Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Oceania

Oceania
  • PALO EA LINAHA 29

  • PALO EA BAAHI 39 508 267

  • PALO EA BAHOELETSI 96 088

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 63 333

“Joale Kea Utloisisa”

Freda, ea sa utloeng litsebeng, o ne a thabile haholo ha a utloa hore eena le morali’abo rōna ea mo khannelang thuto ea Bibele e tla ba litho tsa phutheho ea pele ea puo ea matsoho ea Papua New Guinea. Phutheho ena e ile ea thehoa ka la 1 March, 2013. Freda o ile a hlokomela hore o utloisisa hamolemo ha a sa sheba lingoliloeng empa a sheba motho ea buang  puo ea matsoho sethaleng. O ile a lemoha hore ho etsa sena ho mo thusa hore a se ke a ba lihlong ho araba ka libokeng eaba o qala ho araba hangata. Ka April 2013, o ile a tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o atleha ho mema batho ba bang ba sa utloeng litsebeng ho tla le eena libokeng. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha nako le nako a lla ha liboka li ntse li tsoela pele, o ile a re, “Ke hobane joale kea utloisisa.”

O Ile a Kena ka Koloing Esele

Barbara oa Australia, o ne a ea tšimong ka koloi, eaba o e emisa ka thōko ho tsela ho bona hore na o nkile buka ea hae ea maeto a ho boela. Ha a re mahlo-tloha! lemati la koloi la buleha, ’me ha kena motho oa mosali.

Barbara a re, “’Mè, ekare u kena ka koloing esele.”

Mosali eo o ile a re, “Ntšoarele, ke ne ke nahana hore u motho ea tlil’o ntata.” Ha mosali eo a bona limakasine tsa Barbara tsa Molula-Qhooa le Tsoha! o ile a re, “Basali ba babeli bao ke neng ke ithuta Bibele le bona ba ne ba atisa ho ntlisetsa limakasine tsena lilemong tse fetileng.” Barbara o ile a fa mosali eo limakasine tseo a thabile eaba hamorao o qalisa thuto ea Bibele le eena.

“Mangolo a Tsoang ho Molimo”

New Zealand: Violet o ruta ba bangata ’nete ka ho ngola mangolo

Violet ke morali’abo rōna ea lulang Christchurch, New Zealand; o lilemo li 82 ’me o fokolloa ke bophelo. Nako le nako o romela mangolo le lingoliloeng tsa Bibele mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo le a ba kulelang lefu. Manese a tsamaisang poso mahaeng ana  a re batho ba hōlileng ba letela ka tjantjello seo ba reng ke mangolo a bona a tsoang ho Molimo. Ba bang ba bala mangolo ana le lingoliloeng ba be ba chenchane ka tsona kapa ba li balle ba sa boneng hantle. Manese a sebetsang mahaeng ana le ’ona a re bakuli ba balang mangolo ana le lingoliloeng ba na le khotso le tšepo ba bile ba khotsofetse ho feta ba sa li baleng. Ha Violet a bua ka mosebetsi oa hae oa ho paka o re: “Ke lumela hore Jehova o ntse a ntšebelisa ho thusa ba bang. Ho bolella ba bang ’nete ka tsela ena hoa hlasimolla.”

 O Ile a Bala ka Lirosa

“Ke se ke e balile.” Karabo ena e ile ea makatsa Bernie oa sehlekehlekeng sa Saipan hoseng ho hong ka Moqebelo ha a tsamaisa Molula-Qhooa o sa tsoa hatisoa. O ne a buisana le Bernadette, e leng seithuti sa k’holeje se ileng sa bula monyako, ’me o ne a ipotsa hore na ho tla joang hore ebe o se a balile makasine oo. Bernie o ile a ntša makasine o mong ka mokotlaneng oa hae. Bernadette a re, “Le oona ona ke o balile.” Bernie o ile a mo botsa a maketse a re: “U li balile hokae? U Paki e tlileng phomolong moo?” Bernadette o ile a re hase Paki, empa o balile limakasine tseo Inthaneteng. Ka letsatsi le leng ha Bernadette a batla boitsebiso bo mabapi le lipalesa Inthaneteng, o ile a thaepa lentsoe “lirosa” ’me Websaeteng ea Lipaki tsa Jehova ha hlaha sehlooho sa Tsoha! se reng: “Lirosa Tse Khahlehang Tsa Afrika” ’me se ile sa mo khahla. Bernadette o ile a bolella Bernie hore o thabetse sehlooho se buang ka lirosa hoo a ileng a etsa qeto ea ho hlahloba Websaete eo ka ho eketsehileng. Qalong o ile a bala boitsebiso bo mabapi le limela le liphoofolo empa kapele a fumana litaba tse ling tse hlollang tse mabapi le Bibele. Ha Bernie a bona hore Bernadette o oa thahasella, o ile a kōpa hore a ithute Bibele le eena eaba ka lekhetlo la bobeli o khutla a tšoere buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Lekhetlo la boraro ha Bernie a khutla, ba ile ba ithuta khaolo ea pele ea buka eo. Ho ile ha feta selemo ba ntse ba ithuta eaba ka November 2012 Bernadette o oa kolobetsoa. O ile a hatela pele ka potlako hoo metsoalle ea hae e ratang ho re Bernadette o kene a “matha” ka phuthehong. Ka sebele Websaete ena e mo thusitse ho tsoela pele ka potlako.