Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Leeto le Monate le Bontšang Histori ea Lipaki Tsa Jehova

Leeto le Monate le Bontšang Histori ea Lipaki Tsa Jehova

Ka October, 2012 Brooklyn, New York ho ile ha buloa sebaka seo batho ba ka bonang histori ea Lipaki Tsa Jehova ho sona. Sebakeng sena batho ba ka bona likotsi le mathata ao Bakreste ba fetileng ho ’ona ha ba leka ho etsa seo Jesu a se rutileng.

Bekeng ea pele feela, batho ba fetang 4 200 le litho tsa lelapa la Bethele ba ile ba tla bona sebaka sena. Morali’abo rōna ea bitsoang Naomi, ea lulang haufi le sebaka sena, o ile a se etela hang ka mor’a hore se buloe. O ile a re: “Tsela eo liketsahalo li thathamisitsoeng ka eona sebakeng seo e ile ea nthusa hore ke utloisise hore na ke hobane’ng ha li etsahetse ka tsela eo le ka nako eo. Ke ithutile lintho tse ngata ka mokhatlo oa rōna le ka histori ea oona ea kajeno.”

 Liketsahalo tse bontšoang sebakeng sena li qala ka selemo sa 33 C.E. ’me li tsoela pele ho fihlela kajeno. Liketsahalo tsena li hlophisitsoe ka likarolo tse ’nè. Karolo ka ’ngoe e na le sehlooho sa Mangolo, ’me e kenyelletsoa ka video e khutšoanyane ea Senyesemane, e nang le mantsoe a e hlalosang ka lipuo tse supileng.

Karolo ea pele e nang le sehlooho se reng, “Batho ba Ratile Lefifi,” e thehiloe mantsoeng a Jesu a ho Johanne 3:19. Bibele e boletse esale pele hore ka mor’a lefu la baapostola, ho ne ho tla hlaha batho ba khopo ba neng ba tla ‘bua lintho tse sothehileng.’ (Lik. 20:30) Batho ba neng ba sa lumellane le maikutlo ao ba ne ba hlokofatsoa.

Karolo ea bobeli e fapane hōle le ea pele kaha sehlooho sa eona se re, “Leseli le ke le Khanye” ’me sona se thehiloe ho 2 Bakorinthe 4:6 ’me se bontša liketsahalo tsa karolo e qetellang ea lilemo tsa bo-1800 ha liithuti tsa Bibele li ne li qala  ho ithuta Bibele. Li ile tsa lahla lithuto tseo e seng tsa Bibele tseo e leng khale li li lumela ’me ka sebete tsa bolela ’nete eo li e fumaneng. Karolo ena e bontša kamoo palo ea Lipaki le tsebo ea tsona e ileng ea eketseha kateng pele ho Ntoa ea I ea Lefatše.

Kamoreng e latelang ho bontšoa e ’ngoe ea lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li li entseng, eo li ntseng li e rata ho fihlela lena le holimo. Ka 1914 Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo) li ile tsa qala ho bontša “Photo-Drama of Creation.” Batho ba limilione ba ile ba bona baesekopo ena e neng e boetse e na le linepe ebile e na le mantsoe a rekotiloeng. Baesekopo ena e boetse e bontša litšoantšo tse takiloeng tse neng li le baesekopong ena qalong, video e khutšoanyane feela ea baesekopo ena le li-slide tsa ’mala tse fetang 500.

 Sehlooho sa karolo ea boraro se re ‘Drakone ea Halefa,’ ’me se thehiloe ho Tšenolo 12:17 e hlalosang kamoo Satane a hlorisang balateli ba Kreste kateng. Karolong ena ho totobatsoa kamoo Lipaki Tsa Jehova li sa kang tsa tšehetsa ntoa. E le hore batho ba utloisise litšoantšo tsena, ho entsoe livideo tse khutšoanyane tse bontšang kamoo Lipaki Tsa Jehova tse neng li hana ho kena sesoleng li neng li hatelloa kateng. Batho bana ba akarelletsa Remigio Cuminetti oa Italy ea ileng a hana ho apara junifomo ea sesole le ho loana Ntoeng ea I ea Lefatše. Video e ’ngoe e bua ka Alois Moser oa Austria. O ile a hana ho re “Heil Hitler” eaba o lelekoa mosebetsing ’me qetellong a isoa kampong ea mahloriso ea Dachau. Sele e lerootho e tšoanang le tseo ba neng ba koalloa ho tsona e bontša hore boemo ba Lipaki Tsa Jehova tse neng li koaletsoe literonkong tsa Greece, Japane, Poland, Yugoslavia ea mehleng le libakeng tse ling e ne e le bo hlobaetsang.

Karolo ea ho qetela e na le sehlooho se reng, “Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho ba Lichaba Tsohle,” e thehiloe ho Tšenolo 14:6 ’me e bontša mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova lilemong tsa morao tjena. Litšoantšo tse leboteng li bontša hore li eketseha ka sekhahla, li paka li sa phetse ebile lia ratana. Qetellong ho na le lik’homphieutha tsa touch screen tseo ho tsona baeti ba ka hlahisang Bible House le Brooklyn Tabernacle, e leng libaka tseo Lipaki Tsa Jehova li li sebelisitseng lilemong tse fetang 100 tse fetileng.

Sebaka sena se 25 Columbia Heights Brooklyn, New York. Ho buloa ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano, ka 8:00 hoseng ho fihlela ka 5:00 thapama ’me ho kenoa mahala. Haeba u ka ba New York City, re kōpa hore u tle u tl’o bona histori ea Lipaki Tsa Jehova.