Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Lokisetsa Lichaba “Thuto ea Jehova”

Ho Lokisetsa Lichaba “Thuto ea Jehova”

“Motsamaisi oa profinse . . . ea e-ba molumeli, kaha o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.”—LIKETSO 13:12.

1-3. Ke hobane’ng ha ho ne ho se bonolo hore barutuoa ba Jesu ba bolele litaba tse molemo ho batho ba “lichaba tsohle”?

JESU KRESTE o ile a fa balateli ba hae mosebetsi o mongata. O ile a ba laela hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Ba ne ba lokela ho bolella batho ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’—Matheu 24:14; 28:19.

2 Barutuoa ba ne ba rata Jesu ba bile ba rata ho bolela litaba tse molemo. Empa mohlomong ba ile ba ipotsa, ‘Ke joang re ka etsang mosebetsi oo Jesu a re laetseng ho o etsa?’ Ntlha ea pele, ba ne ba fokola ka palo. Ba ne ba boetse ba ruta batho hore Jesu ke Mora oa Molimo, empa batho ba ne ba tseba hore Jesu o bolailoe. Ho feta moo, batho ba bangata ba ne ba nahana hore barutuoa ke “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba tsoa likolong tsa bolumeli, ha barutuoa bona ba ne ba sa ea ho tsona. ’Me molaetsa oo ba neng ba o bolela o ne o sa lumellane le lineano tsa Bajuda, tseo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba li rutile ka lilemo tse makholo. Kaha barutuoa ba ne ba sa hlomphuoe Iseraele, mohlomong ba ile ba ipotsa hore na ho na le motho ea tla ke a ba mamele ’Musong o matla oa Roma.

3 Jesu o ne a lemositse barutuoa ba hae hore ba tla hlouoa, ba hlorisoe le hore ba bang ba bona ba tla bolaoa. (Luka 21:16, 17) Ba ne ba tla ekoa ke metsoalle le litho tsa malapa a bona. Hape, batho ba bang ba ipitsang barutuoa ba Kreste ba ne ba tla ruta mashano. Barutuoa ba ne ba tla bolela libakeng tse tletseng tlōlo ea molao le pefo. (Matheu 24:10-12) Empa ke joang ba neng ba tla bolela “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše”? (Liketso 1:8) E tlameha ebe barutuoa ba ile ba ipotsa hore na ba tla etsa mosebetsi oo joang har’a mathata ana ’ohle.

4. Mosebetsi oa boboleli o ile oa hlahisa litholoana life?

4 Le hoja barutuoa ba ne ba tseba hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa mosebetsi oo, ba ile ba mamela taelo ea Jesu ’me ba bolela Jerusalema, Samaria le linaheng tse ling. Ka mor’a lilemo tse ka bang 30, ba ne ba ile libakeng tse ngata hoo moapostola Pauluse a ileng a re ba ‘boletse litaba tse molemo pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ ’Me batho ba lichaba tse ngata e ile ea e-ba barutuoa. (Bakolose 1:6, 23) Ka mohlala, ha Pauluse a ntse a paka sehlekehlekeng sa Cyprase, ’musi e mong oa Moroma kapa motsamaisi oa profinse e ile ea e-ba morutuoa, kaha “o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.”—Bala Liketso 13:6-12.

Jesu o ile a tšepisa hore o tla ba le barutuoa ba hae le hore moea o halalelang o tla ba thusa

5. (a) Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae eng? (b) Buka e ’ngoe ea histori e re’ng ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?

5 Barutuoa ba ne ba tseba hore ba ke ke ba bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle ka matla a bona. Leha ho le joalo, ba ne ba tseba hore Jesu o tšepisitse hore o tla ba le bona le hore moea o halalelang o tla ba thusa. (Matheu 28:20) Mohlomong ho na le lintho tse ling tse ileng tsa thusa barutuoa. Ha e le hantle, buka e ’ngoe ea histori e hlalosa hore e ka ’na eaba nako e molemo ka ho fetisisa ea hore Bakreste ba qale ho bolela e bile lekholong la pele la lilemo le hore hamorao Bakreste ba ile ba hlokomela hore Molimo o ba lokiselitse tsela.

6. (a) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

6 Na Jehova o ile a fetola maemo a lefatše lekholong la pele la lilemo e le hore Bakreste ba ka khona ho etsa mosebetsi oa boboleli? Bibele ha e hlalose seo. Empa rea tseba hore Jehova o ne a batla hore batho ba hae ba bolele litaba tse molemo le hore Satane o ile a hlōleha ho ba thibela. Sehloohong sena, re tlil’o tšohla lintho tse ling tseo e ka ’nang eaba li ile tsa nolofalletsa barutuoa ho bolela lekholong la pele la lilemo. Ho se latelang, re tla tšohla lintho tse ling tse re thusang ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle kajeno.

