Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Koetlisa Mocha Hore a Sebeletse Jehova

Koetlisa Mocha Hore a Sebeletse Jehova

“Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.”—LUKA 2:52.

LIPINA: 41, 89

1, 2. (a) Batsoali ba bang ba nang le bana ba lilemong tsa bocha ba tšoenyeha ka eng? (b) Bacha ba ka etsa’ng e tla ba atlehisa?

E ’NGOE ea lintho tse thabisang batsoali ka ho fetisisa ke ho bona bana ba bona ba kolobetsoa. Berenice o na le bana ba bane, ’me kaofela ha bona ba ile ba kolobetsoa ba le ka tlaase ho lilemo tse 14. O re: “Re ne re thabile ha ba kolobetsoa. Re thabetse hore bana ba rōna ba batla ho sebeletsa Jehova. Empa re boetse re tseba hore kaha ba lilemong tsa bocha, ba tl’o tobana le mathata a mangata.” Le uena taba ena e ka ’na ea u tšoenya, haholo haeba ngoana oa hao o lilemong tsa bocha kapa o haufi le ho kena ho tsona.

2 Setsebi se seng sa kelello se sebetsanang le bana se re lilemo tsa bocha li ka ba boima ho bana haesita le ho batsoali, empa batsoali ha baa lokela ho nahana hore bacha ba fapane hlooho kapa ba tletsoe ke papali. Ho fapana le hoo, bacha ba rata ho qapa lintho, ba ameha maikutlo ka ho tebileng ebile ba thabela ho qeta nako ba e-na le metsoalle ea bona. Kahoo, ha bana ba le lilemong tsa bocha, ba ka theha setsoalle se matla le Jehova, feela joalokaha Jesu a ile a etsa ha e sa le mocha. (Bala Luka 2:52.) Ba ka boela ba ntlafatsa tsela eo ba rutang ka eona tšimong le ho hlaolela takatso e matla ea ho etsa se eketsehileng tšebeletsong ea Molimo. Ho feta moo, ba ka iketsetsa liqeto tse akarelletsang ho inehela ho Jehova le ho mo mamela. Empa u ka etsa’ng ho koetlisa ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha hore a sebeletse Jehova? U ka ithuta tseleng eo Jesu a ileng a koetlisa barutuoa ba hae ka eona a sebelisa lerato, boikokobetso le temoho.

RATA NGOANA OA HAO

3. Baapostola ba ne ba tseba joang hore Jesu ke motsoalle oa bona?

3 Jesu e ne e le Monghali oa baapostola ba hae. E boetse e le motsoalle oa bona. (Bala Johanne 15:15.) Mehleng ea Bibele, monghali o ne a sa atise ho bolella makhoba seo a se nahanang le hore na o ikutloa joang. Empa Jesu o ne a sa tšoare baapostola ba hae joaloka makhoba. O ne a ba rata ’me a qeta nako le bona. O ne a thabela ho ba bolella maikutlo a hae, ’me a ba mamela ka hloko ha ba mo bolella a bona. (Mareka 6:30-32) Puisano ea Jesu le baapostola e ile ea etsa hore e be metsoalle e haufi, ’me ea ba hlomella mosebetsi o neng o larile ka pele.

4. Batsoali, le ka etsa’ng hore le be metsoalle ea bana ba lōna? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Le hoja u se thaka ea bana ba hao, u ka ba motsoalle oa bona. Metsoalle e qeta nako e le ’moho. Mohlomong u ka fokotsa nako eo u e qetang u le mosebetsing kapa u etsa lintho tse ling e le hore u be le nako e eketsehileng le bana ba hao. U lokela ho nahanisisa ka taba ena le ho e rapella. Metsoalle e boetse e rata lintho tse tšoanang. Kahoo, leka ho fumana hore na ngoana oa hao o rata ’mino, lifilimi kapa lipapali tsa mofuta ofe. Ebe le uena u leka ho li thabela. Ilaria, ea lulang Italy o re: “Batsoali ba ka ba ile ba qala ho mamela ’mino oo ke o mamelang. Ha e le hantle, ’na le Ntate re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo, ’me ka phutholoha ho mo bolella maikutlo a ka.” Ha u ba motsoalle oa bana ba hao ’me u ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova, seo ha se bolele hore le se le le lithaka. (Pesaleme ea 25:14) Bana ba hao ba tla hlokomela hore u ua ba rata le ho ba hlompha, ’me ba tla nolofalloa ho u phetlela sefuba.

