Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Lipopae li Fetola Bophelo ba Batho

Lipopae li Fetola Bophelo ba Batho

Video ea Kalebe, e hlahang Websaeteng ea jw.org e leng e ’ngoe ea livideo tsa E-ba Motsoalle oa Jehova, e se e tsebahala lefatšeng lohle. Video ea pele ea moshanyana enoa ea ratehang e se e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 130, ’me ho se ho amohetsoe mangolo a mangata a buang ka livideo tsena.

Lengolo lena le tsoa ho ngoanana ea lilemo li 11 le ngoan’abo, ea lilemo li 8 ’me ba re: “Re lakatsa ho etsa monehelo mosebetsing oa boboleli oa lefatše lohle. Re fumane chelete ena ka ho rekisa manamane a mabeli ao re a hōlisitseng. Mabitso a ’ona e ne e le Big Red le Earl. Re rata ho le fa chelete ena hobane re nahana hore le tla  e sebelisetsa ho etsa livideo tse ling tsa E-ba Motsoalle oa Jehova. Re bona eka ho ka ba monate ha Kalebe a ka ba le khaitseli e mo hlahlamang ’me re bone hore na o tla etsa’ng ha batsoali ba hae ba se ba shebana le eona feela. Re rata video ea Kalebe haholo!”

Bana ba bangata ba tseba video ena ka hlooho, ho akarelletsa le pina le mantsoe a mohlalosi. Morali e mong oabo rōna o ile a re ngolla a re phuthehong ea habo ea bahoeletsi ba 100 ho na le bana ba 40, ’me boholo ba bona ba lilemo li ka tlaase ho leshome. O ne a lutse moleng oa boraro ha seboka se koaloa ka pina ea 120. O ile a seka meokho ha a utloa bana bohle ba bina “pina ea bona” ka cheseho.

Nkhono e mong o re ka mor’a hore setloholo sa hae se shebelle video eo habeli, se ile sa re: “Ke lokela ho hloekisa kamore ea ka e le hore li-toy tsa ka li se ke tsa liha batho ’me ba lemala.” O ne a ikemiselitse hoo a ileng a tsitlellela hore a ke ke a ja pele a hloekisa kamore ea hae.

Motsaneng o mong oa Afrika Boroa, bana ba bangata ba ne ba chakela ha Paki e ’ngoe letsatsi le letsatsi. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ba ea moo hobane ho ne ho rekisoa lipompong. Empa ba ne ba mengoa ke bana ba moo hore ba e’o shebella video ea lipopae ea Sexhosa e nang le sehlooho se reng Mamela ’me U Putsoe. Ka lekhetlo le leng ho ne ho tlile bana ba 11, ’me kaofela ha bona ba ne ba tšoere mantsoe a pina e hlahang videong eo ka hlooho.

Bashanyana ba babeli ba Ecuador bao e seng Lipaki ba buang Sequichua, e leng Isaac ea lilemo li robeli le ngoan’abo Saul, ea lilemo li hlano ba ne ba tloaetse ho beha  chelete ea bona ea lijo hore ba tle ba khone ho reka lintho tsa ho bapala tse kang lithunya, lisabole le tse ling. Ka letsatsi le leng ’mè oa bona o ile a re ba hloekise kamore ea bona ’me ba behe li-toy tsa bona kaofela ka lebokoseng le ka tlas’a bethe. Hamorao, ba ile ba fuoa mpho ea DVD e ncha ea E-ba Motsoalle oa Jehova, eaba ba e shebella ba le babeli. Ka mor’a beke, ha ’mè oa bona a hloekisa ntlo, o ile a fumana hore lebokose le ka tlas’a bethe ha le na letho haese toy e le ’ngoe feela ea koloi. O ile a re ho bashanyana bao, “Li-toy li kae?” Eaba ba re, “Re li lahlile hobane Jehova ha a li batle.” Ha bana ba bang ba bapala ka li-toy tse khothalletsang ntoa, Isaac o re ho bona: “Le se ke la bapala ka li-toy tseno. Jehova ha a li batle!”

Croatia: Lipina tsa ’Muso li ama bana maikutlo