Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Koetlisa Ngoana oa Hao Hore a Sebeletse Jehova

Koetlisa Ngoana oa Hao Hore a Sebeletse Jehova

‘Ka kōpo, e-re monna oa Molimo oa ’nete a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.’—BAAHLOLI 13:8.

LIPINA: 88, 120

1. Manooa o ile a etsa’ng ha a utloa hore e tl’o ba ntate?

MANOOA le mosali oa hae ba ne ba sa nahane hore ba tla ke ba be le ngoana. Empa ka letsatsi le leng, lengeloi la Jehova le ile la bolella mosali oa Manooa hore o tla ba le mora. E tlameha ebe o ile a hlolloa! Manooa o ile a thaba haholo ha mosali oa hae a mo bolella seo. Empa o ile a boela a nahana ka ho teba ka seo Jehova a se lebeletseng ho eena joaloka ntate. Eena le mosali oa hae ba ne ba ka etsa’ng ho koetlisa mora oa bona hore a rate Jehova le ho mo sebeletsa, le hoja Baiseraele ba bangata ba ne ba etsa lintho tse fosahetseng? Manooa o ile a kōpa Jehova hore a romele lengeloi la hae hape, a re: “Monna oa Molimo oa ’nete eo u sa tsoa mo romela, ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.”—Baahloli 13:1-8.

2. Ke’ng eo u lokelang ho e ruta bana ba hao, hona u ka etsa see joang? (Sheba lebokose le reng “ Liithuti Tsa Hao Tsa Bibele Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa.”)

2 Haeba u motsoali, mohlomong u utloisisa kamoo Manooa a neng a ikutloa kateng. Le uena u na le boikarabelo ba ho thusa bana ba hao hore ba tsebe Jehova le ho mo rata. (Liproverbia 1:8) Ha le tšoere borapeli ba lelapa, u ka ba thusa hore ba ithute ka Jehova ba be ba ithute le Bibele. Ha e le hantle, ha hoa lekana ho ithuta Bibele feela le bana ba hao beke le beke. (Bala Deuteronoma 6:6-9.) Ke’ng hape eo u ka e etsang ho ba thusa hore ba rate Jehova le ho mo sebeletsa? Sehloohong sena, re tlil’o tšohla mohlala oa Jesu. Le hoja e ne e se motsoali, re ka ithuta ho hong tseleng eo a neng a ruta barutuoa ba hae le ho ba koetlisa ka eona. Jesu o ne a ba rata a bile a ikokobelitse. O ne a boetse a e-na le temoho, ka mantsoe a mang a utloisisa tsela eo ba ikutloang ka eona ’me a tseba hore na o lokela ho ba thusa joang. A re boneng hore na re ka etsisa Jesu joang.

RATA BANA BA HAO

3. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tseba joang hore o oa ba rata?

3 Jesu o ne a atisa ho bolella barutuoa ba hae hore o oa ba rata. (Bala Johanne 15:9.) O ne a boetse a qeta nako e ngata a e-na le bona. (Mareka 6:31, 32; Johanne 2:2; 21:12, 13) Jesu e ne e le mosuoe oa bona ebile e le motsoalle oa bona. Kahoo, ba ne ba kholisehile hore o oa ba rata. U ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?

4. U ka bontša bana ba hao joang hore u ua ba rata? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Bolella bana ba hao hore u ua ba rata ’me u bontše hore u ba nka e le ba bohlokoa. (Liproverbia 4:3; Tite 2:4) Samuel ea lulang Australia, o re: “Ha ke sa le ngoana, Ntate o ne a tloaetse ho mpalla Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele mantsiboea a mang le a mang. O ne a araba lipotso tsa ka ebe o oa nhaka le ho ’meta pele ke robala. Ke ile ka makala hamorao ha ke hlokomela hore Ntate o hōletse lelapeng le neng le sa tloaela ho bontša lerato ka tsela eo! Leha ho le joalo, o ile a leka ka matla ho mpontša hore o oa nthata. Seo se ile sa etsa hore re atamelane haholoanyane, ’me ke ikutloe ke khotsofetse ke bile ke sireletsehile.” Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ka tsela eo ka ho ba bolella khafetsa hore u ua ba rata. Ba bontše hore u ua ba rata. Iphe nako ea ho qoqa le bona, ea ho ja le bona le ea ho bapala le bona.

