Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ho Khaoloa e le Tokisetso e Lerato

Ke Hobane’ng ha ho Khaoloa e le Tokisetso e Lerato

JULIAN o re o sa hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha ho ne ho etsoa tsebiso ea hore mora oa hae ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O re: “E ne eka nka re lefatše ngamoha ke kene. Ke ngoana oa ka oa matsibolo ’me re ne re le kobo le lemao, re sa arohane.” Julian o re mora oa hae o ne a itšoere hantle, empa ha nako e ntse e ea, a fetoha ’me a qala ho etsa lintho tse tsoileng tseleng. Mosali oa hae o ne a lula a lla ’me Julian a sa khone ho mo tšelisa. Julian o re: “Re ne re lula re ipotsa hore na re fositse hokae ha re mo hōlisa.”

Bibele e re motho o lokela ho khaoloa ka mabaka afe? Hona ke hobane’ng ha re re ke tokisetso e lerato empa ho utloisa bohloko hakaale?

LEBAKA LE KA ETSANG HORE MOTHO A KHAOLOE

Haeba motho e le Paki ea Jehova e kolobelitsoeng ’me a etsa sebe se tebileng empa a sa bake, o oa khaoloa.

Jehova ha aa lebella hore re etse lintho ka tsela e phethahetseng, empa o lebeletse hore bahlanka ba hae ba hlomphe melao ea hae le ho lula ba halalela. Ka mohlala, Jehova o laela bahlanka ba hae hore ba qobe libe tse tebileng tse kang boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, borapeli ba litšoantšo, bosholu, ho hanyapetsa, ho bolaea le ho sebelisana le meea.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8.

Litaelo tsa Jehova ha li boima empa lia re sireletsa. Ka mohlala, kaofela ha rōna re rata ho phela har’a batho ba nang le khotso, ba itlhomphang le ba tšepahalang, e leng se etsahalang ha re e-na le bara le barali babo rōna. Ke hobane’ng ha see se etsahala? Hobane ba inehetse ho Jehova ’me ba ikemiselitse ho phela ka seo a se buang ka Bibeleng.

Empa ho thoe’ng haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a etsa sebe se tebileng ka lebaka la ho se phethahale? Sena ke se ileng sa etsahalla bahlanka ba bang ba Jehova ba nakong e fetileng, empa Jehova ha aa ka a ba lahla. Ka mohlala, le hoja Morena Davida a ile a etsa bofebe ’me a bolaea, moprofeta Nathane o ile a mo bolella hore Jehova o tšoaretse sebe sa hae.—2 Samuele 12:13.

Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšoarela Davida? Hobane Jehova o ile a bona hore Davida o bakile e le kannete. (Pesaleme ea 32:1-5) Le kajeno, ha motho a entse sebe o tla tšoareloa hafeela a bakile e le kannete ’me a khaotsa ho etsa se fosahetseng. (Liketso 3:19; 26:20) Haeba baholo ba komiting ea boahloli ba sa bone eka motho eo o bakile e le kannete, joale o lokela ho khaoloa.

Haeba mong ka uena kapa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a khaoloa, u ka ’na ua thatafalloa ho amohela qeto eo kapa ua bona eka o fuoe kotlo e boima haholo. Leha ho le joalo, Lentsoe la Jehova le bontša ka ho hlaka hore ha motho a khaoloa, eo ke pontšo ea lerato.

MELEMO EA HO KHAOLA MOFOSI

Jesu o ile a re, “bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) A re hlahlobeng mabaka a mararo a bontšang hore na ke hobane’ng ha e le qeto e bohlale ho khaola mofosi haeba a sa bake.

