Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Loantša Satane—’me ua mo Hlōla!

U ka Loantša Satane—’me ua mo Hlōla!

“Emang khahlanong le [Satane], le tiile tumelong.” —1 PETROSE 5:9.

1. (a) Ke hobane’ng ha hona joale e le habohlokoa ho loantša Satane? (b) Re tseba joang hore re ka hlōla Satane?

SATANE o loantša batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng le “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Ka nako ena e khutšoanyane e mo saletseng, Diabolose o batla ho senya tumelo ea bahlanka ba bangata ba Jehova kahohle kamoo a ka khonang. (Bala Tšenolo 12:9, 12.) Empa re ka hlōla Satane. Bibele e re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Satane a batla hore batho ba lumele hore ha a eo? (b) U tseba joang hore Satane ke motho oa sebele?

2 Batho ba bangata ha ba lumele hore Satane o teng. Ba nka hore Satane le bademona ba hlaha feela libukeng, lifiliming le lipapaling tsa video. Ba lumela hore batho ba hlalefileng, ha ba lumele hore meea e khopo e teng. Na Satane o oa khathatseha ha batho ba sa lumele hore eena le bademona ba teng? Che. Ho bonolo hore Satane a thetse batho ba sa lumeleng hore o teng. (2 Bakorinthe 4:4) Ha e le hantle, Satane o hlohlelletsa batho hore ba lumele sena e le hore a ka ba khelosa.

3 Kaha re bahlanka ba Jehova, re tseba ’nete. Rea tseba hore Diabolose ke motho oa sebele. Re tseba see joang? Bibele e re bolella hore Satane o ile a sebelisa noha ho bua le Eva. (Genese 3:1-5) O ile a bua le Jehova, a belaella sepheo seo Jobo a etsang lintho ka sona. (Jobo 1:9-12) Satane o ile a leka ho khelosa Jesu. (Matheu 4:1-10) ’Me ka mor’a hore Jesu e be Morena ka 1914, Satane o ile a qala ho “loantša” batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. (Tšenolo 12:17) Diabolose o ntse a tsoela pele ho ba loantša, kaha o leka ho senya tumelo ea batlotsuoa le ea linku tse ling. E le hore re hlōle ntoeng ena, re lokela ho loantša Satane ’me re lule re le matla tumelong. Sehloohong sena, re tlil’o tšohla litsela tse tharo tseo re ka etsang sena ka tsona.

QOBA BOIKHOHOMOSO

4. Ke joang Satane e leng mohlala o ka sehloohong oa boikhohomoso?

4 Satane o oa ikhohomosa. Lengeloi lena le khopo le ile la hanyetsa tokelo ea Molimo ea ho busa, ’me la leka ho etsa hore ba bang ba le rapele ho e-na le ho rapela Jehova. Ke mohlala o ka sehloohong oa boikhohomoso le boikakaso. Kahoo, tsela e ’ngoe eo re ka loantšang Satane ka eona ke ka ho qoba boikhohomoso, ’me re ikokobetse. (Bala 1 Petrose 5:5.) Empa boikhohomoso ke eng? Ke hobane’ng ha bo le kotsi?

5, 6. (a) Na ho phoso ho ba motlotlo? Hlalosa. (b) Ke hobane’ng ha boikhohomoso bo le kotsi, hona ho na le mehlala efe ka Bibeleng ea batho ba ileng ba ikhohomosa?

5 Ho ea ka dikishinari e ’ngoe, lentsoe la Senyesemane le fetoletsoeng e le boikhohomoso, le ka boetse la bolela ho ba motlotlo kapa ho itlhompha. Le ka boela la bolela “boikutlo ba ho khotsofala hobane uena kapa batho ba haufi le uena ba entse ntho e itseng e ntle kapa ba na le ho hong ho molemo.” Ha ho letho le phoso ka ho ikutloa ka tsela ena. Moapostola Pauluse o ile a re ho barab’abo rōna ba Thesalonika: “Re motlotlo ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo ka lebaka la mamello ea lōna le tumelo ea lōna mahlorisong ’ohle a lōna le matšoenyeho ao le a mameletseng.” (2 Bathesalonika 1:4) Kahoo, ho ba motlotlo ka lintho tseo ba bang ba li entseng kapa seo re se finyelletseng ho ka re ruisa molemo. Ha rea lokela ho soabela ba malapa abo rōna, setso kapa sebaka seo re hōletseng ho sona.—Liketso 21:39.

