Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Seboka se Seholo ka ho Fetisisa sa Lipaki Tsa Jehova

Seboka se Seholo ka ho Fetisisa sa Lipaki Tsa Jehova

KA Moqebelo, oa la 5 October, 2013, batho ba ka bang 257 294 linaheng tse 21 ba ile ba e-ba teng kapa ba shebella Inthaneteng seboka sa selemo le selemo sa bo129 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Hamorao hona mafelo-bekeng ao, Lipaki tse ling li ile tsa shebella lenaneo leo ha le phetoa. Ka kakaretso batho ba bileng teng kapa ba shebella lenaneo leo e bile ba 1 413 676 linaheng tse 31, ’me seo ke seboka se seholo ka ho fetisisa seo Lipaki Tsa Jehova li kileng tsa se tšoara ho tla fihlela joale.

Ho tloha ka bo-1920, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hasa likopano li sebelisa thelefono kapa liea-le-moea. Hona joale Inthanete e etsa hore ho be bonolo hore esita le batho ba lulang libakeng tse hōle ba mamele ba be ba bone liketsahalo ka kotloloho kapa nakoana ka mor’a hore li etsahale.

Basebeletsi ba liofisi tse sa tšoaneng tsa lekala ba ’nile ba sebetsa nako e fetang selemo ho lokisetsa khaso ena. Mafelo-bekeng ao ka oona ho neng ho hasoa lenaneo la seboka seo sa selemo le selemo, bo-ramechine ba ne ba laola khaso ba le liphaposing tsa khaso tse Brooklyn, New York, ’me ba ile ba sebetsa bosiu le motšehare kaha lenaneo le ne le shebeletsoe ke batho ba libakeng tseo linako tsa tsona li sa tšoaneng.