Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

O Tla Kgetha Mang? Bibele e Reng ka Taba Ee?

O Tla Kgetha Mang? Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Dibekeng tse mmalwa tse tlang, dinaha tse fapaneng lefatsheng di tla tshwara dikgetho. Batho ba lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ya hore na ba tla kgetha mang.

 Bibele e reng ka taba ee?

Baetapele ba batho ba na le mefokolo

 Bibele e bua ka ntho eo baetapele ba batho ba sa kgoneng ho e etsa.

  •    “Le se ke la tshepa dikgosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa. Ha a kgaotsa ho hema, o kgutlela leroleng. Ho tloha ka nako eo, o kgaotsa ho nahana.”​—Pesaleme ya 146:​3, 4, naletsana.

 Esita le baetapele ba ipabolang ba a shwa qetellong. Ho feta moo, ha ba a kgodiseha hore na ba tlang ka mora bona ba tla tswellisa pele mesebetsi ya bona e metle kapa tjhe.​—Moeklesia 2:​18, 19.

 Nnete ke hore Bibele e re batho ba ne ba sa etsetswa ho ipusa.

  •    “Motho ha a kgone ho laola mehato ya hae.”​—Jeremia 10:23.

 Na ho na le motho ya ka busang hantle mehleng ee?

Moetapele ya kgethilweng ke Modimo

 Bibele e re hlalosetsa hore Modimo o kgethile moetapele ya tshepahalang le eo ho ke keng ha eba le moetapele le ha e le ofe ya ka tshwanang le yena e leng Jesu Kreste. (Pesaleme ya 2:6) Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo e leng mmuso o busang o le lehodimong.​—Matheu 6:10.

 Na o tla kgetha hore Jesu e be moetapele wa hao? Bibele e a bontsha hore na ke hobaneng ha o lokela ho kgetha ka nepo:

  •    “Hlomphang mora [Jesu Kreste], ho seng jwalo Modimo o tla halefa ebe le a bolawa, le tloswa tseleng hobane o kgona ho halefa kapele. Ho thaba bohle ba balehelang ho yena.”​—Pesaleme ya 2:12.

 Ena ke nako ya hore o etse qeto. Boprofeta ba Bibele bo bontsha hore Jesu o qadile ho busa ka selemo sa 1914 le hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso ya batho sebaka.​—Daniele 2:44.

 Bala sehlooho se reng “Tshehetsa Bobusi ba Modimo Hona Jwale” e le hore o ithute haholwanyane hore na o ka tshehetsa bobusi ba Jesu jwang.