Ho khaola mofosi ea sa bakeng ho sireletsa lebitso la Jehova hore le se ke la rohakoa. Liketso tsa rōna li ka tlisa thoriso kapa thohako lebitsong la Jehova, hobane re Lipaki tsa hae, ’me re bitsoa ka lebitso la hae. (Esaia 43:10) Feela joalokaha boitšoaro ba mora bo ka tlisetsa batsoali ba hae thoriso kapa thohako, boitšoaro ba bahlanka ba Jehova le bona bo ka tlisetsa Jehova thoriso kapa thohako. Mehleng ea Ezekiele, batho ba lichaba ba ne ba amahanya Bajuda le lebitso Jehova. (Ezekiele 36:19-23) Le kajeno, batho ba amahanya Lipaki Tsa Jehova le lebitso Jehova. Kahoo, haeba re mamela melao ea Jehova, re tla mo tlisetsa thoriso.

Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebōpeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lōna, empa, tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lōna le fele le halalele boitšoarong bohle ba lōna, hobane ho ngoliloe: ‘Le halalele, hobane kea halalela.’” (1 Petrose 1:14-16) Ka mohlala, haeba re etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, re tla tlisetsa lebitso la Molimo thohako. Empa haeba re itšoere hantle re tlisetsa Jehova thoriso.

Haeba e mong oa Lipaki Tsa Jehova a etsa lintho tse tsoileng tseleng, batho ba mo tsebang ba tla tseba seo a se etsang. Kahoo, ha ba utloa hore ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ba tla hlokomela hore batho ba Jehova ba mamela seo Bibele e se buang ’me ba boloka phutheho e hloekile. Ka mohlala, monna e mong o ile a tla libokeng Switzerland eaba o re o batla ho ba setho sa phutheho. Khaitseli ea hae e ne e khaotsoe ka lebaka la boitšoaro bo bobe ’me joale a batla ho ba karolo ea mokhatlo “o sa lumelleng boitšoaro bo bobe.”

Ho khaola mofosi ea sa bakeng ho boloka phutheho ea Bokreste e hloekile. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakorinthe ka kotsi ea ho boloka mofosi ea sa bakeng ka phuthehong. O ile a bapisa tšusumetso e mpe ea bafosi ba joalo le tomoso e belisang hlama kaofela. Pauluse o ile a re: “Tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela.” A ntan’o ba eletsa, a re: “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.”—1 Bakorinthe 5:6, 11-13.

“Motho eo ea khopo” o ne a etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate a sa soabe le ho soaba. Ba bang ka phuthehong ba ne ba bile ba se ba qalile ho buella boitšoaro ba hae bo litšila. (1 Bakorinthe 5:1, 2) Sena se ne se le kotsi, kaha Bakreste ba bang ba ne ba ka ’na ba angoa ke boitšoaro bo litšila bo neng bo atile Korinthe. Hoa tšoana le kajeno, haeba phutheho e iphapanyetsa sebe se tebileng, ba bang ba ka ’na ba qala ho nka melao ea Jehova e se ea bohlokoa. (Moeklesia 8:11) Feela joalokaha ‘mafika a ka tlas’a metsi’ a ka senya sekepe, bafosi ba sa bakeng ba ka senya tumelo ea ba bang ka phuthehong.—Juda 4, 12.

Ho khaola mofosi ea sa bakeng ho ka mo thusa hore a lemohe hore o fositse. Jesu o ile a etsa papiso ea mohlankana ea ileng a tloha habo eaba o hafaka lefa lohle la hae ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Qetellong mohlankana eo o ile a lemoha hore bophelo bo thata ha a se lapeng. Kahoo, o ile a baka ’me a etsa qeto ea ho khutlela hae. Ntate o ile a thaba haholo ha a bona hore mora o fetohile ’me a mo amohela. (Luka 15:11-24) Papiso ena e re thusa ho utloisisa kamoo Jehova a ikutloang kateng ha motho a baka. O re: “Ha ke khahloe ke lefu la ea khopo, empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.”—Ezekiele 33:11.

Phutheho ea Bokreste ke lelapa labo rōna la moea. Ha motho a khaoloa, ha e sa le karolo ea lelapa leo. Motho eo a ka ’na a hlokomela phoso eo a e entseng ha a latsoa liphello tse bohloko tsa boitšoaro ba hae bo bobe, ’me a hopola kamoo a neng a thabile kateng ha a ne a ntse a e-na le kamano e ntle le Jehova le phutheho. Sena se ka ’na sa mo khothalletsa hore a khutlele lelapeng labo la moea.

