Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilemo Tse Lekholo ’Muso oa Molimo o Busa!

Lilemo Tse Lekholo ’Muso oa Molimo o Busa!

“E se eka Molimo oa khotso . . . a ka le hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore le etse thato ea hae.”—BAHEBERU 13:20, 21.

LIPINA: 136, 14

1. Mosebetsi oa boboleli e ne e le oa bohlokoa hakae ho Jesu? Hlalosa.

JESU o ne a rata ho bua ka ’Muso oa Molimo. Ha a le lefatšeng, o ile a bua ka ’Muso oo ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. O ile a bua ka oona ka makhetlo a fetang lekholo nakong ea tšebeletso ea hae. Ka sebele, Jesu o ne a nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa.—Bala Matheu 12:34.

2. Ke batho ba bakae ba neng ba le teng ha ho fanoa ka taelo e ho Matheu 28:19, 20, hona ke hobane’ng ha re cho joalo?

2 Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a kopana le batho ba fetang 500 ba neng ba thahasella ho ba barutuoa ba hae. (1 Bakorinthe 15:6) Mohlomong ke hona mona moo Jesu a ileng a ntša taelo ea hore litaba tse molemo li boleloe ho “batho ba lichaba tsohle.” Mosebetsi oo o ne o sa tl’o ba bobebe. * (Sheba naletsana.) O ile a ba bolella hore mosebetsi oa boboleli o ne o tla tsoela pele ka nako e telele, ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Kajeno ha u bolela litaba tse molemo, u kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta boo.—Matheu 28:19, 20.

3. Ke lintho life tse tharo tse re thusitseng ho bolela litaba tse molemo?

3 Ka mor’a hore Jesu a ntše taelo ea hore ho boleloe litaba tse molemo, o ile a re: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle.” (Matheu 28:20) Kahoo, Jesu o ile a tšepisa balateli ba hae hore o tla tataisa mosebetsi oa boboleli le ho ba thusa ho bolela lefatšeng lohle. Jehova le eena o na le rōna. O re file “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo” ho re thusa ho bolela. (Baheberu 13:20, 21) Sehloohong sena, re tlil’o tšohla lintho tse tharo tse molemo tseo a re fileng tsona: (1) lithulusi tse re thusang, (2) mekhoa eo re e sebelisang le (3) koetliso eo re e fuoang. A re qaleng ka ho bua ka lithulusi tse ling tseo re ’nileng ra li sebelisa lilemong tse lekholo tse fetileng.

LITHULUSI TSE THUSANG BAHLANKA BA MOLIMO HO BOLELA

4. Lithulusi tse fapaneng li re thusitse joang mosebetsing oa rōna oa boboleli?

4 Jesu o ile a bapisa molaetsa oa ’Muso le peō e jaloang mefuteng e sa tšoaneng ea mobu. (Matheu 13:18, 19) Molemi o sebelisa lithulusi tse fapaneng ho nolofatsa mobu. Ka ho tšoanang, Morena oa rōna o re file lithulusi tseo re ka li sebelisang ho thusa batho hore ba amohele molaetsa oa rōna. Lithulusi tse ling li ile tsa sebetsa ka nakoana, ha tse ling tsona li ntse li sebelisoa le kajeno. Empa kaofela ha tsona li re thusitse ho ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho bolela.

Karete ea bopaki e ile ea thusa batho ba bangata hore ba qale ho bolela

5. Karete ea bopaki e ne e le eng, hona e ne e sebelisoa joang?

5 Ka 1933, bahoeletsi ba ile ba qala ho sebelisa karete ea bopaki, e ileng ea thusa batho ba bangata ho qala ho bolela. E ne e le karete e nyenyane e nang le molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele. Ka linako tse ling ho ne ho hatisoa karete e ncha e nang le molaetsa o fapaneng. Mor’abo rōna Erlenmeyer o ile a qala ho sebelisa karete eo ha a le lilemo li ka bang leshome. O re: “Ha re fumana mong’a ntlo re ne re re, ‘Ke kōpa u bale karete ena.’ Ka mor’a hore a e bale, re ne re mo fa sengoliloeng ebe rea tsamaea.”

