Ho Boha Mehaho ea Bethele
Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.
Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.
Zimbabwe
Plot 14 of Good Hope
Beema Road
Mount Hampden
HARARE
ZIMBABWE
+263 867-700-4012
+263 712-604892
+263 772-472403
+263 772-472404
Ho bona sebaka
Mantaha ho isa Labohlano
8:00 a.m. ho ea ho 11:00 a.m. le 1:00 p.m. ho ea ho 4:00 p.m.
Ho nka hora le metsotso e 50 ho bona sebaka
Mesebetsi e etsoang mona
Ofisi ena e hlokomela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 39 000 Zimbabwe. E fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ngata tse akarelletsang Seshona, Sendebele le Puo ea Matsoho ea Zimbabwe.