Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ‘Rata Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata’?

Na U ‘Rata Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata’?

“U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—MATHEU 22:39.

LIPINA: 73, 36

1, 2. Mangolo a bontša bohlokoa ba lerato joang?

LERATO ke tšobotsi ea Jehova Molimo e ka sehloohong. (1 Johanne 4:16) Jesu Kreste, e leng letsibolo la pōpo, o qetile lilemo tse libilione le Ntate oa hae leholimong ’me o oa tseba hore Jehova ke Molimo ea lerato. (Bakolose 1:15) Jesu o bonahalitse lerato le tšoanang ha a le leholimong le ha a le lefatšeng. Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba tla tsoela pele ho busa ka lerato.

2 Ha motho e mong a botsa Jesu hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”—Matheu 22:37-39.

3. “Moahelani” oa rōna ke mang?

3 Ke habohlokoa hore re bontše lerato litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba bang. Jesu o ile a re re lokela ho rata Jehova le moahelani. Empa “moahelani” oa rōna ke mang? Haeba re lenyalong, balekane ba rōna ke bona baahelani ba rōna ba haufi ka ho fetisisa. Baahelani ba rōna ba boetse ba akarelletsa bara le barali babo rōna ka phuthehong, esita le batho bao re ba pakelang tšimong. Sehloohong sena, re tla ithuta hore na re ka bontša baahelani ba rōna lerato joang.

RATA MOLEKANE OA HAO

4. Le hoja re sa phethahala, ke’ng e ka re thusang hore re be le manyalo a atlehileng?

4 Jehova o ile a bōpa Adama le Eva, ’me a ba kopanya. Leo e bile lona lenyalo la pele. Molimo o ne a batla hore ba thabe, ’me ba tlatse lefatše ka bana. (Genese 1:27, 28) Empa ka mor’a hore ba tlōle molao oa Jehova, lenyalo la bona le ile la ba le mathata, ’me ba fetisetsa sebe le lefu ho rōna bohle. (Baroma 5:12) Ho sa tsotellehe seo, re ka ba le manyalo a atlehileng kajeno. Jehova Mothehi oa lenyalo, o file banna le basali keletso e molemo haholo ka Bibeleng.—Bala 2 Timothea 3:16, 17.

Jehova o lebeletse hore monna e be hlooho e lerato

5. Lerato ke la bohlokoa hakae lenyalong?

5 Bibele e re batho ba lokela ho bontšana botsoalle le lerato e le hore ba thabe. Ho joalo le ka banyalani. Ha moapostola Pauluse a hlalosa lerato la sebele o ile a re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:4-8) Ha re nahana ka seo Pauluse a se buileng ’me re se sebelisa, re ka thaba manyalong a rōna.

Bibele e re bontša hore na re ka etsa’ng e le hore re atlehe lenyalong (Sheba serapa sa 6 le 7)

6, 7. (a) Bibele e re’ng ka bohlooho? (b) Monna oa Mokreste o lokela ho tšoara mosali oa hae joang?

6 Jehova ke eena ea entseng qeto ea hore na ke mang eo e lokelang ho ba hlooho ka lapeng. Pauluse o re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Empa Jehova o lebeletse hore monna e be hlooho e lerato, eseng e hatellang kapa e sehlōhō. Jehova ka boeena ke Hlooho e mosa le e se nang boithati. Ke kahoo Jesu a ikokobelletsang bolaoli ba hae bo lerato. O ile a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Jesu o ne a ke ke a ikutloa ka tsela eo hoja ebe Jehova o ne a mo tšoere hampe.

7 Le hoja monna e le hlooho ea mosali, Bibele e re o lokela ho mo hlompha. (1 Petrose 3:7) Monna a ka etsa see joang? O lokela ho nahanela litlhoko tsa hae ’me a hlomphe maikutlo a hae. Bibele e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Ha e le hantle, Jesu o ile a shoela balateli ba hae. Ha monna e le hlooho e lerato joaloka Jesu, ho tla ba bonolo hore mosali oa hae a mo rate, a mo hlomphe le ho tšehetsa liqeto tsa hae.—Bala Tite 2:3-5.

