Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli

Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli

“Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.”—JOHANNE 2:17.

LIPINA: 127, 118

1, 2. (a) Nakong e fetileng, bahlanka ba Jehova ba ne ba mo rapela hokae? (b) Jesu o ne a ikutloa joang ka tempele ea Jehova e Jerusalema? (c) Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see?

BAHLANKA ba Molimo ba nakong e fetileng ba ne ba e-na le libaka tsa borapeli ’me ho joalo le kajeno. Ka mohlala, e ka ’na eaba Abele o ile a haha aletare ha a nyehela mahlabelo ho Jehova. (Genese 4:3, 4) Noe, Abrahama, Isaka, Jakobo hammoho le Moshe le bona ba ile ba haha lialetare. (Genese 8:20; 12:7; 26:25; 35:1; Exoda 17:15) Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba hahe tabernakele. (Exoda 25:8) Hamorao a ba laela hore ba hahe tempele. (1 Marena 8:27, 29) Ha batho ba Molimo ba khutla botlamuoeng Babylona, ba ne ba kopanela lisynagogeng. (Mareka 6:2; Johanne 18:20; Liketso 15:21) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bona ba ne ba kopanela malapeng. (Liketso 12:12; 1 Bakorinthe 16:19) Kajeno, bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara ba kopanela Liholong Tsa ’Muso tse likete tse mashome, moo ba ithutang ka Jehova le ho mo rapela.

2 Jesu o ne a hlompha tempele ea Jehova e Jerusalema haholo. Tsela eo Jesu a neng a rata tempele ka eona, e ile ea hopotsa barutuoa ba hae mantsoe a mopesaleme a reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Pesaleme ea 69:9; Johanne 2:17) Holo ea ’Muso hase “ntlo ea Jehova” ka kutloisiso e kang ea tempele e neng e le Jerusalema. (2 Likronike 5:13; 33:4) Leha ho le joalo, re lokela ho hlompha libaka tsa rōna tsa borapeli haholo. Sehloohong sena re tlil’o tšohla melao-motheo ea Bibele e bontšang kamoo re lokelang ho itšoara kateng ha re le Liholong Tsa ’Muso, hore na re ka li hlokomela joang esita le ho thusa ho li lefella. *—Sheba naletsana.

RE HLOMPHA LIBOKA

3-5. Holo ea ’Muso ke eng, hona re lokela ho ikutloa joang ka liboka?

3 Holo ea ’Muso ke setsi sa borapeli moo batho ba bokanang teng ho rapela Jehova. Liboka ke mpho e tsoang ho Molimo ebile li re thusa ho matlafatsa kamano ea rōna le eena. Ha re le libokeng, mokhatlo oa hae o re fa khothatso le tataiso eo re e hlokang. Ka sebele ke tlotla ho mengoa ke Jehova le Mora oa hae ho tla ja “tafoleng ea Jehova” beke le beke. (1 Bakorinthe 10:21) Re lokela ho lula re ananela memo ena e khethehileng.

4 Jehova o re bolella ka ho hlaka hore re lokela ho ba teng libokeng e le hore re mo rapele le ho khothatsana. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Kaha re hlompha Jehova, re ke ke ra fosa liboka ntle le ha ho e-na le lebaka le utloahalang. Ha re lokisetsa liboka le ho nka karolo ho tsona re bontša hore rea li ananela.—Pesaleme ea 22:22.

5 Tsela eo re itšoarang ka eona ha re le libokeng le eo re hlokomelang Holo ea ’Muso ka eona, e bontša hore na re hlompha Jehova hakae. Re batla hore boitšoaro ba rōna bo tlotlise lebitso la Jehova, le hlahang botong ea Holo ea ’Muso.—Bapisa le 1 Marena 8:17.

6. Batho ba bang ba ’nile ba re’ng ka Liholo Tsa ’Muso le ka batho ba tlang libokeng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Batho baa elelloa ha re hlompha Holo ea ’Muso. Ka mohlala, monna e mong oa Turkey o ile a re: “Ke ile ka khahloa ke bohloeki le tsela eo lintho li neng li hlophisehile ka eona Holong ea ’Muso. Batho ba ne ba apere hantle, ba le botsoalle ’me ba ntumelisa ka mofuthu. Sena se ile sa nkhahla haholo.” Monna eo o ile a qala ho tla libokeng kamehla ’me ka mor’a nakoana a kolobetsoa. Motseng o mong oa Indonesia, barab’abo rōna ba ile ba mema baahelani ba bona, majoro hammoho le ba bang ba boholong pusong hore ba tl’o bona Holo ea ’Muso. Majoro o ile a khahloa ke tsela e ntle eo holo e hahiloeng ka eona le ke botle ba serapa. O ile a re: “Tsela eo holo ena e hloekileng ka eona e bontša hore tumelo ea lōna ke ea ’nete.”

Tsela eo re itšoarang ka eona e ka hlompholla Molimo (Sheba serapa sa 7 le 8)

7, 8. Re ka bontša joang hore re hlompha Jehova ha re le Holong ea ’Muso?