6. Karete ea bopaki e ile ea thusa bahoeletsi joang?

6 Karete ea bopaki e ne e thusa bahoeletsi ka litsela tse ngata. Ka mohlala, bahoeletsi ba bang ba ne ba le lihlong, ’me le hoja ba batla ho paka ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng. Ba bang ba ne ba le sebete haholo. Ba bolella mong’a ntlo sohle seo ba se tsebang ka metsotso e seng mekae, ba bile ba bua ka tsela e hlabang. Karete ea bopaki e ne e thusa bahoeletsi bohle hore ba fane ka molaetsa o hlakileng le o utloahalang.

7. Ho sebelisa karete ho ne ho e-na le mathata afe?

7 Ho ne ho boetse ho e-na le mathata. Morali’abo rōna Grace Estep o re: “Ka linako tse ling beng ba matlo ba ne ba re, ‘E re’ng karete ee? Ke’ng u sa mpolelle feela hore na e re’ng?’” Hape batho ba bang ba ne ba sa khone ho bala se ngotsoeng moo. Ba bang ba ne ba nka karete eo ebe ba koala monyako. Batho ba bang ba neng ba sa rate molaetsa oa rōna ba ne ba e tabola. Le hoja ho ne ho e-na le mathata, karete ea bopaki e ne e thusa bahoeletsi ho pakela baahelani ba bona ’me e ba khetholla e le baboleli ba ’Muso.

8. Likeramafono li ne li sebelisoa joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Thulusi e ’ngoe e ileng ea sebelisoa ka mor’a 1930 ke keramafono. Lipaki tse ling li ne li e bitsa Arone, kaha ke eona e neng e bua eseng tsona. (Bala Exoda 4:14-16.) Haeba mong’a ntlo a lumela, mohoeletsi o ne a mo bapalla puo e khutšoanyane e thehiloeng Bibeleng, ebe o mo fa lingoliloeng. Ka linako tse ling, lelapa lohle le ne le bokana ho tla mamela puo! Ka 1934, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa qala ho etsa likeramafono tse sebelisoang tšimong. Ka kakaretso ho ile ha rekotoa lipuo tse 92.

9. Keramafono e ile ea thusa bahoeletsi joang?

9 Ka mor’a hore Hillary Goslin a mamele e ’ngoe ea lipuo tseo, o ile a kōpa barab’abo rōna hore ba mo alime keramafono beke, e le hore a e’o mamelisa baahelani ba hae molaetsa oa Bibele. Seo se ile sa etsa hore batho ba ’maloa ba thahaselle ho ithuta ’nete ’me ba kolobetsoe. Ha nako e ntse e ea, barali ba babeli ba Mor’abo rōna Goslin ba ile ba ea Sekolong sa Gileade ’me ea e-ba baromuoa. Joaloka karete ea bopaki, keramafono le eona e ile ea thusa bahoeletsi ba bangata hore ba qale mosebetsi oa boboleli. Hamorao, Morena o ile a sebelisa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho koetlisa bafo ba hae hore e be mesuoe e atlehang.

HO SEBELISA MEKHOA E SA TŠOANENG HO FINYELLA BATHO

10, 11. Likoranta le seea-le-moea li ile tsa thusa ho phatlalatsa litaba tse molemo joang, hona ke hobane’ng ha mekhoa eo e ne e atleha?

10 Morena oa rōna o ’nile a tataisa batho ba Molimo hore ba sebelise mekhoa e fapaneng e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ba ka khonang mosebetsing oa boboleli. Mekhoa eo e ile ea thusa haholo nakong eo ho neng ho e-na le basebetsi ba seng bakae feela. (Bala Matheu 9:37.) Ka mohlala, lilemong tse fetileng ho ne ho sebelisoa likoranta ho phatlalatsa litaba tse molemo. Beke le beke Mor’abo rōna Russell o ne a romela puo e thehiloeng Bibeleng mokhatlong oa litaba. Ebe mokhatlo oo o e romela likoranteng tsa Canada, Europe le United States. Ka 1913, lipuo tsa Mor’abo rōna Russell li ne li se li hatisitsoe likoranteng tse 2 000 ’me li baloa ke batho ba ka bang 15 000 000!