RATA BARA LE BARALI BENO

8. Re lokela ho ikutloa joang ka bara le barali babo rōna?

8 Kajeno, ho na le batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba sebeletsang Jehova. Ke bara le barali babo rōna. Re lokela ho ikutloa joang ka bona? Bibele e re: “A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10; bala Baroma 12:10.) Moapostola Petrose o ile a re ‘ho mamela ha rōna ’nete’ ho lokela ho hlahisa “lerato la bara ba motho” le se nang boikaketsi. Petrose o ile a boela a re ho Bakreste-’moho le eena: “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo.”—1 Petrose 1:22; 4:8.

9, 10. Ke’ng e etsang hore bahlanka ba Molimo ba momahane?

9 Mokhatlo oa rōna oa lefatšeng lohle o oa ikhetha. Hobane’ng? Hobane re rata bara le barali babo rōna ka lerato la sebele. Habohlokoa le ho feta, kaha re rata Jehova ’me re mamela melao ea hae, o re tšehetsa ka moea o halalelang, e leng matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. Moea oa Molimo o re thusa hore re momahane le barab’abo rōna lefatšeng lohle.—Bala 1 Johanne 4:20, 21.

10 Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba hore Bakreste ba ratane, ha a re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:12-14) Ruri rea thaba hore ebe ho sa tsotellehe hore na re tsoa hokae, re na le lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe”!

Ntho e khethollang Lipaki Tsa Jehova e le balateli ba Kreste ba ’nete, bao Molimo a ba sebelisetsang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, ke lerato le bonngoe

11. Ke’ng e khethollang bahlanka ba Molimo?

11 Se khethollang bahlanka ba Jehova e le balumeli ba ’nete ke lerato le bonngoe bo teng har’a bona. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong, hore re lokela ho ratana.” (1 Johanne 3:10, 11) Ntho e khethollang Lipaki Tsa Jehova e le balateli ba Kreste ba ’nete, bao Molimo a ba sebelisetsang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, ke lerato le bonngoe.—Matheu 24:14.

HO BOKELLOA HA “BONGATA BO BOHOLO”

12, 13. “Bongata bo boholo” bo etsa’ng kajeno, hona bo letetsoe ke eng?

12 Bahlanka ba Jehova ba bangata kajeno ke karolo ea “bongata bo boholo,” ba tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ’me ba tšehetsa ’Muso. “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana” ka ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ba “bongata bo boholo” ba rata Jehova le Mora oa hae, ’me ba sebeletsa Jehova “bosiu le motšehare.”—Tšenolo 7:9, 14, 15.

13 Haufinyane Molimo o tla felisa lefatše lena le khopo nakong ea “matšoenyeho a maholo.” (Matheu 24:21; bala Jeremia 25:32, 33.) Empa Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae le ho ba kenya lefatšeng le lecha, kaha o oa ba rata. Joalokaha a tšepisitse lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Na u labalabela ho phela Paradeiseng, ha ho se ho felisitsoe bokhopo, bohloko le lefu?—Tšenolo 21:4.

14. Palo ea bongata bo boholo e eketsehile hakae?

14 Ha matsatsi a ho qetela a qala ka 1914, bahlanka ba Molimo ba ne ba le likete tse seng kae feela. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, bara le barali bana babo rōna ba tlotsitsoeng ba ile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobana le ’ona, kaha ba ne ba rata baahelani ebile Molimo a ba thusa ka moea o halalelang. See se bile le phello efe? Kajeno, ho bokelloa bongata bo boholo bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ho na le Lipaki tse ka bang 8 000 000 liphuthehong tse fetang 115 400 ho pota lefatše, ’me palo eo e ntse e eketseha. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2014 ho kolobelitsoe Lipaki tse ncha tse fetang 275 500, e leng hoo e ka bang tse 5 300 beke ka ’ngoe.