5, 6. (a) Jesu o ile a etsa’ng e bontšang hore o rata barutuoa ba hae? (b) U lokela ho khalemela bana ba hao joang?

5 Jesu o ile a re: “Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea.” * (Sheba naletsana.) (Tšenolo 3:19) Ka mohlala, barutuoa ba hae ba ne ba atisa ho pheha khang ka hore na e moholo har’a bona ke mang. Jesu ha aa ka a iphapanyetsa bothata boo. Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa ka mamello. A khetha ho ba khalemela ka nako e loketseng le sebakeng se loketseng, ’me a bua le bona ka mosa.—Mareka 9:33-37.

Khetha nako e loketseng ea ho laea bana le sebaka se loketseng, ’me u ba laee ka mosa

6 Kaha u rata bana ba hao, u ua tseba hore u lokela ho ba khalemela. Ka linako tse ling, u ka ba hlalosetsa feela hore na ke hobane’ng ha ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse. Empa u lokela ho etsa’ng haeba ba sa mamele? (Liproverbia 22:15) Ithute mohlaleng oa Jesu. Tsoela pele ho ba laea ka mamello ka hore u ba tataise, u ba koetlise le ho ba khalemela. Khetha nako e loketseng ea ho ba laea le sebaka se loketseng, ’me u etse seo ka mosa. Morali’abo rōna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Elaine o sa hopola tsela eo batsoali ba hae ba neng ba mo khalemela ka eona. Ba ne ba lula ba mo hlalosetsa seo ba lebeletseng hore a se etse. Haeba ba mo boleletse hore ba tla mo fa kotlo e itseng ha a sa mamele, ba ne ba fela ba etsa joalo. Empa o re: “Ha ho mohla ba neng ba nkhalemela ba halefile kapa ba sa mpolelle hore na ke hobane’ng ha ba mpha kotlo eo.” Ka hona, o ne a tseba hore batsoali ba hae baa mo rata.

IKOKOBETSE

7, 8. (a) Barutuoa ba Jesu ba ile ba ithuta eng lithapelong tsa hae? (b) Lithapelo tsa hao li ka thusa bana ba hao joang?

7 Ha Jesu a ne a le mothating oa ho tšoaroa le ho bolaoa, o ile a kōpa Ntate oa hae, a re: “Abba, Ntate, lintho tsohle lia khoneha ho uena; tlosa senoelo sena ho ’na. Empa leha ho le joalo ho se ke ha etsoa seo ke se batlang, empa ho etsoe seo u se batlang.” * (Sheba naletsana.) (Mareka 14:36) Barutuoa ba Jesu ba ile ba ikutloa joang ha ba utloa thapelo eo, kapa ba bala ka eona hamorao? Ba ile ba elelloa hore le hoja a phethahetse, o ntse a kōpa thuso ho Ntate oa hae. Kahoo, ba ithuta hore le bona ba lokela ho ikokobetsa le ho tšepa Jehova.

Ha bana ba utloa u kōpa Jehova hore a u thuse, le bona ba ithuta ho tšepa Jehova

8 Bana ba hao ba ka ithuta ho hongata lithapelong tseo u li etsang. Ke ’nete hore ha u rapele feela hobane u batla ho ba ruta. Ha ba utloa u rapela, le bona ba ka ithuta ho tšepa Jehova. Ha u rapela u se ke ua kōpa Jehova hore a thuse bana ba hao feela, empa u mo kōpe hore le uena a u thuse. Ana ea lulang Brazil, o re: “Ha batsoali ba ka ba ne ba tobane le mathata a kang a ho kuleloa ke batsoali, ba ne ba kōpa Jehova hore a ba fe matla le bohlale hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Esita le ha ba le tlas’a khatello e matla, ba ne ba lahlela matšoenyeho a bona ho Jehova. Seo se ile sa etsa hore ke ithute ho tšepa Jehova.” Ha bana ba hao ba utloa u kōpa Jehova hore a u fe sebete sa ho pakela moahelani kapa sa ho kōpa mohiri oa hao matsatsi e le hore u ee kopanong, ba tla hlokomela hore u tšepa Jehova, ’me ba tla ithuta ho etsa se tšoanang.

