Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Litlaleho tse Tsoang Lefatšeng Lohle

Litlaleho tse Tsoang Lefatšeng Lohle

Mapolesa a Ile a Thusa ho Laolla Litene

Ka lilemo tse 13 Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tšoarela likopano mohahong o tsofetseng oo e neng e le feme ea veine toropong ea Kutaisi, e leng e ’ngoe ea litoropo tse khōlō Rephabliking ea Georgia. Li ne li iketsetsa marulelo ka lipolasetiki tse khōlō hore li se ke tsa koloba. Hona joale barab’abo rōna ba na le Holo ea ’Muso ea boemo bo botle eo ba khonang ho e atolosa ha ba e-na le likopano tse khōlō le tse nyenyane. Ha ba ntse ba e haha, baithaopi ba 50 ba ne ba laolla litene tsa samente terakeng eaba mapolesa aa fihla ho tla bona hore na ho etsahala’ng. Mapolesa a ile a khahloa ke thabo le mafolofolo  a basebetsi, a ba babatsa a ba a ba thusa ho laolla litene. A ile a bolella barab’abo rōna hore ba a letsetse haeba ho ka ba le motho ea ba tšoenyang. Mapolesa a ile a tšepisa hore a tla ba teng kopanong ea pele e tla tšoareloa Holong ena e ncha ea Kopano.

O Ile a Rekisa Baesekele ea Hae

Moholo e mong oa Burundi ea bitsoang Malachi o ne a iphelisa ka ho lema raese le cassava ebe o rekisa mekotla ea raese a e laetse baesekeleng. Hore a thuse kahong ea Holo ea ’Muso, o ile a etsa qeto ea ho ba teng letsatsi le leng le le leng. E le hore a etse seo, ho ne ho hlokahala hore a be le chelete ea ho hlokomela lelapa likhoeling tseo tse peli. Kahoo, o ile a rekisa baesekele ea hae eaba o fa mosali oa hae chelete e ’ngoe bakeng sa litlhoko tsa lelapa, ’me e ’ngoe a e kenya ka lebokoseng la monehelo hore e lefelle litšenyehelo tsa ho haha. Ka lebaka lena, bahlanka ba kaho ea Liholo Tsa ’Muso ba ile ba mo koetlisa hore e be sehahi se hloahloa. Ka mor’a hore kaho ea Holo ea ’Muso e fele, batho ba ile ba lemoha hore o na le bokhoni ba ho haha eaba o fumana mosebetsi. Hona joale Malachi o itheketse baesekele e ’ngoe!

Ba Ile ba ba le Moea oa ho Thusa

Malawi: Ho haha Liholo Tsa ’Muso metseng ea mahaeng ke bothata bo boholo. Selemong se fetileng sa tšebeletso ho ile ha hahoa holo e ’ngoe sebakeng seo litsela li leng mpe ka ho fetisisa. Barab’abo rōna ba tsoang ofising ea lekala ba ile ba isa thepa ea mohaho ka livene tsa 4x4. Barab’abo rōna ba moo ba re batho ba motse ba ne ba thahasella mosebetsi ona haholo. Batho bao e seng Lipaki ba ile ba ithaopela ho thusa ’me ba sebetsa ho fihlela bosiu bo boholo ba ntse ba laolla lehlabathe, majoe, mekotla ea samente le masenke. Ha e le hantle, ka linako  tse ling batho bao e seng Lipaki ba ne ba e-ba bangata ho feta Lipaki! Ba ile ba khahloa ke boiteko ba Lipaki Tsa Jehova ba ho haha libaka tsa borapeli tse hlomphehang libakeng tsa mahaeng eaba ba ithaopela ho thusa.

Bana ba Ile ba Rekisa Lipompong

Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Côte d’Ivoire ba ithuta Bibele le banyalani ba buang puo ea Sebete ba nang le bana ba leshome. Ka May 2013 ho ne ho tla tšoaroa kopano ea pele ea Sebete toropong ea Daloa, ’me litho tsohle tsa lelapa li ne li batla ho ba teng. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore ba lefe 800 CFA (R16.00) motho ka mong, ’me ntate o ne a sa khone ho lefella lelapa lohle. Kaha o ne a ikemiselitse hore lelapa lohle le ee, o ile a loha leano. A fa morali oa hae e moholo 300 CFA (R6.00) hore a rekise lipompong. Morali eo o ile a li rekisa eaba o fumana chelete e lekaneng hore a itefelle ho ea kopanong. Ntate o ile a etsa se tšoanang ka bana ba bang ho fihlela ba itefelletse kaofela. Qetellong, ba ile ba ea le batho ba bang kopanong. Ho mamela lenaneo ka puo ea bona ho ile ha ba thabisa haholo!