Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ena ke “Tsela e Amohelehang ho Uena”

Ena ke “Tsela e Amohelehang ho Uena”

“U patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana.” —LUKA 10:21.

1. Ke’ng e neng e etsa hore Jesu a nyakalle? (Sheba setšoantšo se qalong.)

NKA hore u bona Jesu a nyakaletse. Mohlomong a bososela a bile a khanya khotso. Hobane’ng? Hobane o ne a sa tsoa roma barutuoa ba hae ba 70 ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kaha ho ne ho e-na le lira tse ngata tse matla tse khahlanong le litaba tse molemo, Jesu o ne a labalabela ho utloa hore na barutuoa ba hae ba phethile mosebetsi oo joang. Lira tsena li ne li akarelletsa bangoli le Bafarisi, ba neng ba rutehile ba bile ba le bohlale. Ba ne ba batla hore batho ba talime Jesu e le ’metli oa mapolanka feela tjee le hore ba talime barutuoa ba hae e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13; Mareka 6:3) Leha ho le joalo, barutuoa ba ile ba khutla ba thabile mosebetsing oa bona. Ba ile ba bolela le hoja ba ne ba hanyetsoa le ke bademona! Ke’ng e ileng ea ba thusa ho lula ba thabile ebile ba le sebete?—Bala Luka 10:1, 17-21.

Bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ntlafatsa tsela eo ba rutang ka eona hore e be e bonolo le e hlakileng

2. (a) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tšoana le bana ka tsela efe? (b) Ke’ng e ileng ea thusa barutuoa ba Jesu hore ba utloisise linnete tse tebileng tsa Bibele?

2 Jesu o ile a re ho Jehova: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane ho etsa joalo e bile tsela e amohelehang ho uena.” (Matheu 11:25, 26) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ke bana? Hobane ho fapana le bangoli le Bafarisi ba neng ba rutehile ba bile ba ipona ba le bohlale, bona ba ne ba ikemiselitse ho rutoa joaloka bana. Ba ile ba ithuta boikokobetso, eseng boikhohomoso. (Matheu 18:1-4) Ka lebaka lena, Jehova o ile a ba thusa ka moea oa hae o halalelang hore ba utloisise linnete tse tebileng tsa Bibele. Empa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba iphahamisang ba ile ba tsoela pele ba foufalitsoe ke Satane le ke boikhohomoso.

3. Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

3 Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a nyakalla joalo! O ne a thabisitsoe ke ho bona Jehova a senolela batho ba tlaase linnete tse tebileng tsa Bibele ho sa tsotellehe hore na ba rutehile hakae. Molimo o amohela tsela ena ea ho ruta ’me ha a e-s’o fetohe. O bontša joang hore o ntse a amohela tsela ee ea ho ruta? Sehloohong sena re tlil’o ithuta kamoo Jehova a rutang batho ba ikokobelitseng linnete tse tebileng tsa Bibele kajeno.

BA HLALOSETSA BOHLE LINNETE TSE TEBILENG

4. Molula-Qhooa o nolofalitsoeng o thusitse batho ba bangata joang?

4 Lilemong tsa morao tjena, mokhatlo oa Molimo o ’nile oa totobatsa bohlokoa ba ho ruta ka tsela e bonolo le e hlakileng. A re ke re tšohleng mehlala e meraro. Oa pele ke hore ho se ho hatisoa Molula-Qhooa o nolofalitsoeng. * (Sheba naletsana.) O thusitse batho ba bangata, ho akarelletsa le ba thatafalloang ke ho utloisisa puo kapa ho e bala. Batsoali ba hlokometse hore khatiso ena e thusa bana ho utloisisa Molula-Qhooa haholoanyane. Batho ba bangata ba ngotse mangolo a teboho. Morali e mong oabo rōna o re o ne a tšaba ho araba Thutong ea Molula-Qhooa. Empa ha a sa tšaba! Ka mor’a hore a qale ho sebelisa khatiso ena o ile a ngola a re: “Ke se ke araba hangata ebile ha ke sa tšaba! Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae.”