7 Ke Jehova ea re memang hore re tle libokeng, ’me o tsotella tsela eo re itlhophang le ho itšoara ka eona ha re le moo. Kahoo, re qoba ho fetelletsa lintho. Le hoja re sa itšoare ka thata-thata, empa le teng ha re lokolohe ho tlōla tekano. Ke ’nete hore Jehova o batla re phutholohe ha re le Holong ea ’Muso, hammoho le batho bao re ba memmeng. Empa ha re batle ho hlompholla liboka ka tsela leha e le efe. Ke kahoo re sa apareng habohlasoa kapa hona ho ikaparela feela ha re e-ea libokeng, ’me re qoba ho romellana melaetsa ka fono, ho bua, ho ja, kapa ho noa ha liboka li ntse li tsoela pele. Batsoali le bona ba lokela ho ruta bana hore ba se ke ba matha kapa ba bapalla ka Holong ea ’Muso.—Moeklesia 3:1.

8 Ha Jesu a bona batho ba rekisa lintho ka tempeleng ea Molimo, o ile a halefa ’me a ba leleka. (Johanne 2:13-17) Holong ea ’Muso ke moo re rapelang Jehova le ho ithuta ka eena. Kahoo, ha rea lokela ho sebetsana le litaba tsa khoebo ha re le moo.—Bapisa le Nehemia 13:7, 8.

RE THUSA KAHONG EA LIHOLO TSA ’MUSO

9, 10. (a) Batho ba Jehova ba haha Liholo Tsa ’Muso joang, hona ka phello efe? (b) Mokhatlo oa Jehova o etsa’ng ho thusa liphutheho tse se nang bokhoni hore li be le Liholo Tsa ’Muso?

9 Lefatšeng ka bophara batho ba Jehova ba sebetsa ka thata ho haha Liholo Tsa ’Muso. Baithaopi ba sa lefuoeng ba toroea lipolane tsa liholo, ba li hahe le ho li nchafatsa. Ka lebaka la seo, lilemong tse 15 tse fetileng, re hahile Liholo Tsa ’Muso tse ntle tse fetang 28 000 lefatšeng ka bophara, kapa liholo tse ka bang hlano ka letsatsi.

10 Mokhatlo oa Jehova o romela baithaopi ho haha Liholo Tsa ’Muso moo li hlokahalang, ’me o sebelisa menehelo ho koahela litšenyehelo. Re latela molao-motheo oa Bibele oa hore ba nang le ho hongata ba thuse ba hlokang. (Bala 2 Bakorinthe 8:13-15.) See se bile le phello efe? Liphutheho tse ngata tse se nang bokhoni li hahetsoe Liholo Tsa ’Muso.

11. Barab’abo rōna ba bang ba re’ng ka Liholo Tsa ’Muso tseo ba li hahetsoeng, hona see se etsa hore u ikutloe joang?

11 Barab’abo rōna ba phutheho e ’ngoe ea Costa Rica ba ile ba ngola ba re: “Ha re eme ka pel’a Holo ea rōna ea ’Muso, ekare rea lora! Ha re kholoe mahlo a rōna. Ho nkile matsatsi a robeli feela, ho haha holo ena e ntle! E bile teng ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, litokisetso tse entsoeng ke mokhatlo oa hae le ka lebaka la tšehetso ea barab’abo rōna. Ka sebele sebaka sena sa borapeli ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova. Ruri rea se rata.” Hoa thabisa ho utloa bara le barali babo rōna ba leboha Jehova ka seo a ba etselitseng sona. Hape rea thaba hore ebe le likarolong tse ling tsa lefatše, barab’abo rōna ba na le Liholo Tsa ’Muso. Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso, kaha batho ba bangata ba tla libokeng ho tla ithuta ka Jehova ha ho se ho e-na le holo.—Pesaleme ea 127:1.

12. U ka kenya letsoho joang kahong ea Liholo Tsa ’Muso?

12 U ka kenya letsoho joang kahong ea Liholo Tsa ’Muso? Mohlomong u ka ithaopela ho thusa mosebetsing ona oa kaho. Hape, kaofela ha rōna re ka tšehetsa ka ho ntša monehelo o tla lefella litšenyehelo tsa kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ha re etsa sohle se matleng a rōna ho tšehetsa mosebetsi ona, re tla latsoa thabo e tlisoang ke ho fana ’me ka holim’a tsohle re rorise Jehova. Re etsisa bahlanka ba Molimo ba mehleng ea Bibele, ba neng ba chesehela ho ntša monehelo o sebelisetsoang ho haha libaka tsa borapeli.—Exoda 25:2; 2 Bakorinthe 9:7.

RE BOLOKA HOLO EA ’MUSO E HLOEKILE

13, 14. Re ithuta’ng ka Bibeleng e bontšang hore re lokela ho boloka Holo ea rōna ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe?