5. Ke’ng e neng e tla etsa hore barutuoa ba Jesu ba sebeletse Jehova ba thabile?

5 Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba tla thaba ha ba sebeletsa Jehova ka cheseho ’me ba lula ba phathahane ka ho bolela litaba tse molemo. Kahoo, o ile a ba khothalletsa hore ba sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli, a ba tšepisa hore o tla ba thusa.—Matheu 28:19, 20.

6, 7. Ke hobane’ng ha e le ho bontša lerato ho ruta bana hore ba be le kemiso e tsitsitseng ea ho sebeletsa Jehova?

6 U batla hore bana ba hao ba be le kamano e ntle le Jehova. ’Me Jehova o batla hore u ba koetlise le ho ba khalemela. O u file boikarabelo boo. (Baefese 6:4) Kahoo, u lokela ho netefatsa hore u koetlisa bana ba hao kamehla. Nahana ka sena: U etsa bonnete ba hore bana ba hao ba ea sekolong hobane u ua tseba hore thuto ke ea bohlokoa ’me u batla hore ba ithute lintho tse ncha. U boetse u tiisa hore ba ea libokeng, likopanong le ho ba teng borapeling ba lelapa. Etsoe, thuto eo Jehova a fanang ka eona e ka ba sireletsa. Kahoo, ba thuse hore ba thabele ho ithuta ka Jehova, ’me ba elelloe hore a ka ba ruta lintho tse tla ba hlalefisa. (Liproverbia 24:14) Ho feta moo, koetlisa bana ba hao hore ba be teng kamehla tšebeletsong ea tšimo. Etsisa mohlala oa Jesu ka ho ba thusa hore ba thabele ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo.

7 Ho ba le kemiso e tsitsitseng ea ho ithuta, ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo ho thusa bacha joang ho sebeletsa Jehova? Erin, ea lulang Afrika Boroa o re: “Ha re sa le bana, re ne re atisa ho tletleba le ho hulanya maoto ha re lokela ho ithuta Bibele le ho ea libokeng kapa tšimong. Ka linako tse ling re ne re leka ho sitisa thuto ea lelapa. Empa batsoali ba rōna ba ne ba sa lumelle seo.” Hona joale o oa leboha hore ebe batsoali ba hae ba ile ba mo thusa ho hlokomela hore lintho tseo ke tsa bohlokoa. ’Me ha a sitiloe ho ea libokeng kapa tšimong, o lakatsa ho boela kemisong ea hae kapele kamoo ho ka khonehang.

IKOKOBETSE

8. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o ikokobelitse? (b) Boikokobetso ba Jesu bo ile ba thusa barutuoa ba hae joang?

8 Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a ikokobelitse ’me o ile a bolella barutuoa ba hae hore o hloka thuso ea Jehova. (Bala Johanne 5:19.) Na see se ile sa etsa hore barutuoa ba se ke ba hlompha Jesu? Che. Ba ile ba mo tšepa le ho feta ha ba hlokomela hore o itšetlehile ka Jehova. Hamorao, ba ile ba etsisa mohlala oa hae oa boikokobetso.—Liketso 3:12, 13, 16.

Ha u lumela liphoso tsa hao, bana ba hao ba tla u hlompha

9. Ha u lumela liphoso tsa hao ’me u kōpa tšoarelo, seo se ka thusa ngoana joang?

9 Ho fapana le Jesu, rōna ha rea phethahala ’me re etsa liphoso. Kahoo, u lokela ho ikokobetsa. U elelloe hore ho na le lintho tse ngata tseo u ke keng ua khona ho li etsa, ’me u lumele ha u entse phoso. (1 Johanne 1:8) Ka tsela eo ngoana oa hao o tla ithuta ho lumela liphoso tsa hae, ’me o tla u hlompha le ho feta. Ka mohlala, u nolofalloa ho hlompha mookameli ea joang? Ea lumelang ha a entse phoso, kapa eo ho seng mohla a kōpang tšoarelo? Rosemary, ea nang le bana ba bararo o re eena le monna oa hae ba ne ba ithaopela ho lumela liphoso tsa bona. ’Me o phaella ka ho re: “Seo se ile sa nolofalletsa bana ba rōna hore ba re bolelle ha ba e-na le mathata. Re ile ra ba ruta hore na ba ka fumana tharollo e molemo ea mathata a bona hokae. Ha ba hloka thuso, kamehla re ne re ba bontša lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng, ebe re rapela le bona.”

