bana ba ile ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ba lokisetsa thuto hantle ’me hona joale ba ba teng libokeng ebile baa arabela.