5. Melemo e meng ea Bibele e ncha ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ke efe?

5 Mohlala oa bobeli ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e ntlafalitsoeng e lokollotsoeng ka Senyesemane sebokeng sa selemo le selemo ka la 5 October, 2013. * (Sheba naletsana.) Litemaneng tse ngata ho fokolitsoe mantsoe empa moelelo o ntse o tšoana ’me ho bonolo ho li utloisisa. Ka mohlala, Jobo 10:1 e ne e e-na le mantsoe a 27 empa a se a le 19, ’me Liproverbia 8:6 e ne e e-na le a 20 empa a se a le 13. Litemana tsena ka bobeli li hlakile haholoanyane khatisong ena e ncha. Mor’abo rōna e mong oa motlotsuoa ea sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka nako e telele o re: “Ke sa tsoa bala buka ea Jobo Bibeleng e ncha, ekare ke hona ke qalang ho e bala!” Batho ba bangata ba buile se tšoanang.

6. U ikutloa joang ka tsela eo ho ntlafalitsoeng kutloisiso ea rōna ea Matheu 24:45-47 ka eona?

6 Mohlala oa boraro, ho bile le lintlafatso tseleng eo re utloisisang mangolo a mang ka eona. Ka mohlala, Molula-Qhooeng oa July 15, 2013, ho ile ha ntlafatsoa kutloisiso ea rōna ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Sehloohong seo ho ile ha hlalosoa hore lekhoba le tšepahalang ke Sehlopha se Busang. Le hore “bahlanka ba ntlo” ke batlotsuoa le “linku tse ling,” kaha kaofela ba feptjoa ke lekhoba le tšepahalang. (Johanne 10:16) Re thabela ho ithuta linnete tsena, ebile re rata ho li ruta ba bang! Jehova o bontšitse ka litsela life tse ling hore o amohela ha batho ba rutoa ka tsela e bonolo le e hlakileng?

LITLALEHO TSA BIBELE LI HLALOSOA KA TSELA E BONOLO

7, 8. Ke mehlala efe e meng ea litlaleho tsa Bibele e emelang lintho tse khōloanyane tse tla etsahala?

7 Haeba ke khale u sebeletsa Jehova, mohlomong u hlokometse hore ho na le liphetoho tseleng eo lingoliloeng tsa rōna li hlalosang litlaleho tse ling tsa Bibele ka eona. Nakong e fetileng, re ne re atisa ho re litlaleho tse ling tsa Bibele li emela ntho e itseng e khōloanyane e tla phethahala nakong e tlang. Tlaleho ho ne ho thoe ke seriti sa ntho e itseng e tla etsahala. ’Me ha ntho eo e etsahala ho thoe ke phethahatso ea boprofeta. Na ho na le mabaka a utloahalang a ho hlalosa litlaleho tsa Bibele ka tsela ee? E, a teng. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka “pontšo ea moprofeta Jonase.” (Bala Matheu 12:39, 40.) Jesu o ile a re nako eo Jonase a e qetileng a le ka mpeng ea tlhapi, e emela nako eo a tla e qeta a le ka lebitleng.

Ho ithuta ka litlaleho tsa Bibele le seo li se emelang ho matlafatsa tumelo ea rōna

8 Ho na le litlaleho tse ling ka Bibeleng tse emelang ntho e ’ngoe e khōloanyane e tla phethahala nakong e tlang. Moapostola Pauluse o ile a bua ka tse ling. Ka mohlala, kamano ea Abrahama le Hagare le Sara e ne e emela kamano ea Jehova le sechaba sa Iseraele le karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo. (Bagalata 4:22-26) Ka tsela e tšoanang, tabernakele, tempele, Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng le likarolo tse ling tsa Molao, e ne e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheberu 9:23-25; 10:1) Ho ithuta ka litlaleho tsena tsa Bibele le seo li se emelang ho matlafatsa tumelo ea rōna. Empa na see se bolela hore motho, ketsahalo kapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng e emela motho kapa ntho e itseng?