Likoranta le seea-le-moea li ne li finyella batho ba bangata ba lulang libakeng tse nang le bahoeletsi ba seng bakae

11 Ho ile ha boela ha sebelisoa seea-le-moea ho bolela litaba tse molemo. Ka la 16 April, 1922, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka e ’ngoe ea lipuo tsa hae tsa pele seea-le-moeeng, e ileng ea mameloa ke batho ba ka bang 50 000. Ho e-s’o ee kae, re ile ra qala ho sebelisa seea-le-moea sa rōna se neng se bitsoa WBBR, ’me lenaneo la pele la hasoa ka la 24 February, 1924. Molula-Qhooa oa December 1, 1924, o ile oa re: “Re lumela hore ho paka ka seea-le-moea ke mokhoa o baballang chelete le o atlehang ka ho fetisisa oa ho bolela litaba tse molemo o kileng oa etsoa.” Joaloka likoranta, seea-le-moea se ile sa re thusa ho finyella batho ba bangata ba lulang libakeng tse nang le bahoeletsi ba seng bakae.

Bahoeletsi ba bangata ba ’Muso ba thabela ho paka phatlalatsa le ho bolella batho ka websaete ea rōna (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. (a) Ke mekhoa efe ea ho paka phatlalatsa e u natefelang? (b) Ke’ng e ka re thusang ho hlōla tšabo leha e le efe eo re ka bang le eona ka ho paka phatlalatsa?

12 Ho paka phatlalatsa ke mokhoa o mong o atlehang o re thusang ho finyella batho kajeno. Re ikitlaelletsa ho pakela batho moo ho emeloang libese, liteisheneng tsa literene le libakeng tseo ho pakoang likoloi ho tsona, esita le liphakeng le limmarakeng. Na u tšaba ho paka phatlalatsa? Haeba ho joalo, rapela Jehova hore a u thuse ’me u nahane ka seo Mor’abo rōna Manera eo e leng molebeli oa potoloho a se buileng ha a re: “Re nka mokhoa o mong le o mong o mocha oa ho paka e le tsela e ’ngoe ea ho sebeletsa Jehova, ea ho bontša hore rea mo tšepa le ea ho ipaka hore rea tšepahala ’me re labalabela ho bontša hore re ikemiselitse ho mo sebeletsa ka tsela leha e le efe eo a batlang ka eona.” Ha re hlōla tšabo eo re nang le eona ’me re sebelisa mekhoa e mecha ea ho paka, seo se tla etsa hore re tšepe Jehova haholoanyane ’me re be baboleli ba atlehang.—Bala 2 Bakorinthe 12:9, 10.

13. Ke hobane’ng ha ho sebelisa websaete ea rōna tšebeletsong e le mokhoa o atlehang oa ho paka, hona u bile le liphihlelo life ha u ntse u e sebelisa?

13 Bahoeletsi ba bangata ba thabela ho bolella batho ka websaete ea rōna ea jw.org, eo ho eona ba ka balang le ho kopitsa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 700. Batho ba fetang limilione tse 1,6 ba kena websaeteng ea rōna khoeli le khoeli. Nakong e fetileng, seea-le-moea se ne se finyella batho ba libakeng tse hōle. Websaete ea rōna e etsa se tšoanang kajeno.

HO KOETLISA BABOLELI BA LITABA TSE MOLEMO

14. Ho ne ho hlokahala hore bahoeletsi ba ithute ho etsa’ng, ’me ke sekolo sefe se ba thusitseng ho ba mesuoe e atlehang?

14 Lithulusi le mekhoa ea ho paka eo re sa tsoa bua ka eona e ’nile ea re thusa haholo. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba ne ba hloka koetliso. Ka mohlala, ka linako tse ling mong’a ntlo o ne a sa lumellane le seo a se utloang keramafonong. Ka linako tse ling e mong a thahasella ’me a batla ho ithuta ka ho eketsehileng. Ho ne ho hlokahala hore bahoeletsi ba ithute ho araba lipotso ka tsela e bohlale le hore e be mesuoe e hloahloa. Ha ho pelaelo hore Mor’abo rōna Knorr o ile a thusoa ke moea o halalelang hore a elelloe bohlokoa ba hore bahoeletsi ba ithute ho buisana le batho tšimong. Kahoo, ho tloha ka 1943, liphutheho li ile tsa qala ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Sekolo sena se ’nile sa thusa bohle hore e be mesuoe e atlehang.

15. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha ba bang ba qala ho fana ka puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? (b) Tšepiso ea Jehova e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 32:8 e phethahetse joang ho uena?

