Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

ARMENIA E fa Batho Bao Letsoalo la Bona le sa ba Lumelleng ho Kenela Tšebeletso ea Sesole Bolokolohi ba ho Etsa Mesebetsi e Meng ea Sechaba

Armenia: ’Muso o laela barab’abo rōna ba bang ho etsa mosebetsi oa sechaba libakeng tse hōle. Ba etsa mosebetsi oa boboleli ka cheseho ha ba le moo

Ka 2013, ’muso oa Armenia o ile oa fa Lipaki Tsa Jehova bolokolohi ba ho ikhethela ho etsa tšebeletso ea sechaba ho e-na le ho kenngoa teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Ka January 2014, ofisi ea lekala e ile ea tlaleha hore barab’abo rōna ba 71 ba qalile ho etsa mesebetsi ea sechaba ho e-na le ho lula teronkong. Ka mohlala, bara ba bang babo rōna ba sebetsa likichineng kapa ba thuse baoki lipetlele. Baokameli ba lenaneo lena ba ’nile ba babatsa barab’abo rōna ka ho ikitlaetsa le ho sebetsa ba thabile le hoja ba fuoa mosebetsi o boima. Barab’abo rōna ba thabela hore ebe ba fuoe bolokolohi ba ho khetha ho etsa mosebetsi oa sechaba ho e-na le ho hatella matsoalo a bona. * Mora e mong oabo rōna o ile a re: “Re leboha Jehova ka hore hona joale re na le bolokolohi ba ho ikhethela ho etsa mosebetsi oa sechaba, kaha seo se re thusa hore re se ke ra etsa mesebetsi e amanang le sesole ebile se re fa bolokolohi ba ho mo sebeletsa.”

DOMINICAN REPUBLIC E Amohela Lenyalo la Pele le Ngolisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

Ka 1954, ’muso oa Dominican Republic o ile oa tekena selekane le Mopapa se ileng sa etsa hore Kereke e K’hatholike e be eona feela e lumeletsoeng ho ngolisa manyalo. Banyalani ba ne ba ka khetha ho ngolisa lenyalo la bona Kerekeng e K’hatholike kapa ho Monyalisi oa ’muso. Leha ho le joalo, ka 2010, ’muso o ile oa etsa molao o mocha o lumellang baemeli ba tšoanelehang ba malumeli a mang ho ngolisa lenyalo. ’Muso o ile oa koetlisa batho bohle ba batlang ho etsa mosebetsi ona. Ofisi ea lekala ea Dominican Republic e ile ea khetha baholo bo 30 hore ba e’o koetlisoa, ’me har’a batho ba 2 000 ba neng ba entse likōpo, ke ba 32 feela ba ileng ba lumelloa. Leha ho le joalo, barab’abo rōna bohle ba 30 ba ile ba fuoa tumello ea ho ngolisa manyalo a Lipaki.

INDIA Ba Ikemiselitse ho Paka ka Sebete

Mora le Morali oabo rōna Muniswamy

Ka la 27 January, 2014, K’homishene ea ’Muso ea Litokelo Tsa Botho e ile ea etsa qeto ea hore Mookameli oa Seteishene sa Mapolesa sa Old Hubli, Karnataka o hataketse litokelo tsa botho tsa Mor’abo rōna Sundeep Muniswamy, kaha ha aa ka a mo sireletsa ha a ne a hlaseloa ke lequloana ka la 28 June, 2011. K’homishene eo ile ea re Mookameli oa Seteishene ke eena ea hataketseng litokelo tsa botho tsa Mor’abo rōna Muniswamy, ’me ea laela ’muso oa Karnataka hore o mo khalemele le hore Mor’abo rōna Muniswamy a fuoe matšeliso a Liranta tse 3 600. K’homishene e ile ea boela ea laela ’muso hore o hule chelete ea matšeliso moputsong oa Mookameli eo.

Mor’abo rōna Muniswamy o ile a re eena le ba lelapa la hae ba leboha Jehova haholo ka qeto eo ea K’homishene, ’me ba ikemiselitse ho tsoela pele ba bolela litaba tse molemo ka sebete. Qeto eo e matlafalitse tumelo ea barab’abo rōna haholo ebile e ba kholisitse hore Jehova o na le matla a ho sireletsa bahlanka ba hae. E boetse e fane ka temoso e matla ho bahlanka ba ’muso ba Karnataka hore ba hlomphe litokelo tsa botho tsa Lipaki Tsa Jehova. Ho boetse ho na le nyeoe e ’ngoe makhotleng a linyeoe e sa ntseng e lokela ho buuoa e khahlanong le Mor’abo rōna Muniswamy hammoho le mora e mong oabo rōna e amanang le ketsahalo eo.