15. Ke’ng e thusang batho ba bangata hore ba utloe litaba tse molemo kajeno?

15 Hoa hlolla ho tseba hore na ke batho ba bangata hakae ba seng ba utloile litaba tse molemo tsa ’Muso. Kajeno, lingoliloeng tsa rōna li fumaneha ka lipuo tse fetang 700. Molula-Qhooa ke makasine e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng. Khoeli le khoeli, ho hatisoa likopi tse fetang 52 000 000 ka lipuo tse 247. ’Me buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusang batho ho ithuta Bibele, e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 250. Hona joale, ho se ho hatisitsoe tse fetang 200 000 000.

16. Ke hobane’ng ha mokhatlo oa Jehova o hōla?

16 Mokhatlo oa rōna o oa hōla kaha re tšepa Molimo ’me re lumela hore Bibele ke Lentsoe la hae le bululetsoeng. (1 Bathesalonika 2:13) Re tsoela pele ho thabela litlhohonolofatso tsa Jehova, le hoja Satane a re hloile a bile a re hanyetsa.—2 Bakorinthe 4:4.

RATA BA BANG KA LINAKO TSOHLE

17, 18. Jehova o batla hore re ikutloe joang ka batho ba sa mo sebeletseng?

17 Batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng ha re ba pakela. Ba bang baa re mamela, ha ba bang ba hloile molaetsa oa rōna. Jehova o batla hore re ikutloe joang ka batho ba sa mo sebeletseng? Ho sa tsotellehe hore na ba itšoara joang ha re ba pakela, re etsa seo Bibele e re eletsang hore re se etse. E re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Neng le neng ha re buella seo re se lumelang, re batla ho etsa seo “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng,” hobane re rata baahelani ba rōna.—1 Petrose 3:15.

18 Esita le ha batho ba re halefela kapa ba sa mamele molaetsa oa rōna, re ba bontša lerato la boahelani ’me re latela mohlala oa Jesu. Ha Jesu a ne “a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka.” Ho e-na le hoo, Jesu o ile a tšepa Jehova. (1 Petrose 2:23) Kahoo, ka linako tsohle re lokela ho bontša boikokobetso, ’me re mamele keletso e reng: ‘Le se ke la phetetsa bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola, empa, ho fapana le hoo, le hlohonolofatse.’—1 Petrose 3:8, 9.

Re lokela ho rata lira tsa rōna, ho sa tsotellehe hore na li re tšoara joang

19. Re lokela ho tšoara lira tsa rōna joang?

19 Boikokobetso bo re thusa ho mamela molao-motheo oa bohlokoa oo Jesu a re fileng oona ha a ne a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:43-45) Kaha re bahlanka ba Molimo, re lokela ho rata lira tsa rōna, ho sa tsotellehe hore na li re tšoara joang.

20. Re tseba joang hore lefatšeng le lecha bohle ba tla rata Molimo le moahelani? (Sheba setšoantšo se qalong.)

20 Re lokela ho bontša ka linako tsohle hore re rata Jehova le moahelani. Esita le haeba batho ba re hanyetsa ba bile ba sa mamele molaetsa oa rōna, rea ba phallela ha ba hloka thuso. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana; kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao. Etsoe molao o reng, ‘U se ke ua feba, U se ke ua bolaea, U se ke ua utsoa, U se ke ua chacheha ka mohono,’ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao.” (Baroma 13:8-10) Le hoja lefatše lena le khopo le busoang ke Satane le tletse mabifi le likarohano, bahlanka ba Molimo ba bontša baahelani ba bona lerato la sebele. (1 Johanne 5:19) Ka mor’a hore Jehova a timetse Satane le bademona ba hae le lefatše lena le khopo, batho bohle ba tla ratana. E tla ba ho thabisang hakaakang ha bohle ba phelang lefatšeng ba tla be ba rata Jehova le moahelani!