Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Baphaphathehi ba Bangata Baa Baleha Ukraine

Baphaphathehi ba Bangata Baa Baleha Ukraine

 Ka la 24 February 2022 masole a Russia a ile a hlasela naha ea Ukraine e leng se ileng sa baka mathata a entseng hore batho ba bangata ba be kotsing ’me ba leke ho baleha naheng eo kapele. a

 “Libomo li ne li phatloha. Ho ne ho tšosa hoo re sa khoneng le ho hlalosa. Re ile ra utloa hore ho na le literene tse balehisang batho, kahoo re ile ra etsa qeto ea hore re tsamaee. Re ile ra siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane motho ka mong o ne a lokela ho nka mokotla o monyenyane. Re ile ra nka litokomane, meriana, metsi le lijo tse bobebe. Re ile ra siea lintho tse ling tsohle ra ea seteisheneng sa terene ha libomo li ntse li phatloha.”​—Nataliia ea lulang Kharkiv, Ukraine.

 “Re ne re nahana hore ho ke ke ha e-ba le ntoa ho fihlela e e-ba teng. Ke ile ka utloa libomo li phatloha karolong e ’ngoe ea motse ’me lifensetere li sisinyeha. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke tsamaee ’me ka nka feela lintho tseo ke neng ke li hloka. Ke ile ka tloha lapeng ka hora ea borobeli hoseng ’me ka palama terene e eang Lviv eaba ke palama bese e eang Poland.”​—Nadija ea lulang Kharkiv, Ukraine.

Sehloohong sena

 Ke’ng e bakileng bothata boo?

 Bothata ba baphaphathehi ba Ukraine bo qalile ha masole a Russia a hlasela naha eo. Leha ho le joalo, Bibele e bontša mabaka a mang a bohlokoa a entseng hore ho be le bothata bona:

  •   Mebuso lefatšeng lohle e hlolehile ho fa batho lintho tseo ba li hlokang. Hangata mebuso e sebelisa matla a eona ho hatella batho.​—Moeklesia 4:1; 8:9.

  •   Satane Diabolose e leng “’musi oa lefatše” lena o susumetsa batho hore ba etse lintho tse khopo hoo Bibeleng e reng “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”​—Johanne 14:​30; 1 Johanne 5:19.

  •   Ntle le mathata a mangata ao batho ba bileng le ’ona ka lilemo tse ngata, hona joale re phela nakong eo Bibele e reng ka eona: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko.” (2 Timothea 3:1) Bibele e boetse e re matsatsi ao a ne a tla bonahala ka lintoa, likoluoa tsa tlhaho, khaello ea lijo le mafu a seoa e leng lintho tse ka etsang hore batho ba balehe malapeng a bona.​—Luka 21:​10, 11.

 Ke’ng e ka thusang baphaphathehi hore ba be le tšepo?

 Bibele e bontša hore ’Mopi oa rona e leng Jehova b Molimo o rata le ho qenehela baphaphathehi le batho ba ileng ba tlameha ho tloha malapeng a bona. (Deuteronoma 10:​18) O tšepisa hore o tla felisa mathata a baphaphathehi ka ’muso oa hae o leholimong o bitsoang ’Muso oa Molimo, o tla nkela mebuso ea batho sebaka. (Daniele 2:​44; Matheu 6:​10) Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa Satane Diabolose. (Baroma 16:​20) ’Muso oo o tla busa lefatše lohle ’me o felise likarohano tse bakiloeng ke meeli ea linaha. Batho bohle e tla ba lelapa le le leng. Ha ho sa tla ba le motho ea tla lokela hore a tlohe lelapeng la hae hobane Bibele e tšepisa hore motho “e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”​—Mikea 4:4.

 Ke ’Muso oa Molimo feela o ka rarollang bothata ba hore ho be le baphaphathehi. Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mathata a qobellang batho hore e be baphaphathehi. Nahana ka mehlala ena:

 Na Bibele e ka thusa baphaphathehi mehleng ee?

 Ho joalo. Bibele e ka thusa baphaphathehi ka mathata ao ba nang le ’ona hona joale le ho ba fa tšepo ka bokamoso.

 Molao-motheo oa Bibele: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”​—Liproverbia 14:15.

 Tlhaloso: Nahana ka likotsi tse ka u hlahelang le hore na u tla itšireletsa joang. Hlokomela linokoane tse ka lekang ho nka monyetla ka baphaphathehi ba sa tsoa fihla sebakeng seo, ba ikutloang ba tšohile ebile ba sa tsebe lintho tse ngata.

 Molao-motheo oa Bibele: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

 Tlhaloso: Qoba ho nahana haholo ka lintho tseo u se nang tsona. Ha u e-na le lintho tseo u li hlokang u tla thaba.

 Molao-motheo oa Bibele: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.”​—Matheu 7:12.

 Tlhaloso: E-ba le mamello ’me u be mosa. Haeba u na le makhabane ana batho ba sebakeng se secha seo u lulang ho sona ba tla u hlompha ba be ba u amohele.

 Molao-motheo oa Bibele: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.”​—Baroma 12:17.

 Tlhaloso: U se ke oa halefa le ho iphetetsa ha batho ba bang ba u tšoara hampe. Ho etsa joalo ho tla etsa hore lintho li be mpe le ho feta.

 Molao-motheo oa Bibele: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”​—Bafilipi 4:13.

 Tlhaloso: Etsa hore Molimo a tle pele bophelong ba hao ’me u mo rapele. A ka u fa matla ao u a hlokang hore u mamelle.

 Molao-motheo oa Bibele: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello.”​—Bafilipi 4:​6, 7.

 Tlhaloso: Kopa Molimo a u fe khotso ea kelello boemong bofe kapa bofe bo ka u hlahelang. Sheba sehlooho se reng “Bafilipi 4:​6, 7​—‘Le se ke la Tšoenyeha ka Letho.’”

a Letsatsi ka mor’a hore Russia e hlasele, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o sebetsanang le litaba tse amanang le batho ba balehileng linaheng tsa habo bona o ile oa re boemo bona bo ne bo le bobe ho feta maemo ’ohle a kileng a e-ba teng. Ka matsatsi a 12 feela baphaphathehi ba fetang limilione tse peli ba ile ba baleha Ukraine ba ea linaheng tse ling ’me ba milione ba ile ba tloha malapeng a bona ’me ba ea libakeng tse ling hona Ukraine.

b Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:​18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?