10. Jesu o ile a bontša boikokobetso joang ha a bolella barutuoa ba hae hore na ba etse’ng?

10 Jesu o ne a e-na le tokelo ea ho bolella barutuoa ba hae hore na ba etse’ng. Empa kaha o ne a ikokobelitse, o ne a atisa ho ba hlalosetsa lebaka. Ka mohlala, ha aa ka a ba bolella feela hore ba batle ’Muso pele le ho loka ha Molimo. O ile a boela a re: “Lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” Ha Jesu a ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho khaotsa ho ahlola ba bang, o ile a re: “E le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona.”—Matheu 6:31–7:2.

11. Ha u hlalosetsa mocha lebaka leo u etsang qeto kapa u behang molao o itseng ka lona, seo se ka mo thusa joang?

11 Batla nako e loketseng ea ho hlalosetsa ngoana hore na ke hobane’ng ha u entse qeto kapa u behile molao o itseng. A ka ’na a nolofalloa ho u mamela ha a utloisisa lebaka. Barry ea hōlisitseng bana ba bane o re: “Ha u bolella bana lebaka, ba tla u tšepa.” Ba tla hlokomela hore ha u behe molao kapa hona ho etsa liqeto hobane feela u e-na le tokelo ea ho etsa joalo, empa hobane u na le lebaka le utloahalang. Hape, u hopole hore bacha ha e sa le bana. Ba ithuta ho inahanela lintho, ’me ba batla ho iketsetsa liqeto. (Baroma 12:1) Barry o re: “Bacha ba lokela ho ithuta ho etsa liqeto hobane ba nahanisisitse ka taba, eseng hobane ba nkoa ke pelo.” (Pesaleme ea 119:34) Kahoo, ikokobetse ’me u hlalosetse ngoana oa hao hore na ke hobane’ng ha u entse qeto eo. Ha u etsa joalo, o tla ithuta ho iketsetsa liqeto, ’me o tla bona hore u ua mo hlompha le hore u ua hlokomela hore o se a hōlile.

E-BA LE TEMOHO

12. Kaha Jesu o ne a e-na le temoho, o ile a thusa Petrose joang?

12 Jesu o ne a e-na le temoho ’me a tseba hore na barutuoa ba hae ba hloka thuso efe. Ka mohlala, ha Jesu a bolella barutuoa ba hae hore o tl’o bolaoa, Petrose o ile a re Jesu a ikhauhele. Jesu o ne a tseba hore Petrose o oa mo rata, empa hape o ne a tseba hore tsela eo a nahanang ka eona e fosahetse. Jesu o ile a thusa Petrose le barutuoa ba bang joang? O ile a qala ka ho khalemela Petrose. Eaba o ba hlalosetsa se tla etsahalla batho ba khaotsang ho etsa thato ea Jehova ha ho nyolosetsa. Jesu o ile a boela a re Jehova o tla putsa ba se nang boithati. (Matheu 16:21-27) Petrose o ile a ithuta thuto ea bohlokoa ho sena.—1 Petrose 2:20, 21.

13, 14. (a) Ke’ng e ka ’nang ea bontša hore ho hlokahala hore ngoana oa hao a imatlafatse tumelong? (b) U ka tseba joang hore na mora kapa morali oa hao o hloka thuso ea mofuta ofe?

13 Kōpa Jehova hore a u thuse ho ba le temoho e le hore u elelloe hore na ngoana o hloka thuso ea mofuta ofe. (Pesaleme ea 32:8) Mohlomong u ua hlokomela hore ha a sa thabile joaloka pele, kapa hore o bua hampe ka balumeli-’moho le rōna. Kapa mohlomong u nahana hore ho na le seo a u patelang sona. U se ke ua potlakela ho nahana hore ho na le ntho e mpe eo ngoana a e etsang lekunutung. * (Sheba naletsana.) Empa u se ke ua iphapanyetsa bothata boo kapa ua nahana hore bo tla feta feela. Mohlomong ho hlokahala hore u mo thuse ho imatlafatsa tumelong.

Thusa ngoana oa hao hore a be le metsoalle ka phuthehong (Sheba serapa sa 14)

14 E le hore u tsebe hore na u ka thusa ngoana oa hao joang, mo botse lipotso ka mosa le ka tlhompho. Ho tšoana le ha u kha metsi ka nkho selibeng. Ha u e hula ka potlako, metsi a mang a tla qhalana. Ka tsela e tšoanang, haeba u botsa ngoana lipotso ka ho teneha kapa u leka ho mo qobella hore a bue, a ke ke a u bolella maikutlo a hae. (Bala Liproverbia 20:5.) Ilaria o re ha e sa le mocha o ne a batla ho qeta nako e ngata le bana bao a kenang sekolo le bona, empa a tseba hore seo se fosahetse. Batsoali ba hae ba ile ba hlokomela hore ho na le ntho e mo tšoenyang. Ilaria o re: “Mantsiboeeng a mang ba ile ba mpolella hore ba hlokometse hore ha kea thaba, ’me ba mpotsa hore na molato ke’ng. Ke ile ka se khitla, ka ba hlalosetsa bothata ba ka, ’me ka ba kōpa hore ba nthuse. Ba ile ba nhaka, ba mpolella hore baa utloisisa, ’me ba tšepisa ho nthusa.” Batsoali ba Ilaria ha baa ka ba senya nako, ba ile ba mo thusa hore a fumane metsoalle ka phuthehong.