E le hore re thuse motho ea khaotsoeng hore a khutlele ka phuthehong, re lokela ho mo bontša lerato ka hore re eme re tiile. Ka mohlala, nka hore batho ba babeli ba qabeletsoe ke lehloa thabeng ’me ba emetse ho pholosoa. Hoa bata ’me e mong oa bona o khathetse, kahoo o batla ho robala. Empa haeba a ka robala moo lehloeng, o tla shoa. Ho mo thusa hore a se ke a robala, motsoalle oa hae o mo jabela lerameng. Le hoja a ka ’na a utloa bohloko ha a jabeloa, empa seo se tla mo pholosa. Davida o ile a bua se tšoanang ha a re: “Ha ea lokileng a ka nkotla, e ne e tla ba mosa o lerato.” (Pesaleme ea 141:5) Davida o ne a tseba hore le hoja taeo e le bohloko, e tla mo tsoela molemo.

Ho khaoloa ho tšoana feela le ho jabela motho, kaha hangata ke sona se hlokahalang e le hore motho a khutlele ho Jehova. Mora oa Julian, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o ile a fetola tsela eo a neng a phela ka eona eaba o khutlisetsoa ka phuthehong ka mor’a lilemo tse leshome a khaotsoe. Hona joale ke moholo. O re: “Ho khaoloa ho ile ha ntlhokomelisa liphello tsa tsela eo ke neng ke phela ka eona. Ke ne ke hloka khalemelo ea mofuta oo.”—Baheberu 12:7-11.

KAMOO RE KA BONTŠANG HORE RE RATA BATHO BA KHAOTSOENG

Ho utloisa bohloko ha motho a khaoloa. Empa seo ha se bolele hore a ke ke a khutlela ho Jehova. Ke habohlokoa hore kaofela ha rōna re lumelle khalemelo hore e sebetse. Re ka etsa see joang?

Baholo ba leka ho thusa motho ea bakileng hore a khutlele ho Jehova

Baholo ba lula ba leka ho etsisa lerato la Jehova, haholo-holo ha ba tlameha ho bolella mofosi hore ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ba mo hlalosetsa ka bonolo le ka ho hlaka seo a lokelang ho se etsa e le hore a khutlele ho Jehova ’me e boele e be setho sa phutheho. Haeba motho ea khaotsoeng a bontša hore o batla ho khutlela ka phuthehong, baholo ba ka ’na ba mo etela ho mo hopotsa seo a lokelang ho se etsa e le hore a khutlele ho Jehova. *—Sheba naletsana.

Litho tsa lelapa li bontša hore li rata phutheho le motho ea khaotsoeng ha li tšehetsa qeto eo baholo ba e entseng. Julian o re, “E ne e ntse e le mora oa ka, empa tsela eo a neng a phela ka eona e ne e bakile lekhalo pakeng tsa rōna.”

Bohle ka phuthehong ba bontša hore ba rata motho ea khaotsoeng ka ho lumellana le taeo eo Jehova a mo fileng eona a sebelisa baholo. Sena se bolela hore ha baa lokela ho qeta nako le eena esita le ho bua le eena. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 10, 11) Litho tsa phutheho li lokela ho bontša ba lelapa labo motho ea khaotsoeng lerato le tšehetso. Ena ke nako e thata haholo ho ba lelapa. Ha rea lokela ho etsa hore ba ikutloe eka le bona ha e sa le litho tsa phutheho.—Baroma 12:13, 15.

Julian o qetella ka ho re, “Ho khaola mofosi ke tokisetso ea bohlokoa e re thusang ho phela tumellanong le melao ea Jehova. Le hoja ho utloisa bohloko, qetellong liphello e-ba tse thabisang. Haeba ke ne ke ile ka iphapanyetsa boitšoaro bo bobe ba mora oa ka, a ka be a sa khutlela ka phuthehong.”

^ ser. 24 Sheba Molula-Qhooa oa April 15, 1991, leqepheng la 21-23.