9. (a) Jesu o ile a etsa’ng ho ruta barutuoa ba hae hore ba ikokobetse le hore ba se ke ba ba le boithati? (b) Haeba u ikokobelitse ebile u se na boithati, bana ba hao ba tla ithuta’ng?

9 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ikokobetse le hore ba se ke ba ba le boithati, ’me a ba behela mohlala. (Bala Luka 22:27.) Baapostola ba hae ba ile ba lemoha hore o itetse e le hore a sebeletse Jehova le ho thusa ba bang, ’me ba ithuta ho etsa se tšoanang. Le uena u ka ruta bana ba hao ka ho ba behela mohlala. Debbie ea nang le bana ba babeli, o re: “Ha ke tšoenyehe ha monna oa ka a qeta nako a thusa ba bang ka phuthehong kaha ke moholo. Kea tseba hore ha re mo hloka, o re fa nako.” (1 Timothea 3:4, 5) Mohlala oa Debbie le monna oa hae, Pranas, o amme bana ba bona joang? Pranas o re bana ba bona ba ne ba lula ba ithaopela ho thusa likopanong. Ba ne ba thabile, ba e-na le metsoalle ’me ba rata ho qeta nako ba e-na le bara le barali babo rōna. Hona joale lelapa lohle le sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Haeba u ikokobelitse ’me u se na boithati, u ka ruta bana ba hao hore ba ithaopele ho thusa batho ba bang.

E-BA LE TEMOHO

10. Jesu o ile a lemoha eng ka batho ba bang ba Galilea ba neng ba tlile ho eena?

10 Jesu o ne a e-na le temoho e feletseng. O ne a sa shebe feela seo batho ba se etsang, empa o ne a boetse a sheba mabaka ao ba etsang seo ka ’ona. O ne a bona se ka lipelong tsa bona. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng batho ba bang ba Galilea ba ile ba tla ho eena. (Johanne 6:22-24) O ile a lemoha hore lebaka le ka sehloohong leo ba tlileng moo ka lona hase hobane ba batla hore a ba rute, empa ke hobane ba batla lijo. (Johanne 2:25) Jesu o ne a tseba hore na ba ikutloa joang. Kahoo, o ile a ba khalemela ka mamello ’me a ba hlalosetsa hore na ba lokela ho etsa liphetoho life.—Bala Johanne 6:25-27.

Thusa bana ba hao hore ba thabele tšebeletso ea tšimo (Sheba serapa sa 11)

11. (a) U ka lemoha joang tsela eo bana ba hao ba ikutloang ka eona ka tšebeletso ea tšimo? (b) U ka thusa bana ba hao joang hore ba thabele tšebeletso ea tšimo?

11 Le hoja u ke ke ua bona se ka pelong ea ngoana oa hao, u ka se lemoha. Ka mohlala, u ka leka ho utloisisa hore na bana ba hao ba ikutloa joang ka ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ntho e etsang hore ba labalabele ho ea tšimong ke hobane feela re ba le nako ea ho phomola le ho batla se eang ka maleng?’ Haeba u hlokomela hore bana ba hao ha ba thabele tšimo hakaalo, ba thuse hore ba e thabele. Ba kōpe hore ba etse lintho tse itseng, e le hore ba thabele ho nka karolo.

12. (a) Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka eng? (b) Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba hloka temoso ee?

