Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Oceania

Oceania
  • PALO EA LINAHA 29

  • PALO EA BAAHI 40 208 390

  • PALO EA BAHOELETSI 97 583

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 64 675

Ba Siela Batho Liphutheloana Tsa Lingoliloeng

Litaba tse molemo li boleloa ka seoelo lihlekehlekeng tse ngata tsa Micronesia, kahoo bahoeletsi ba Marshall Islands ba ile ba nka leeto la libeke tse peli ka sekepe ho ea sebakeng seo. Ha ba tloha sehlekehlekeng sa Majuro, ba ile ba fihla sehlekehlekeng sa Wotje le sa Ormed.

E le hore bahoeletsi bao ba bolelle batho ba bangata kahohle kamoo ba ka khonang, pele ba tloha ba ile ba etsa liphutheloana tsa lingoliloeng. Sephutheloana ka seng se ne se e-na le limakasine tse ’nè le libukana tse peli. Kaha ba ne ba sa tsebe hore na ba tla khutlela neng lihlekehlekeng tseo, ba ile ba fa batho ba thahasellang sephutheloana sa lingoliloeng ’me ba ba khothalletsa hore ba li bale le ba lelapa le metsoalle. Leetong leo la libeke tse peli, bahoeletsi bao ba ile ba tsamaisa libukana tse 531, limakasine tse 756 le libuka tse 7.

“Rea Leboha ha u sa re Lebala”

Ka February 2014, bahoeletsi ba tšeletseng ba Papua New Guinea ba ile ba nka leeto la matsatsi a leshome ho ea bolela litaba tse molemo metseng e Sehlekehlekeng sa Karkar. Ba ile ba fumana batho ba bangata ba thahasellang ’me ba tsamaisa lingoliloeng tse 1 064. Morali’abo rōna ea bitsoang Relvie o re: “Letsatsing la pele, hora ea boraro e ile ea otla re ntse re le tšimong. Re ne re feletsoe ke metsi, re khathetse ke ho bua ’me melomo ea rōna e omeletse. Ke ne ke ntse ke buisana le ngoanana e mong, ke batla ho mo balla lengolo la Bibele empa ke ne ke nyoriloe hoo ke ileng ka hlōleha. Eaba o mpha metsi.”

Bosiung ba mohla ba tla tsoha ba tsamaea, ho ile ha e-ba le seboka se seholo sa motse ’me le baruti ba le teng. Relvie o re: “Ke ne ke ikutloa joaloka Setefane ha a ne a lokela ho emela ’nete ka lekhotleng la Sanhedrine, empa phapang feela ke hore bamameli ba rōna ba ne ba se mabifi.” Ka mor’a hore bahoeletsi bao ba tšeletseng ba bue, motsamaisi oa sekolo sa Sontaha sa kereke ea Lutere o ile a ema ’me a re o leboha nkhono oa hae eo e neng e le e mong oa bahoeletsi bao ka hore ebe o tliselitse batho ba habo ’nete. O ile a re: “Seo u se entseng se tšoana le seo mosali oa Mosamaria a ileng a se etsa ha a bolella ba habo litaba tse monate tseo a li utloileng ho Jesu. Rea leboha ha u sa re lebala.”

O sa le Monyenyane Haholo Hore a ka Bua ka Molimo

Kiribati: Teariki le Tueti

Hoseng ho hong, Teariki e leng moshanyana ea lilemo li supileng oa sehlekehlekeng sa Tarawa se naheng ea Kiribati, o ne a sebetsa tšimo le ntate oa hae Tueti eaba ba kena ntlong eo ho neng ho na le sehlopha sa bacha ba ka bang leshome ba lilemo li ka bang 20. Ka mor’a hore Tueti a ba bolelle litaba tse molemo, e mong oa bona o ile a re ho eena: “Rea hlokomela hore kaofela ha lōna le tsamaea le bana ba lōna ha le ntse le bua le batho ka Bibele. Ke hobane’ng ha le tsamaea le bona? Ba sa le banyenyane haholo hore ba ka bua ka Molimo.”

Tueti o ile a re: “Le batla ho ikutloela ha a bua ka Molimo? Nka ’na ka ema ka ntle, a ipuelle.” Bacha bao ba ile ba re: “E, re batla ho ikutloela.”