KHOTSO EA ROMA

7. Khotso ea Roma ke eng, hona ke’ng e ikhethang ka eona?

7 Lekholong la pele la lilemo, khotso e neng e rena ’Musong oa Roma e ile ea nolofalletsa barutuoa ho bolela. Nako eo e bitsoa Khotso ea Roma, kapa Pax Romana ka Selatine. Nakong eo, ’muso oa Roma o ile oa thibela borabele leha e le bofe. Ke ’nete hore ho ne ho ntse ho e-na le lintoa, feela joalokaha Jesu a ne a profetile hore li tla ba teng. (Matheu 24:6) Baroma ba ile ba timetsa Jerusalema ka 70 C.E., ’me ba loana lintoa tse ling haufi le moeli oa sebaka sa bona. Empa libakeng tse ngata tseo ba neng ba busa ho tsona ho ne ho e-na le khotso, kahoo barutuoa ba khona ho tsamaea le ho bolela litaba tse molemo ka bolokolohi. Khotso ena e ile ea nka lilemo tse ka bang 200. Buka e ’ngoe e re ha ho e-s’o ka ho ba le nako e telele joalo ea khotso historing ea batho.

8. Khotso ea Roma e ile ea thusa barutuoa joang?

8 Lilemo tse ka bang 250 ka mor’a lefu la Kreste, setsebi se seng se bitsoang Origen se ile sa ngola ka nako eo ea khotso. Se re kaha Baroma ba ne ba busa linaheng tse ngata, seo se ile sa nolofalletsa barutuoa ho paka ho tsona kaofela. Batho ba ne ba sa loanele ho sireletsa linaha tsa habo bona, empa ba ne ba iphelela ka khotso. Kahoo Origen o nahana hore sena se ile sa fa batho ba bangata monyetla oa hore ba mamele litaba tse molemo tse mabapi le lerato le khotso, tseo barutuoa ba neng ba li ruta. Le hoja barutuoa ba ne ba hlorisoa, ba ile ba sebelisa nako eo ea khotso hamolemo ’me ba phatlalatsa litaba tse molemo hohle.—Bala Baroma 12:18-21.

HO BA BONOLO HO FIHLA LIBAKENG TSE SA TŠOANENG

9, 10. Ke lintho life tse ling tse ileng tsa nolofalletsa barutuoa ho fihla libakeng tse sa tšoaneng?

9 Baroma ba ne ba entse litsela tse neng li hokahanya likarolo tse ngata tsa ’muso oa bona, tse bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 80 000. Litsela tsena li ne li nolofalletsa masole a lebotho le matla la Baroma ho fihla sebakeng leha e le sefe ka potlako ho ea sireletsa naha ea habo ’ona le ho boloka lintho li le taolong. Bakreste ba ne ba sebelisa litsela tsena tse neng li feta har’a meru, mahoatateng le lithabeng ha ba il’o bolela libakeng tse ngata.

Litsela tseo Baroma ba ileng ba li etsa li ile tsa nolofalletsa barutuoa ho bolela libakeng tse ngata

10 Baroma ba ne ba boetse ba tsamaea ka likepe. Ba tsamaea ka tsona linōkeng le likanaleng ba bile ba ea likoung tse makholo ho pholletsa le ’muso oa bona. Ha e le hantle, Baroma ba ne ba sebelisa litsela tse fetang 900 leoatleng. Kahoo Bakreste le bona ba ne ba ka ea libakeng tse ngata ka likepe. Ba ne ba sa hloke litokomane tsa molao, tse kang liphasepoto, ha ba ea linaheng tse ling. Ho ne ho boetse ho se na linokoane tse ngata, kaha li ne li tseba hore Baroma ba fana ka kotlo e boima ho litlokotsebe. ’Me kaha ho ne ho e-na le likepe tse ngata tsa masole a Baroma, baeti ba ne ba sa tšohe hore ba tla hlaseloa ke masholu. Le hoja Bibele e re Pauluse o ile a tsamaea ka likepe tse ileng tsa soahlamana le hore ka linako tse ling o ne a ba kotsing, ha ho moo e reng o ile a hlaseloa ke masholu leoatleng. Kahoo ho tsamaea tseleng le ka sekepe ho ne ho batla ho sireletsehile.—2 Bakorinthe 11:25, 26.