13 Jehova ke Molimo ea hloekileng le ea halalelang. ’Me o hlophisehile. Ke kahoo re lokelang ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. (Bala 1 Bakorinthe 14:33, 40.) E le hore re hloeke re be re halalele ho tšoana le Jehova, re lokela ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, ’me hape re boloke menahano ea rōna, liketso hammoho le ’mele ea rōna e hloekile.—Tšenolo 19:8.

14 Re nolofalloa ho memela batho libokeng tsa rōna haeba re boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Batho ba tla bona hore re phela tumellanong le seo re se rutang ha re bua ka lefatše le lecha le hloekileng. Ba tla bona hore re rapela Molimo ea hloekileng le ea halalelang, ea tla fetola lefatše lena paradeise e ntle.—Esaia 6:1-3; Tšenolo 11:18.

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho se bonolo ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile? Ke hobane’ng ha re lokela ho e boloka e hloekile? (b) Phuthehong ea lōna le na le kemiso efe ea ho hloekisa Holo ea ’Muso, hona e mong le e mong oa rōna o na le tlotla efe?

15 Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka bohloeki. Hobane’ng? Mohlomong ka lebaka la tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona. Ba bang ba tsamaea litseleng tse lerōle kapa tse liretse. Ba bang ba lula libakeng tse se nang metsi a lekaneng kapa ba haelloa ke lintho tsa ho hloekisa. Empa ho sa tsotellehe hore na re lula hokae le hore na batho ba sebakeng seo re lulang ho sona ba ikutloa joang ka bohloeki, re lokela ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Ke sebaka seo re rapelang Jehova ho sona.—Deuteronoma 23:14.

16 Haeba re batla hore Holo ea ’Muso e lule e hloekile re lokela ho hlophiseha. Baholo ba etsetsa phutheho kemiso ea ho hloekisa holo ’me ba netefatsa hore lintho tse hloekisang li lula li le teng. Ba boetse ba hlophisa lintho ho tiisa hore mosebetsi o oa phethoa. Lintho tse ling li lokela ho hloekisoa nako le nako ka mor’a liboka, ha tse ling li hloekisoa ka mor’a nako e itseng. Kaofela ha rōna re na le tlotla ea ho kopanela mosebetsing oa ho hloekisa Holo ea ’Muso.

RE HLOKOMELA HOLO EA ’MUSO

17, 18. (a) Re ithuta’ng tseleng eo bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ’nileng ba hlokomela tempele ka eona? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomela Holo ea rōna ea ’Muso?

17 Re boetse re boloka Holo ea rōna ea ’Muso e le boemong bo botle ka ho lokisa lintho tse robehileng. Bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba etsa se tšoanang. Ka mohlala, nakong ea puso ea Morena Joase oa Juda, batho ba ile ba fana ka chelete e le monehelo tempeleng. Morena o ile a laela baprista hore ba sebelise chelete eo ho lokisa tempele. (2 Marena 12:4, 5) Lilemo tse fetang 200 hamorao, Morena Josiase le eena o ile a sebelisa monehelo oa tempele ho e lokisa.—Bala 2 Likronike 34:9-11.

18 Libakeng tse ling, Komiti ea Lekala e hlokometse hore batho ba tšimong e oelang tlas’a lekala, ha baa tloaela ho boloka mehaho le thepa li le boemong bo botle. Mohlomong ke hobane batho ba tsebang ho etsa mosebetsi ba haella. Kapa mohlomong hobane ho se na chelete e lekaneng ea ho lefella litšenyehelo. Empa haeba re sa lokise Holo ea rōna ea ’Muso, e tla qetella e le bohlasoa ’me batho ba tla elelloa. Ha e na ho fana ka bopaki bo botle. Empa ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho hlokomela Holo ea rōna ea ’Muso, re tla tlotlisa Jehova ’me re baballe chelete eo barab’abo rōna ba faneng ka eona.

Re lokela ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le boemong bo botle (Sheba serapa sa 16 le 18)

19. U ikemiselitse ho etsa’ng ho bontša hore u hlompha sebaka seo u rapelang Jehova ho sona?

19 Holo ea ’Muso ke mohaho o nehetsoeng ho Jehova. Hase ea motho kapa ea phutheho e itseng. Joalokaha re bone sehloohong sena, melao-motheo ea Bibele e re thusa ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka sebaka seo re rapelang Molimo ho sona. Kaha re hlompha Jehova, re hlompha liboka le Holo ea ’Muso. Re thabela ho fana ka chelete ho tlatsetsa ho hahoeng ha Liholo Tsa ’Muso, ’me re ikitlaelletsa ho li boloka li le boemong bo botle ebile li hloekile. Joaloka Jesu re bontša ho chesehela sebaka seo re rapelang Jehova ho sona ebile rea se hlompha.—Johanne 2:17.

^ ser. 2 Sehloohong sena re bua ka Liholo Tsa ’Muso. Empa boitsebiso boo re tlil’o bo tšohla bo ka boetse ba sebelisoa le Liholong Tsa Kopano le libakeng tse ling tse sebelisetsoang ho rapela Jehova.