15 Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba sa tloaela ho bua ka pel’a batho. Mor’abo rōna Ramu o re bolella se ileng sa etsahala ha a ne a qala ho fana ka puo ka 1944. Puo eo e ne e bua ka Doege ea hlahang ka Bibeleng. O re: “Ke ne ke tlakasela, mangole a otlana le matsoho a thothomela.” O phaella ka ho re: “Ke ne ke qala ho fana ka puo sethaleng, leha ho le joalo, ka atleha ho e fana ho fihlela qetellong.” Le hoja ho se bonolo ho bua ka pel’a batho, bana le bona ba ne ba fuoa lipuo sekolong. Mor’abo rōna Manera o hopola se ileng sa etsahala ha moshanyana e mong a qala ho fana ka puo, o re: “O ne a tšohile hoo a ileng a lla ha a qala puo ea hae. Empa kaha o ne a ikemiselitse, o ile a e fana a ntse a lla joalo ho fihlela a e qeta.” Mohlomong u tšaba ho araba libokeng kapa u nahana hore u ke ke ua khona. Haeba ho joalo, kōpa Jehova hore a u thuse ho hlōla tšabo eo u nang le eona. O tla u thusa, joalokaha a ile a thusa liithuti tsa nakong e fetileng tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.—Bala Pesaleme ea 32:8.

Ho tloha ka 1943, ho se ho koetlisitsoe liithuti tsa Gileade tse fetang 8 500, ’me tsa romeloa linaheng tse 170

16. (a) Morero oa Sekolo sa Gileade ke ofe? (b) Ho bile le phetoho efe ho tloha ka 2011?

16 Mokhatlo oa Molimo o boetse o fana ka koetliso Sekolong sa Gileade. Morero o mong oa sekolo sena ke ho thusa liithuti hore li chesehele ho bolela litaba tse molemo. Sekolo sa Gileade se qalile ka 1943, ’me ho tloha ka nako eo ho se ho koetlisitsoe liithuti tse 8 500, ’me tsa romeloa linaheng tse 170. Ho tloha ka 2011, batho ba ’nileng ba memeloa sekolong sena ke bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang, basebeletsi ba Bethele kapa baromuoa ba e-s’o ka ba ea Gileade.

17. Sekolo sa Gileade se bile le molemo ofe?

17 Na Sekolo sa Gileade se bile le molemo? E. A re ke re hlahlobeng se ileng sa etsahala Japane. Ka August 1949, palo ea bahoeletsi e ne e sa fihle le ho leshome naheng eo. Empa ha selemo seo se fela, ho ne ho se ho rometsoe baromuoa ba 13 ho ea thusa bahoeletsi ba moo. Kajeno, Japane ho na le bahoeletsi ba ka bang 216 000, ’me hoo e ka bang halofo ea bona ke bo-pula-maliboho!

18. Re na le likolo life tse ling?

18 Re na le likolo tse ling tse kang Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso, Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang le Basali ba Bona le Sekolo sa Litho Tsa Komiti ea Lekala le Basali ba Bona. Likolo tsena li atlehile ho koetlisa bara le barali babo rōna le ho matlafatsa tumelo ea bona. Ho totobetse hore Jesu o tsoela pele ho koetlisa bafo ba hae.

19. Mor’abo rōna Russell o ile a re’ng ka mosebetsi oa boboleli, hona see se phethahetse joang?

19 E se e le lilemo tse fetang lekholo ’Muso oa Molimo o busa. Ho theosa le lilemo tseo, Morena oa rōna Jesu Kreste o ’nile a tataisa mosebetsi oa boboleli. Morao koana ka 1916, Mor’abo rōna Russell o ne a lumela hore litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle. O ile a re: “Mosebetsi o ntse o eketseha ka potlako, ’me o tla ’ne o tsoele pele ho eketseha, hobane ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa lefatšeng ka bophara oa ho bolela ‘kosepele ea ’muso’ lefatšeng lohle.” (Faith on the March, ea A. H. Macmillan, leqepheng la 69) Mosebetsi oo o ntse o etsoa le kajeno! Re leboha Jehova, Molimo oa khotso hore ebe o re file lintho tsohle tseo re li hlokang hore re etse thato ea hae!

^ ser. 2 Ho ka etsahala hore boholo ba batho bao e ile ea e-ba Bakreste. Ke hobane’ng ha re ka bua joalo? Hobane moapostola Pauluse o ile a re ke ‘barab’abo rōna ba makholo a mahlano.’ A phaella ka ho re: ‘Boholo ba bona ba ntse ba setse ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung.’ Kahoo, ho bonahala eka Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba tseba boholo ba batho ba neng ba le teng ha Jesu a fana ka taelo ea hore ho boleloe litaba tse molemo.