Fetela boitsebisong

Molula-Qhooa—Ha ho na Makasine e Tšoanang le Eona

Molula-Qhooa—Ha ho na Makasine e Tšoanang le Eona

Molula-Qhooa o ajoa ho feta makasine leha e le efe lefatšeng. Ho hatisoa likopi tse limilione tse 42 khatiso ka ’ngoe. E lateloa ke makasine ea Tsoha!, eo ho hatisoang likopi tse limilione tse 41 khatiso ka ’ngoe. Limakasine tsena ka bobeli li hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova ’me li ajoa linaheng tse 236.

Ho thoe’ng ka lingoliloeng tse ling? Ho latela The Association of Magazine Media, makasine e rekoang ka ho fetisisa United States ke e hatisoang ke Mokhatlo oa Amerika oa Batho ba Behileng Meja Fatše (AARP) e leng mokhatlo o ngollang batho ba lilemo tse ka holimo ho 50. Ho rekisoa limakasine tse limilione tse 22,4. Makasine ea Jeremane ea ADAC Motorwelt eona ho rekisoa tse limilione tse 14 ’me ea China e leng Gushi Hui (lipale) eona ho hatisoa tse limilione tse 5,4.

Ha ho tluoa likoranteng, koranta ea Japane e leng Yomiuri Shimbun e itlhoma pele. Kamehla ho hatisoa tse fetang limilione tse leshome.

Lingoliloeng tsa Lipaki ke tsona tse fetoleloang ka ho fetisisa. Molula-Qhooa o fetoleloa ka lipuo tse fetang 190 ’me Tsoha! eona tse fetang 80. Ha ho bapisoa, Reader’s Digest eona e hatisoa ka lipuo tse 21, le hoja se ngotsoeng ka hare se fapane ho ea ka linaha.

Ho fapana le limakasine tse boletsoeng mona, Molula-Qhooa le Tsoha! li tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo, ha li bapatsoe ’me ha li rekisoe.

Morero oa Molula-Qhooa ke ho hlalosa lithuto tsa Bibele—haholo-holo seo Mangolo a se buang ka ’Muso oa Molimo. Haesale o tsoela pele ho hatisoa ho tloha ka 1879. Tsoha! eona e bua ka litaba ka kakaretso, tse kang tsa tlhaho le tsa saense e le hore batho ba be le tumelo ho Mōpi. E boetse e hatisa hore na ke joang re ka sebelisang Bibele bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.