PUO EA SEGERIKE

Ho ne ho le bonolo ho fumana lengolo ka bukeng (Sheba serapa sa 12)

11. Ke hobane’ng ha barutuoa ba ile ba sebelisa Segerike?

11 Baroma ba ne ba busa libaka tse ngata tseo pele li neng li hapiloe ke ’musi oa Mogerike ea bitsoang Alexandere e Moholo. Kahoo batho ba libakeng tseo ba ne ba ithutile Segerike se tsejoang ka hore ke Sekoine. Ka lebaka leo, barutuoa ba ne ba khona ho ba pakela ka puo eo. Ba ne ba bile ba khona ho ba qotsetsa Mangolong a Seheberu, kaha a ne a se a fetoletsoe ka Segerike. Batho ba bangata ba ne ba tseba phetolelo ena, e bitsoang Septuagint, e fetoletsoeng ke Bajuda ba neng ba lula Egepeta. Bangoli ba Bibele le bona ba ile ba sebelisa Segerike ho ngola libuka tse ling tsa Bibele. Segerike se na le mantsoe a mangata, kahoo se ile sa thusa tabeng ea ho hlalosa linnete tse tebileng tsa Bibele. Se ile sa boela sa nolofalletsa liphutheho ho buisana le hore li momahane.

12. (a) Codex ke eng, hona ke hobane’ng ha ho ne ho le bonolo ho e sebelisa ho feta meqolo? (b) Bakreste ba bangata ba qalile ho sebelisa libuka neng?

12 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sebelisa’ng ho ruta batho Bibele? Qalong, ba ne ba sebelisa meqolo. Empa ho ne ho se bonolo ho e sebelisa kapa ho e nka. Nako le nako ha Bakreste ba ne ba batla temana e itseng, ba ne ba tlameha ho o phutholla ebe ha ba qeta baa o phutha. Ka tloaelo, meqolo e ne e ngoloa ka lehlakoreng le le leng feela. Kosepele ea Matheu e ne e tletse moqolo oohle. Ha nako e ntse e ea, batho ba ile ba qala ho sebelisa buka ea codex. ’Mali o ne a ka phetla buka eo habonolo ho fumana lengolo leo a le batlang. Bo-rahistori ba re Bakreste ba ile ba qala ho sebelisa libuka tseo hang-hang, ’me ka mor’a lilemo tse ka bang 100, boholo ba bona ba ne ba se ba li sebelisa.

MOLAO OA BAROMA

13, 14. (a) Kaha Pauluse e ne e le moahi oa Roma o ile a sireletsoa ho eng? (b) Bakreste ba ile ba rua molemo joang molaong oa Baroma?

13 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba rua molemo molaong oa Baroma. Ka mohlala, Pauluse e ne e le moahi oa Roma, ’me molao o ne o atisa ho mo sireletsa maetong a hae. Ha masole a Baroma a mo tšoara Jerusalema ’me a batla ho mo shapa, o ile a a bolella hore ke moahi oa Roma. O ile a hopotsa molaoli oa ’ona hore moahi oa Roma ha aa lokela ho shapuoa pele a qosoa. Kahoo “banna ba neng ba le haufi le ho mo hlahloba ka ho mo hlokofatsa ba tloha ho eena; ’me molaoli oa sesole a tšoha ha a fumana hantle hore [Pauluse] ke Moroma le hore o ne a mo tlamile.”—Liketso 22:25-29.

Bakreste ba ile ba sebelisa molao oa Baroma ‘ho sireletsa le ho theha ka molao’ tokelo ea bona ea ho bolela litaba tse molemo

14 Taba ea hore ebe Pauluse e ne e le moahi oa Roma, e ile ea ama tsela eo a ileng a tšoaroa ka eona ha a le Filipi. (Liketso 16:35-40) ’Me ha batho ba befileng ba ne ba batla ho ntša Bakreste kotsi Efese, ba boholong pusong ba ile ba ba khutsisa, ba ba lemosa hore ba tlōla molao oa Baroma. (Liketso 19:35-41) Hamorao ha Pauluse a le Cesarea, o ile a sebelisa tokelo ea hae ’me a batla ho hlaha ka pel’a moemphera oa Roma. Ha a fihla ka pel’a hae, o ile a sireletsa litaba tse molemo. (Liketso 25:8-12) Kahoo, Bakreste ba ile ba sebelisa molao oa Baroma ‘ho sireletsa le ho theha ka molao’ tokelo ea bona ea ho bolela litaba tse molemo.—Bafilipi 1:7.