12 Jesu o ile a boela a bontša temoho joang? O ne a tseba hore phoso e le ’ngoe e ka lebisa ho e ’ngoe esita le sebeng se tebileng, kahoo a lemosa barutuoa ba hae ka seo. Ka mohlala, barutuoa ba hae ba ne ba tseba hore boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo fosahetse. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba lemosa ka se ka lebisang motho boitšoarong bo bobe. O ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae. Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Matheu 5:27-29) Barutuoa ba Jesu ba ne ba phela har’a Baroma ba neng ba rata ho shebella litšoantšiso tsa batho ba etsang boitšoaro bo bobe le ba rohakanang. Kahoo, Jesu ka lerato o ile a lemosa barutuoa ba hae hore ba qobe ntho leha e le efe e ka ba thatafalletsang ho etsa se nepahetseng.

13, 14. U ka thusa bana ba hao joang hore ba qobe boithabiso bo litšila?

13 Kaha u motsoali, u lokela ho sebelisa temoho ho sireletsa bana ba hao hore ba se ke ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ka masoabi, matsatsing ana esita le bana ba banyenyane ba kotsing ea ho bona litšoantšo tse litšila. Kahoo, u lokela ho ba bolella hore ho fosahetse ho sheba litšoantšo tse litšila. Empa u ka boetse ua etsa ho hong ho ba sireletsa. Ipotse: ‘Na bana ba ka baa tseba hore na ke hobane’ng ha ho le kotsi ho sheba litšoantšo tse litšila? Ke’ng e ka etsang hore ba batle ho sheba litšoantšo tsee? Na ke etsa hore ba nolofalloe ho buisana le ’na ka ntho leha e le efe, e le hore ba ka nkōpa thuso ha ba le tekong ea ho sheba litšoantšo tse litšila?’ Esita le haeba bana ba sa le banyenyane, u ka re ho bona: “Ke kōpa le mpolelle haeba le bona ntho Inthaneteng e etsang hore le batle ho tseba ka taba ea ho kopanela liphate. Le se ke la tšaba kapa la ba lihlong ho bua le ’na. Ke batla ho le thusa.”

14 Khetha boithabiso ka hloko e le hore u behele bana ba hao mohlala o motle. Pranas eo re buileng ka eena pejana, o re: “U ka bolella bana lintho tse ngata, empa baa sheba hore na u etsa’ng ’me baa u etsisa.” Haeba u khetha lipina, libuka le lifilimi tse hloekileng, u tla thusa bana ba hao hore ba etse se tšoanang.—Baroma 2:21-24.

JEHOVA O TLA U THUSA

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u koetlise bana ba hao? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

15 Ho ile ha etsahala’ng ha Manooa a kōpa Jehova hore a mo thuse hore a atlehe ho hōlisa ngoana? ‘Molimo oa ’nete o ile a mamela Manooa.’ (Baahloli 13:9) Batsoali, le lōna Jehova o tla mamela lithapelo tsa lōna. O tla le thusa hore le koetlise bana ba lōna. Hape o tla le thusa hore le bontše lerato, le ikokobetse ’me le be le temoho.

16 Feela joalokaha Jehova a le thusa hore le koetlise bana ha ba sa le banyenyane, o tla le thusa hore le ba koetlise le ha ba se ba le lilemong tsa bocha. Sehloohong se latelang, re tl’o tšohla kamoo mohlala oa Jesu oa lerato, boikokobetso le temoho o ka le thusang kateng ho koetlisa bana ba lilemong tsa bocha hore ba sebeletse Jehova.

^ ser. 5 Bibele e re ho laea ho bolela ho fana ka tataiso, ho koetlisa, ho khalemela esita le ho fana ka kotlo ka linako tse ling. Batsoali ba lokela ho khalemela bana ka mosa, eseng ka bohale.

^ ser. 7 Mehleng ea Jesu, ngoana o ne a re Abba ha a bitsa ntate oa hae. Lentsoe lena le bontša ho rata motho le ho mo hlompha.—The International Standard Bible Encyclopedia.