9. Tlaleho ea Nabothe e ne e hlalosoa joang nakong e fetileng?

9 Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li atisa ho hlalosa hore motho, kapa ketsahalo e itseng litlalehong tsa Bibele e emela motho kapa ntho e itseng. Ka mohlala, Mofumahali Jezebele ea khopo o ile a etsa hore Nabothe a bolaoe e le hore monna oa hae Akabe a ka inkela tšimo ea morara ea Nabothe. (1 Marena 21:1-16) Ka 1932, Molula-Qhooa o ile oa re Akabe le Jezebele ba emela Satane le mokhatlo oa hae, Nabothe o emela Jesu ’me lefu la Nabothe le emela ho bolaoa ha Jesu. ’Me ka 1961, buka ea “Lebitso La Hao Le Halaletsoe” ea re Nabothe o emela batlotsuoa, ha Jezebele eena a emela Bokreste-’mōtoana. E ile ea re ho hlorisoa ha Nabothe ke Jezebele ho emela ho hlorisoa ha batlotsuoa matsatsing a ho qetela. Litlhaloso tsena li ’nile tsa matlafatsa tumelo ea bahlanka ba Molimo ka lilemo tse ngata. Joale ke hobane’ng ha re se re hlalosa lintho ka tsela e fapaneng?

10. (a) Lekhoba le tšepahalang le qoba ho etsa’ng ha le hlalosa litlaleho tse ling tsa Bibele? (b) Lingoliloeng tsa rōna li totobatsa lintlha life kajeno?

10 Ho theosa le lilemo, Jehova o ’nile a thusa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le be bohlale le hore le be seli haholoanyane. Ka tsela efe? Hona joale lekhoba le tšepahalang le qoba ho re litlaleho tse itseng tsa Bibele li na le phethahatso e khōloanyane, ntle le ha ho e-na le mabaka a utloahalang a Mangolo. Ho ne ho le thata ho utloisisa tsela eo litlaleho tse ling li neng li hlalosoa ka eona esita le ho e hopola. Ho feta moo, re ne re lahleheloa ke thuto ea bohlokoa ea seo litlaleho tsena tsa Bibele li se rutang ka lebaka la ho ameha haholo ka phethahatso e khōloanyane. Kahoo, kajeno lingoliloeng tsa rōna li totobatsa lintlha tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona litlalehong tsa Bibele, mabapi le tumelo, mamello, ho inehela ho Molimo esita le litšobotsi tse ling tse ka re tsoelang molemo. *—Sheba naletsana.

Mohlala oa Nabothe o re ruta thuto ea bohlokoa (Sheba serapa sa 11)

11. (a) Hona joale re utloisisa tlaleho ea Nabothe joang, hona mohlala oa hae o re ruisa molemo joang? (b) Lilemong tsa morao tjee, ke hobane’ng ha lingoliloeng tsa rōna li se li sa bue haholo ka se emeloang ke litlaleho tsa Bibele? (Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” makasineng ena.)

11 Hona joale re utloisisa tlaleho ea Nabothe ka tsela e hlakileng haholoanyane. Nabothe ha aa ka a shoa hobane a ne a emela Jesu kapa batlotsuoa. Ho e-na le hoo, o shoele hobane a ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho Molimo. O ile a mamela Molao oa Jehova le hoja a ne a hlorisoa ke ’musi ea matla. (Numere 36:7; 1 Marena 21:3) Ruri ona ke mohlala o babatsehang ho bahlanka bohle ba Molimo kajeno, ba kang ’nang ba hlorisoa ka tsela e tšoanang. (Bala 2 Timothea 3:12.) Bakreste bohle ba ka utloisisa tlaleho ena le ho e hopola ’me ba mo etsisa, kahoo ba matlafala tumelong.

12. (a) Ha rea lokela ho etsa qeto efe ka litlaleho tsa Bibele? (b) Ke hobane’ng ha re khona ho utloisisa lintho tse tebileng tsa Molimo? (Sheba naletsana.)

12 Na joale re lokela ho etsa qeto ea hore litlaleho tsa Bibele li re ruta lintlha tsa bohlokoa feela, ’me ha li na seo li se emelang? Che. Ho e-na le ho hlalosa hore na litlaleho tsa Bibele li emela’ng, lingoliloeng tsa rōna li totobatsa kamoo litlaleho tsena li amanang kateng. Ka mohlala, ho tšepahala ha Nabothe le hoja a ile a hlorisoa a ba a bolaoa, ho re hopotsa botšepehi ba Kreste le ba batlotsuoa. Ho boetse ho re hopotsa botšepehi ba ba bangata ba “linku tse ling.” Re khona ho bona ka ho hlaka kamoo Jehova a re rutang ka tsela e bonolo kateng. *—Sheba naletsana.