KYRGYZSTAN Lekhotla le Phahameng la Molao oa Motheo le Tšehetsa Qeto ea Hore Batho ba na le Tokelo ea ho Hana ho Kenela Tšebeletso ea Sesole ka Lebaka la Letsoalo

La 19 November 2013, e bile letsatsi la bohlokoa ho batho ba sa batleng ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo la bona. Lekhotla lena le Phahameng la Molao oa Motheo le ile la liha kahlolo linyeoeng tse 11 tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me la re qeto ea ’muso oa Kyrgyzstan ea hore batho ba sa batleng ho kenela tšebeletso ea sesole ba etse mesebetsi e meng e tšehetsang sesole ha e lumellane le molao oa motheo. Molao oa Kyrgyzstan o ne o re batho ba etsang mosebetsi ea sechaba ho e-na le ho kenela tšebeletso ea sesole ba lokela ho ntša chelete e itseng ho tšehetsa sesole. Molao o ne o boetse o re ba lokela ho ingolisa sesoleng ha nako eo ba e behetsoeng ea ho etsa mosebetsi oa sechaba e fela. Lekhotla la Molao-motheo le ile la etsa qeto ea hore ho qobella batho ba sa batleng ho kenela tšebeletso ea sesole hore ba se tšehetse ka chelete le hore ba ingolise ha nako eo ba e behetsoeng e fela, ke ho ba amoha tokelo ea borapeli. Mathoasong a 2014, Lekhotla le Phahameng la Kyrgyzstan le ile la amohela kahlolo eo ea Lekhotla la Molao oa Motheo ’me la lokolla Lipaki Tsa Jehova tse 14 tse neng li tšoeroe ho latela molao oa khale oa Kyrgyzstan. Qeto ena e entsoeng ka mor’a lilemo tse supileng, e fana ka bolokolohi ba borapeli ho batho ba sa batleng ho kenela tšebeletso ea sesole. Boikemisetso ba bara bana babo rōna ba bacha bo isa thoriso lebitsong la Jehova ebile bo entse hore batho ba Rephabliki ea Kyrgyz ba be le bolokolohi ba borapeli.

Kyrgyzstan: Lipaki tseo linyeoe tsa tsona li ileng tsa bueloa lekhotleng le Phahameng la Kyrgyzstan

NIGERIA “Jehova o Mputsitse”

Hangata Lipaki Tsa Jehova tsa profinseng ea Abia, Nigeria, li etsetsoa litšoso kapa li khesoe hobane li hana ho kena mekhatlo ea baahi *, kaha mekhatlo eo e atisa ho etsa liketso tse mabifi kapa ho sebelisana le meea. Hoseng ho hong ka November 2005, litho tsa mokhatlo oa baahi oa Asaga Ohafia li ile tsa itšohlometsa ha Mor’abo rōna Emmanuel Ogwo ’me tsa inkela thepa ea hae li re li mo patalla chelete ea ho ba setho. Eena le mosali oa hae ba ile ba sala ka liaparo tse ’meleng feela. Ka 2006, baahi ba ile ba leleka Mor’abo rōna Ogwo ha hae ba ba ba mo leleka motseng. Mora le Morali oabo rōna Ogwo ba ile ba balehela ha mor’abo rōna oa motseng o mong ’me a ba hlokomela. Le hoja Mor’abo rōna Ogwo a ile a khutlela ha hae selemong se latelang, litho tsa mokhatlo li ne li lula li mo khathatsa ka hore a kene mokhatlong oa tsona li bile li hana ho khutlisa thepa ea hae.

Qetellong ka la 15 April, 2014, Lekhotla le Phahameng la Profinse ea Abia le ile la liha kahlolo e reng Mor’abo rōna Ogwo o na le tokelo ea ho ikhethela bolumeli le metsoalle. Thepa ea mor’abo rōna Ogwo eo litho tsa mokhatlo li neng li inketse eona e ile ea khutlisoa, ’me baahi ha ba sa khesa Lipaki joaloka pele ebile hona joale barab’abo rōna ba Asaga Ohafia ba bolela litaba tse molemo ka bolokolohi.

Ha Mor’abo rōna Ogwo a bua ka mohla kahlolo e neng e baloa o re: “Ke ile ka tlōla ke thabo. Ke ne ke thabile hona hoo! Ke bona hore ke Jehova ea hlōtseng nyeoe ena le hore mangeloi a ne a ntšehelitse. Jehova o mputsitse.”

RUSSIA Lekhotla le Etsa Qeto e Sireletsang jw.org

Mathata a mangata a litaba tsa molao ao barab’abo rōna ba Russia ba thulanang le ’ona a “feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele” naheng eo. (Bafil. 1:12) Le hoja bahlanka ba bang ba ’Muso le baeta-pele ba bolumeli ba hanyetsa Lipaki Tsa Jehova ka matla, barab’abo rōna ba Russia ba lula ba tšepahala ’me Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba bona.

E ’ngoe ea linyeoe tseo re li hlōtseng e ne e tšoaretsoe motseng oa Tver’. Ka 2013, mochochisi oa lekhotla la linyeoe la Tver’ o ile a hlahlela boipiletso lekhotleng leo a batla hore Websaete ea jw.org e thibeloe Russia. Lekhotla le ile la etsa qeto e lumellanang le mochochisi eo le sa tsebisa baemeli ba Lipaki Tsa Jehova ka nyeoe eo. Barab’abo rōna ba ile ba utloa ka qeto eo ea lekhotla ’me ba ipiletsa. Ka la 22 January, 2014, boipiletso ba rōna bo ile ba atleha ’me ra hlōla nyeoe eo Lekhotleng la Setereke la Tver’. Re leboha Jehova le lithapelo tsa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara kaha hona joale boholo ba barab’abo rōna ba Russia bo fumana melemo e mengata ea moea ho jw.org.