6 Empa boikhohomoso bona bo ka senya kamano ea rōna le ba bang, haholo-holo setsoalle sa rōna le Jehova. Bo ka etsa hore re halefe ha re lemosoa. Bo ka ba ba etsa hore re hane keletso, ho e-na le ho e amohela ka boikokobetso. (Pesaleme ea 141:5) Bo hlalosoa e le ho inahana ho tlōla kapa “boikutlo ba ho inkela holimo bo bonahatsoang ke batho ba lumelang hore ba phahametse ba bang.” Jehova o hloile boikhohomoso kapa boikakaso. (Ezekiele 33:28; Amose 6:8) Empa Satane o oa thaba ha batho ba mo etsisa, ba ikakasa. Nahana hore na Satane o ile a thaba hakaakang ha Nimrode, Faro le Absalome ba ithorisa! (Genese 10:8, 9; Exoda 5:1, 2; 2 Samuele 15:4-6) Boikhohomoso bo ile ba boela ba senya kamano ea Kaine le Molimo. Jehova o ile a lemosa Kaine, empa boikhohomoso ba mo thibela ho mamela. O ile a etsa manganga, a iphapanyetsa temoso ea Molimo, ’me a siteloa Jehova.—Genese 4:6-8.

7, 8. (a) Khethollo ea morabe ke eng, hona e amana joang le boikhohomoso? (b) Hlalosa hore na boikhohomoso bo ka senya khotso joang ka phuthehong.

7 Kajeno, batho ba etsa lintho tse ngata tse kotsi tse bontšang boikhohomoso. Ka linako tse ling, boikhohomoso ke bona bo susumelletsang khethollo ea morabe. Dikishinari e ’ngoe e hlalosa khethollo ea morabe e le ho hloea batho ba setso se seng. Ho akarelletsa “ho lumela hore batho ba merabe e fapaneng ba na le litšobotsi le bokhoni bo sa tšoaneng le hore merabe e meng e phahametse e meng.” Khethollo ea morabe e bakile lintoa, ’me e entse hore batho ba bangata ba bolaoe.

Boikhohomoso bo ka senya khotso ka phuthehong

8 Ke ’nete hore lintho tsena ha lia lokela ho etsahala ka phuthehong ea Bokreste. Empa boikhohomoso bo ka etsa hore bara le barali babo rōna ba qabane, ’me boemo bo tsoe taolong. Sena se ile sa etsahalla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ke kahoo Jakobo a ileng a ba botsa: “Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna?” (Jakobo 4:1) Haeba re hloile batho ba bang, re nka hore re ba phahametse, re ka ’na ra bua kapa ra etsa ntho e ka ba utloisang bohloko. (Liproverbia 12:18) Kahoo, ho hlakile hore boikhohomoso bo ka senya khotso ka phuthehong.

9. Ke joang Bibele e re thusang ho loantša khethollo ea morabe le lintho tse ling tse bontšang boikhohomoso? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Haeba re inka re phahametse ba bang, re lokela ho hopola hore Jehova o hloile “pelo e ikakasang.” (Liproverbia 16:5) Re boetse re lokela ho itlhahloba ’me re ipotse: ‘Na ke inka ke phahametse batho ba morabe kapa ba setso se seng?’ Haeba ho joalo, re lokela ho hopola hore Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:26) Kahoo, ha e le hantle re bana ba motho, kaha kaofela re tsoa ho Adama. Ke booatla ho nahana hore Molimo o entse batho ba merabe e meng ba phahametse ba e meng. Haeba re e-na le khopolo eo, re tla be re lumella Satane hore a senye bonngoe ba rōna ba Bokreste. (Johanne 13:35) E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, re lokela ho qoba boikhohomoso.—Liproverbia 16:18.