TLHALOSO E BONOLO EA LIPAPISO TSA JESU

13. Ke mehlala efe e bontšang hore hona joale re se re hlalosa lipapiso tsa Jesu ka tsela e bonolo le e hlakileng?

13 Jesu Kreste ke Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. O ne a rata ho etsa lipapiso le mehlala ha a ruta. (Matheu 13:34) Lipapiso li re thusa ho nahana ebile li ka re ama pelo, kaha li hlalosa lithuto tse thata ka tsela e bonolo. Ho theosa le lilemo, lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa hlalosa lipapiso tsa Jesu ka tsela e bonolo le e hlakileng. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa July 15, 2008, o re hlakiselitse papiso ea Jesu ea tomoso, ea thollo ea mosetareta le ea letlooa. Hona joale re khona ho bona hore lipapiso tsena li bua ka ’Muso oa Molimo, o thusitseng batho ba bangata ho furalla lefatše lena le khopo e le hore e be barutuoa ba Kreste.

Lipapiso li re thusa ho nahana ebile li ka re ama pelo kaha li hlalosa lithuto tse thata ka tsela e bonolo

14. (a) Pele re ne re hlalosa papiso ea Mosamaria ea molemo joang? (b) Kajeno re utloisisa papiso ee ea Jesu joang?

14 Re lokela ho utloisisa lipapiso tsa Jesu tse nang le lintlha tse ngata joang? Lipapiso tse ling li tšoantšetsa ho itseng, ha tse ling e le tsa boprofeta. Tse ling tsona li re ruta thuto ea bohlokoa. Empa re ka tseba joang hore na ke life tseo e leng tsa tšoantšetso le tseo e seng tsa tšoantšetso? Ho theosa le lilemo karabo e ’nile ea hlaka. Ka mohlala, nahana kamoo re neng re hlalosa papiso ea Jesu ea Mosamaria ea molemo kateng. (Luka 10:30-37) Ka 1924, Molula-Qhooa o ile oa re Mosamaria o emela Jesu, ’me tsela e tlohang Jerusalema e theohela Jeriko e emela boemo ba batho bo ’nileng ba mpefala ka mor’a hore ba fetohele Molimo, Edene. O ile oa re masholu a emela likhoebo tse khōlō le bo-rakhoebo ba meharo ’me moprista le Molevi ba emela Bokreste-’mōtoana. Empa kajeno, lingoliloeng tsa rōna li sebelisa papiso ena ho hopotsa Bakreste bohle hore ha baa lokela ho khetholla batho ba bang. Re lokela ho thusa bohle ba hlokang, haholo-holo re ba thuse ho ithuta ’nete ka Molimo. Hoa re thabisa ho bona kamoo Jehova a hlakisang ’nete kateng.

15. Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

15 Sehloohong se latelang re tlil’o tšohla papiso ea Jesu ea baroetsana ba leshome. (Matheu 25:1-13) Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba phelang matsatsing a ho qetela ba utloisise papiso ee e matla joang? Na motho e mong le e mong papisong ee o emela motho ea itseng kapa lintho tsohle tse etsahalang ho eona li emela ntho e itseng e tla phethahala ka tsela e khōloanyane nakong e tlang? Kapa na Jesu o ne a batla hore re ithute thuto ea bohlokoa e tla re tsoela molemo matsatsing aa a ho qetela? A re boneng.

^ ser. 4 Khatiso ena ea Molula-Qhooa o nolofalitsoeng e qalile ho ba teng ka Senyesemane ka July 2011. Hona joale o se o hatisoa le ka lipuo tse ling tse ’maloa.

^ ser. 5 Bibele ena e ncha e tla lokolloa le ka lipuo tse ling.

^ ser. 10 Ka mohlala buka ea Etsisa Tumelo ea Bona e bua ka batho ba 14 ba hlahang ka Bibeleng. Buka eo e totobatsa lintlha tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona litlalehong tsa batho bao, eseng hore na ba emela’ng.

^ ser. 12 Ka Lentsoeng la Molimo ho na le likarolo tse ling tse bonahalang eka li “thata ho utloisiseha,” ho akarelletsa tse ling tse mangolong a Pauluse. Leha ho le joalo, bangoli bohle ba Bibele ba bululetsoe ke moea o halalelang. Moea o halalelang oa Molimo o thusa Bakreste ba ’nete kajeno ho utloisisa Bibele, “esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.”—2 Petrose 3:16, 17; 1 Bakorinthe 2:10.