TURKEY E Tsoela Pele ho Hatakela Tokelo ea Batho ba sa Batleng ho Kenela Tšebeletso ea Sesole

Bariş Görmez e leng Paki ea Jehova ea Turkey o ile a qeta lilemo tse ’nè a le teronkong hobane a hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Ha a ntse a le seleng masole a ne a mo sotla, a mo raha a bile a mo otla ka melamu. O ile a boela a hula ka thata ha a fihla seleng ea chankana. Kaha Mor’abo rōna Görmez o molelele haholo, o ne a sa felle betheng ea chankana, ka hona a tlameha ho robala a tšekaletse libetheng tse peli. Qetellong, baokameli ba chankana ba ile ba lumella barab’abo rōna ba phutheho e haufi ho mo fa materase a maholo.

Ka 2008, Mor’abo rōna Görmez le Lipaki tse ling tse tharo ba ile ba hlahlela boipiletso Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho, ba tletleba ka hore ’muso oa Turkey o hataketse tokelo ea bona ea borapeli ka ho ba qobella ho kenela sesole le hoja matsoalo a bona a sa ba lumelle. Ka la 3 June, 2014, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la lumellana le boipiletso ba bara bana babo rōna ba bane * ’me la laela ’muso oa Turkey ho ba lefa. Leo e ne le lekhetlo la boraro Lipaki Tsa Jehova li hlōla nyeoe khahlanong le ’muso oa Turkey lekhotleng lena. Le hoja ho se Lipaki Tsa Jehova tse teronkong hona joale, barab’abo rōna ba tla lokoloha ka ho feletseng mohla ’muso oa Turkey o hlomphang tokelo ea bona ea ho hana ho kenela sesole ka lebaka la letsoalo.

Khatelo-pele Litlalehong Tsa Nako e Fetileng

Azerbaijan: Mapolesa a tsoela pele ho hlasela barab’abo rōna ha ba le libokeng, a ba amoha lingoliloeng, aa ba tšoara ha ba etsa mosebetsi oa boboleli hape a hatakela litokelo tse ling tsa bona tsa botho. Ho feta moo, ’muso o hana ho boela o ngolisa Lipaki Tsa Jehova ka molao. Lipaki Tsa Jehova li qositse ’muso oa Azerbaijan ka makhetlo a 19 Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho ka taba ena. Ho sa tsotelle mathata ana, ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa barab’abo rōna ba Azerbaijan kaha bahoeletsi ba ntse ba eketseha. Ho lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Seazerbaijani ke lebaka le leng la thabo.

Eritrea: Barab’abo rōna ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le hoja ba hlorisoa ka sehlōhō naheng eo. Barab’abo rōna ba bararo e leng Paulos Eyassu, Isaac Mogos le Negede Teklemariam ba ile ba tšoaroa ka la 24 September, 1994, ’me e se e le lilemo tse 20 ba tšoeroe. Ba boholong Eritrea ba ile ba tšoara Lipaki tse 150 le batho ba thahasellang ba neng ba le Sehopotsong sa Lefu la Kreste ka la 14 April, 2014. E monyenyane ho ba tšoeroeng o ne a le selemo le likhoeli tse ’nè ha e moholo a le lilemo li fetang 85. Ba boholong ba ile ba boela ba tšoara Lipaki tse ling tse ka bang 30 le batho ba thahasellang ba neng ba le teng puong e khethehileng ka la 27 April, 2014. Leha ho le joalo, boholo ba bona bo se bo lokolotsoe.

Kazakhstan: Lefapha la ’muso la Litaba Tsa Bolumeli le hanela lingoliloeng tsa rōna tse 14 ho kena kapa ho ajoa naheng ea Kazakhstan. Ho feta moo, barab’abo rōna ba thibetsoe ho buisana le batho ka tumelo ea bona ha ba se libokeng, ’me ho tšoere barab’abo rōna ba ka bang 50 hobane ba belaelloa ka ho etsa mosebetsi oa boromuoa ka tsela e seng molaong. E le hore barab’abo rōna ba sireletse tokelo ea bona ea ho buisana le batho ka eng kapa eng eo ba batlang ho buisana le bona ka eona, ba hlahletse linyeoe tse 26 Komiting ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng.

^ ser. 1 Ho letsoalong la motho ka mong hore na o etsa mosebetsi ea sechaba kapa che.

^ ser. 1 Mokhatlo oa baahi oo ho buoang ka oona mona hangata ke oa batho ba batlang ba lekana ba lulang motseng o le mong.

^ ser. 2 Buldu and Others v. Turkey, No. 14017/08, June 3, 2014.