QOBA HO RATA LEFATŠE LE LINTHO TSE BONAHALANG

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re rate lefatše? (b) Ho rata lefatše ha Demase ho bile le phello efe?

10 Satane ke “’musi oa lefatše lena,” ’me o oa le laola. (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Lintho tse ngata tseo lefatše le li khothalletsang li khahlanong le melao ea Bibele. Empa hase kaofela ha tsona li fosahetseng. Leha ho le joalo, rea tseba hore Satane o sebelisa lefatše ho leka ho re tšoasa hore re etse sebe ho latela litakatso tsa rōna. Hape o batla hore re rate lefatše, ’me re hlokomolohe borapeli ba rōna ho Jehova.—Bala 1 Johanne 2:15, 16.

11 Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba rata lefatše. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola a re: “Demase o mphuraletse kahobane o ile a rata tsamaiso ea lintho ea hona joale.” (2 Timothea 4:10) Bibele ha e hlalose hore na Demase o ne a rata lefatše ka tsela efe, e leng se ileng sa etsa hore a furalle Pauluse. Ho ka etsahala hore ebe Demase o ne a rata lintho tse bonahalang ho feta ho sebeletsa Jehova. Haeba seo ke ’nete, Demase o ile a lahleheloa ke monyetla oa ho ba le tokelo e ikhethang tšebeletsong ea Molimo. Na o ne a entse qeto e bohlale? Che. Demase e ka be e bile mothusi oa Pauluse. Lefatše le ne le sa tl’o mo fa letho le molemo ho feta seo Jehova a ka mo fang sona!—Liproverbia 10:22.

E se eka re ke ke ra lumella chelete hore e be ea bohlokoa ho feta setsoalle sa rōna le Jehova

12. Satane a ka sebelisa “matla a thetsang a maruo” joang ho re faposa?

12 Le rōna re ka etsahalloa ke se tšoanang kajeno. Kaha re Bakreste, re batla ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rōna. (1 Timothea 5:8) Jehova o batla hore re thabele bophelo. Re tseba sena hobane o ne a file Adama le Eva paradeise e ntle hore ba phele ho eona. (Genese 2:9) Empa Satane a ka re faposa, a sebelisa “matla a thetsang a maruo.” (Matheu 13:22) Batho ba bangata ba nahana hore chelete le lintho tse bonahalang li ka etsa hore ba thabe kapa ba atlehe. Haeba re nahana ka tsela ena, re ka lahleheloa ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng kamano ea rōna le Jehova. Jesu o ile a fana ka temoso: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Matheu 6:24) Ha re ba makhoba a lintho tse bonahalang, re khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ke sona seo Satane a se batlang. E se eka re ke ke ra lumella chelete kapa lintho tseo e ka li rekang hore e be tsa bohlokoa ho feta setsoalle sa rōna le Jehova. E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, re lokela ho talima lintho tse bonahalang ka tsela e loketseng.—Bala 1 Timothea 6:6-10.

HANELA BOITŠOARO BO BOBE BA HO KOPANELA LIPHATE

13. Lefatše le buella maikutlo afe a fosahetseng ka lenyalo le ho kopanela liphate?

13 Leraba le leng leo Satane a le sebelisang ke boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Batho ba bangata ba nahana hore ho tšepahalla molekane oa lenyalo kapa ho kena lenyalong ho siiloe ke nako ebile ho ba amoha bolokolohi. Ka mohlala, motšoantšisi e mong o ile a re ha ho motho ea ka khonang ho tšepahalla molekane a le mong. O ile a eketsa ka ho re: “Ha ke tsebe motho leha e le ofe ea kileng a tšepahala kapa ea batlang ho tšepahala.” Motšoantšisi e mong eena o ile a re: “Ha ke lumele hore re bōpetsoe ho lula le motho a le mong bophelo bohle ba rōna.” E tlameha ebe Satane o thaba haholo ha batho ba tummeng ba sa hlomphe mpho ea Molimo ea lenyalo. Diabolose ha a tšehetse tokisetso ea lenyalo, ebile ha a batle hore manyalo a atlehe. Kahoo, e le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, re lokela ho talima lenyalo ka tsela eo Molimo a le talimang ka eona.