Sheba litšobotsi tse ntle tseo ngoana a nang le tsona ’me u mo babatse

15. Tsela e ’ngoe eo Jesu a bontšitseng ka eona hore o na le temoho ke efe?

15 Jesu o ne a boetse a lemoha litšobotsi tse ntle tseo barutuoa ba hae ba nang le tsona. Ka mohlala, ha Nathanaele a utloa hore Jesu o tsoa Nazaretha o ile a re: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?” (Johanne 1:46) Ha e ne e le uena, na u ne u sa tl’o nka hore Nathanaele o na le khethollo kapa ha a na tumelo? Jesu ha aa ka a nahana ka tsela eo. Ho e-na le hoo, o ne a e-na le temoho ’me a tseba hore Nathanaele o oa tšepahala, kahoo a re: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.” (Johanne 1:47) Jesu o khona ho bona se ka lipelong, ’me o ile a sebelisa bokhoni boo hore a shebe litšobotsi tse ntle tseo batho ba nang le tsona.

16. U ka etsa’ng ho khothalletsa ngoana oa hao hore a ntlafatse?

16 Ho fapana le Jesu, ha u khone ho bona se ka pelong ea ngoana, empa u ka se lemoha. Jehova a ka u thusa hore u hlokomele litšobotsi tse ntle tseo ngoana a nang le tsona. Esita le haeba a etsa lintho tse u nyahamisang, u se ke ua re o tsoile tseleng kapa ke setlokotsebe. U se ke ua mo nka ka tsela eo. Ho e-na le hoo, mo bolelle hore u lemoha litšobotsi tse ntle tseo a nang le tsona ’me u lumela hore o batla ho etsa se nepahetseng. Hlokomela ha a ntlafatsa ’me u mo babatse. Mo thuse hore a ntlafatse litšobotsi tsa hae tse ntle ka hore u mo fe boikarabelo bo eketsehileng ha ho khoneha. Ke seo Jesu a ileng a se etsa ka barutuoa ba hae. Ka mor’a hore ho fete selemo le halofo a kopane le Nathanaele (eo hape a bitsoang Bartholome), Jesu o ile a mo fa boikarabelo ba bohlokoa. A mo khetha hore e be moapostola, ’me ka botšepehi Nathanaele a etsa mosebetsi oo Jesu a mo fileng oona. (Luka 6:13, 14; Liketso 1:13, 14) Kahoo, ho e-na le ho etsa hore ngoana a ikutloe eka ha a na thuso, mo babatse le ho mo khothatsa. Etsa hore a elelloe hore a ka u thabisa a ba a thabisa Jehova le hore a ka sebelisa bokhoni ba hae ho mo sebeletsa.

HO KOETLISA NGOANA OA HAO HO TLA U TLISETSA THABO E KHŌLŌ

17, 18. Phello e tla ba efe ha u tsoela pele ho koetlisa ngoana hore a sebeletse Jehova?

17 U ka ’na ua ikutloa joaloka moapostola Pauluse. O ne a tšoenyehile haholo ka batho bao a neng a ba nka joalokaha eka ke bana ba hae. O ne a ba thusitse ho tseba Jehova, ’me a ba rata haholo. Kahoo, o ile a utloa bohloko ha a nahana hore ba bang ba bona ba ka ’na ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. (1 Bakorinthe 4:15; 2 Bakorinthe 2:4) Victor ea hōlisitseng bana ba bararo o re: “Ho ne ho se bonolo ha ba le lilemong tsa bocha. Empa melemo e bile mengata ho feta mathata ao re ’nileng ra tobana le ’ona. Jehova o ile a re thusa hore re thabele setsoalle se haufi le bana ba rōna.”

18 Batsoali, le etsa mosebetsi o motle oa ho koetlisa bana ba lona, kaha lea ba rata. Kahoo, tsoelang pele. Ruri le tla thaba ha bana ba lōna ba etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo ’me ba tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi!—3 Johanne 4.

^ ser. 13 Batsoali ba ka rua molemo ha ba ka bala Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, leqepheng la 317 le Buka ea 2, leqepheng la 136-141.