Fetela boitsebisong

Na ’Muso oa Molimo o ka Pelong ea Hao?

Na ’Muso oa Molimo o ka Pelong ea Hao?

Karabo ea Bibele

 Che, ’Muso oa Molimo ha o ka lipelong tsa Bakreste. a Bibele e re bolella ka ho hlaka hore na o hokae ka ho o bitsa, “’muso oa maholimo.” (Matheu 4:17, Bibele ea Sesotho) A re ke re hlahlobe hore na Bibele e bontša joang hore ke ’muso oa sebele o busang o le leholimong.

 Bibele ha e rute hore ’Muso oa leholimo o ka pelong ka kutloisiso ea hore o busa ka pelong ea hao. Ho e-na le hoo, e ruta hore “lentsoe la ’muso” kapa ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li ka ama lipelo tsa rōna, ebile li lokela ho li ama.—Matheu 13:19; 24:14.

Ho bolela’ng ho re, “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lona”?

 Ntho e etsang hore batho ba bang ba se ke ba utloisisa hantle hore na ’Muso o hokae ke tsela eo Luka 17:21 e hlahang ka eona Libibeleng tse ling. Ka mohlala, Bibele ea Sesotho e re: “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lona.” E le hore re utloisise temana ena ka tsela e nepahetseng, re lokela ho hlahloba litemana tse e potolohileng.

’Muso oa Molimo o ne o se ka lipelong tsa babolai bao ba bahanyetsi ba neng ba le manganga.

 Jesu o ne a bua le Bafarisi, e leng baeta-pele ba bolumeli ba neng ba mo hanyetsa ebile ba loha mano a ho mo bolaea. (Matheu 12:14; Luka 17:20) Ka sebele, hase ho utloahalang hore ’Muso o ne o ka ba ka lipelong tsa batho bao ba manganga. Jesu o ile a re ho bona: “Ka hare le tletse boikaketsi le tlōlo ea molao.”—Matheu 23:27, 28.

 Libibele tse ling li beha mantsoe a Jesu a ho Luka 17:21 ka tsela e nepahetseng ha li re: “’Muso oa Molimo o na le lōna.” (mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Contemporary English Version) “’muso oa Molimo o har’a lōna.” (Phetolelo ea Lefatše le Lecha) ’Muso oa leholimo o ne o “na” kapa o le “har’a” Bafarisi hobane Jesu, ea neng a khethiloe ke Molimo hore a buse e le Morena, o ne a eme ka pel’a bona.—Luka 1:32, 33.

a Likereke tse ngata tsa Bokreste li ruta hore ’Muso oa Molimo o ka har’a motho, kapa ka pelong ea motho. Ka mohlala, kereke e United States ea Southern Baptist Convention, e ile ea bolela hore ’Muso oa Molimo ke “ha Molimo a busa ka pelong le bophelong ba motho.” Ka ho tšoanang, bukeng ea hae e bitsoang Jesus of Nazareth, Mopapa Benedict oa bo-16 o ile a re: “Haeba motho a bula pelo ea hae hore e mamele, seo se bolela hore ’Muso oa Molimo o ka hare ho eena.”