Ka mor’a hore a tsoe, Teariki o ile a re ho bacha bao: “Lebitso la Molimo ke mang?”

E mong o ile a re: “Ke Jesu!” E mong a re: “Ke Molimo.” Eaba e mong o re: “Ke Morena.”

Teariki a re: “A re utloeng hore na Bibele e re’ng. Ke kōpa re bale Esaia 42:5.” Ka mor’a hore a bale lengolo leo, o ile a ba botsa a re: “Ke mang eo ho buuoang ka eena lengolong lee?”

Ngoanana e mong o ile a re: “Ho buuoa ka Molimo.” Teariki a re: “E, ho buuoa ka Molimo oa ’nete. Temana ea 8 e re: ‘Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka.’ E re lebitso la Molimo ke mang?”

Bacha bao ba ile ba re: “Ke Jehova.”

Ba sa ntse ba mametse joalo, Teariki a re: “Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo e leng Jehova? Re ka fumana karabo ho Liketso 2:21. E re: ‘E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.’ E re ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo?”

Ngoanana e mong o ile a re: “E re re tla pholoha.”

Eaba ntate oa Teariki o khutlela ka tlung. O ile a ba botsa a re: “Na le nahana hore bana ba rōna ba khona ho bua ka Molimo? Na le bona eka ho lokile hore re tsamaee le bona?” Ba ile ba ba ntsoe-leng hore bana ba na le bokhoni ba ho bua ka Molimo le hore ho nepahetse hore ba etse mosebetsi oa boboleli. Eaba Tueti o re: “Le lōna le ka bua le batho ka Bibele joaloka Teariki haeba le ka ithuta eona.”

Litaba Tse Molemo li Boleloa Motseng o ka Holim’a Thaba

Ka November 2013, Jean-Pierre ea sebetsang ofising ea phetolelo e Port-Vila naheng ea Vanuatu, o ile a ea kopanong ea potoloho sehlekehlekeng sa habo. Ha a fihla boema-fofane, batho ba thahasellang ba tsoang ka boroa ho sehlekehleke seo, ba ile ba kōpa hore a ba fe lingoliloeng. O ile a tsamaisa hoo e ka bang limakasine tsohle tseo a neng a li nkile. Eaba moruti e mong le eena o kōpa hore a mo fe lingoliloeng. Moruti eo o ile a mo kōpa ka tieo hore a ee motseng oa habo ’me a re: “Re hloka ho rutoa Bibele. Re kōpa o re etele o tl’o araba lipotso tsa rōna.” Ka Mantaha oa ka mor’a kopano, Jean-Pierre o ile a tsamaea esale hoseng ho leba motseng oo o ka holim’a thaba. Qetellong o ile a fihla ho oona. Ka mor’a hore baahi ba motse oo ba mo amohele ka mofuthu, o ile a buisana le bona ka pampitšana ea “Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?” O ile a kōpa batho ba ka bang 30 ba neng ba mo mametse ka hloko hore ba phetle Libibele tsa bona ha a ntse a bala ho ea hae. Puisano eo e ile ea nka lihora tse ka bang tse supileng. Ka sebele baahi ba motse oo ba ne ba hloka ho rutoa Bibele! Ntate-moholo ea lilemo li 70 o ile a re: “Haesale e le ’na, ke qala ho utloa tlhaloso e hlakileng hakana mabapi le bafu!”

Jean-Pierre o ile a robaletsa motseng oo. O ne a robetse ka kamoreng e le ’ngoe le moruti. Ha a tsoha a fumana moruti a ntse a bala e ’ngoe ea limakasine tsa rōna. O ile a mo botsa hore na makasine oo o bua ka eng. Ka thabo moruti a re o bua ka ’Muso oa Molimo. O ile a lumela hore ’Muso oa Molimo ha o ka lipelong tsa Bafarisi bao Jesu a ileng a ba khalemela lengolong la Luka 17:21. O ile a etsa qeto ea hore ’Muso oa Molimo o ke ke oa e-ba ka lipelong tsa batho joalokaha kereke ea hae e rialo. Le hoja Jean-Pierre a se a khutletse Port-Vila, o tsoela pele ho buisana le bona ka fono. Barab’abo rōna ba bararo ba tsoang phuthehong e haufi le motse oo, ba ile ba ithaopela ho tšoarela Sehopotso motseng oo ’me batho ba 109 ba e-ba teng!

Vanuatu