14, 15. U ka etsa’ng haeba u lekeha hore u kenelle boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate?

14 Ebang re lenyalong kapa re masoha, re lokela ho sebetsa ka thata ho loantša boitšoaro bo bobe. Na ho bonolo? Che! Ka mohlala, haeba u mocha ea kenang sekolo, u ka ’na ua utloa lithaka tsa hao li ithorisa ka hore li robala le motho leha e le ofe eo li batlang ho robala le eena. Kapa ka hore li romellana melaetsa e litšila ea thobalano ka liselefouno. Ha e le hantle, linaheng tse ling molao o nka hore ho etsa seo ho tšoana le ho romellana litšoantšo tsa bana tse litšila. Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) Maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate a tliselitse batho masisa-pelo esita le ho bolaea ba bang. Bacha ba bangata ba ileng ba kopanela liphate pele ho lenyalo ba ikoahlaela seo. Lefatše la boithabiso le batla re lumele hore re ka tlōla molao oa Molimo empa re sa kotule liphello tsa seo. Haeba re kholoa mashano ana, re tla khelosoa ke “matla a thetsang a sebe.”—Baheberu 3:13.

15 U ka etsa’ng haeba u lekeha hore u kenelle boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate? Lemoha bofokoli ba hao. (Baroma 7:22, 23) Rapela Molimo hore a u fe matla. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Qoba maemo a ka etsang hore u oele boitšoarong bo bobe. (Liproverbia 22:3) Ha ho hlaha teko e hanele hang-hang.—Genese 39:12.

16. Jesu o ile a re’ng ha Satane a mo leka, hona re ithuta’ng mohlaleng oa hae?

16 Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. Ha aa ka a thetsoa ke litšepiso tsa Satane. Ebile ha aa ka a batla le ho nahana ka tsona. Ho e-na le hoo, o ile a re ho Satane: “Ho ngoliloe.” (Bala Matheu 4:4-10.) Jesu o ne a tseba Lentsoe la Molimo, kahoo o ile a nolofalloa ho qotsa mangolo ha Satane a mo leka. E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, ha rea lokela ho inehela tekong ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.—1 Bakorinthe 6:9, 10.

BONTŠA MAMELLO ’ME U HLŌLE

17, 18. (a) Satane o sebelisa maraba afe a mang, hona ke hobane’ng ha re sa makatsoe ke seo? (b) Ho tla etsahala’ng ka Satane, hona see se u khothatsa joang hore u mamelle?

17 Boikhohomoso, ho rata lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ke a mang feela a maraba a Satane. Ho na le a mang a mangata. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba hanyetsoa ke litho tsa malapa, ha ba bang ba songoa ke bana bao ba kenang sekolo le bona. Ba bang ba lula linaheng tseo ’muso o lekang ho thibela mosebetsi oa boboleli. Ha re makale ha re tobana le liteko tsena. Jesu o ile a re lemosa a re: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:22.

Satane o tla timetsoa (Sheba serapa sa 18)

18 Re ka loantša Satane joang ’me ra mo hlōla? Jesu o ile a re: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Lintho tseo batho ba ka li etsang ho re utloisa bohloko ke tsa nakoana. Ha ho motho ea ka senyang setsoalle sa rōna le Molimo, ntle le ha re itumella hore se senyehe. (Baroma 8:38, 39) Esita le haeba bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba ka shoa, seo ha se bolele hore Satane o hlōtse. Jehova o tla ba tsosa. (Johanne 5:28, 29) Empa Satane eena ha a na bokamoso. Ka mor’a hore lefatše lena le khopo le felisoe, o tla liheloa ka mohohlong ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:1-3) Qetellong ea lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste, Satane “o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae,” ’me o tla leka batho ba phethahetseng ka lekhetlo la ho qetela. Ka mor’a moo, o tla timetsoa. (Tšenolo 20:7-10) Le hoja Diabolose a tla timetsoa, uena u na le monyetla oa ho phela! Tsoela pele ho loantša Satane, ’me u lule u le matla tumelong. U ka loantša Satane ’me ua mo hlōla!