BAJUDA BA NE BA LULA LINAHENG TSE NGATA

15. Bajuda ba bangata ba ne ba lula hokae lekholong la pele la lilemo?

15 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo e ka ’nang eaba e ile ea thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho bolela lefatšeng lohle. Ka nako eo, Bajuda ba ne ba sa lule Iseraele feela, empa ba bang ba bangata ba lula linaheng tse ling. Hobane’ng? Lilemo tse makholo pejana, Bajuda ba ile ba isoa kholehong Assyria ’me lilemo tse seng kae hamorao, ba bang ba isoa Babylona. Ha Bapersia ba se ba busa Bababylona, Bajuda ba bang ba ile ba lula linaheng tse tlas’a ’Muso oa Persia. (Esthere 9:30) Lekholong la pele la lilemo, nakong eo Jesu a neng a le lefatšeng ka eona ho ne ho e-na le Bajuda ba lulang ho pholletsa le ’Muso oa Roma, linaheng tse kang Egepeta le libakeng tse ling tsa Afrika Leboea, haesita le Greece, Asia Minor (Turkey) le Mesopotamia (Iraq). Ho lumeloa hore har’a batho ba limilione tse 60 ba neng ba phela tlas’a ’muso oo, ba ka holimo ho limilione tse ’nè e ne e le Bajuda. Le hoja ba ne ba hasane libakeng tse ngata ba ile ba boloka bolumeli ba bona.—Matheu 23:15.

16, 17. (a) Kaha Bajuda ba ne ba lula linaheng tse ngata, seo se ile sa thusa batho bao e seng Bajuda joang? (b) Bakreste ba pele ba ile ba etsisa mohlala oa Bajuda joang?

16 Kaha Bajuda ba ne ba lula linaheng tse ngata, batho bao e seng Bajuda ba ne ba tseba Mangolo a Seheberu ’me ba ithuta seo Bajuda ba se lumelang. Ka mohlala, ba ile ba ithuta hore ho na le Molimo a leng mong feela oa ’nete le hore ba mo rapelang ba lokela ho boloka melao ea hae. Ba ile ba boela ba ithuta hore Mangolo a Seheberu a tsoa ho Molimo ’me a na le boprofeta bo bongata bo buang ka Mesia. (Luka 24:44) Kahoo, ha Bakreste ba bolela litaba tse molemo, Bajuda le batho bao e seng Bajuda ba ne ba se ba ntse ba tseba lintho tseo Bakreste ba li rutang. Pauluse o ne a batla batho ba ka mamelang litaba tse molemo. Hangata o ne a e-ea lisynagogeng, moo Bajuda ba neng ba rapela teng ’me a ba behela mabaka ka Mangolo.—Bala Liketso 17:1, 2.

17 Bajuda ba ne ba bokana kamehla lisynagogeng kapa libakeng tse bulehileng hore ba rapele. Ba ne ba bina, ba rapela ba bile ba buisana ka Mangolo. Bakreste ba pele ba ile ba etsisa mohlala oa bona, ’me le rōna kajeno re etsa se tšoanang liphuthehong.

JEHOVA O ILE A BA THUSA HORE BA BOLELE

18, 19. (a) Maemo a neng a le teng lekholong la pele la lilemo a ile a nolofalletsa Bakreste ho etsa’ng? (b) Sehlooho see se etsa hore u ikutloe joang ka Jehova?

18 Lekholo la pele la lilemo e bile nako e ikhethang historing. Ho ne ho rena khotso ’Musong oa Roma, batho ba bangata ba khona ho bua puo e le ’ngoe, ’me molao o sirelelitse batho. Ho ne ho le bonolo ho fihla libakeng tse ling, ’me linaheng tse ngata batho ba tseba ka Bajuda le ka Mangolo a Seheberu. Sena se ile sa nolofalletsa Bakreste ho tsoela pele ba etsa mosebetsi oo Molimo a neng a ba file oona.

19 Lilemo tse ka bang 400 pele Jesu a tla lefatšeng, rafilosofi oa Mogerike ea bitsoang Plato o ile a re ho thata hore batho ba tsebe ’Mōpi ’me leha ba ka mo tseba, ba ke ke ba khona ho bolela ka eena lefatšeng lohle. Empa Jesu o ile a re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.” (Luka 18:27) Ho hlakile hore Jehova ke eena ea thusang ho atlehisa mosebetsi ona oa boboleli. O batla hore “batho ba lichaba tsohle” ba bolelloe litaba tse molemo ’me ba mo tsebe. (Matheu 28:19) Sehloohong se latelang re tla tšohla kamoo litaba tse molemo li boleloang kateng lefatšeng ka bophara kajeno.