Feta

Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?

Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?

Karabo ya Bibele

 Tjhe, Mmuso wa Modimo ha o ka dipelong tsa Bakreste. a Bibele e re bolella ka ho hlaka hore na o hokae ka ho o bitsa, “mmuso wa mahodimo.” (Matheu 4:​17, Bibele ya Sesotho) A re ke re hlahlobe hore na Bibele e bontsha jwang hore ke mmuso wa sebele o busang o le lehodimong.

 Bibele ha e rute hore Mmuso wa lehodimo o ka pelong ka kutlwisiso ya hore o busa ka pelong ya hao. Ho e na le hoo, e ruta hore “lentswe la mmuso” kapa “ditaba tse molemo tsa mmuso” di ka ama dipelo tsa rona, ebile di lokela ho di ama.​—Matheu 13:​19; 24:14.

Ho bolelang ho re, “mmuso wa Modimo o se o le ka hare ho lona”?

 Ntho e etsang hore batho ba bang ba se ke ba utlwisisa hantle hore na Mmuso o hokae ke tsela eo Luka 17:​21 e hlahang ka yona Dibibeleng tse ding. Ka mohlala, Bibele ya Sesotho e re: “mmuso wa Modimo o se o le ka hare ho lona.” E le hore re utlwisise temana ena ka tsela e nepahetseng, re lokela ho hlahloba ditemana tse e potolohileng.

 

 Jesu o ne a bua le Bafarisi, e leng baetapele ba bodumedi ba neng ba mo hanyetsa ebile ba loha mano a ho mo bolaya. (Matheu 12:​14; Luka 17:​20) Ka sebele, ha se ho utlwahalang hore Mmuso o ne o ka ba ka dipelong tsa batho bao ba manganga. Jesu o ile a re ho bona: “Ka hare le tletse boikaketsi le tlolo ya molao.”​—Matheu 23:​27, 28.

 Dibibele tse ding di beha mantswe a Jesu a ho Luka 17:​21 ka tsela e nepahetseng ha di re: “Mmuso wa Modimo o na le lona.” (mongolo o tshekaletseng ke wa rona; Contemporary English Version) “mmuso wa Modimo o hara lona.” (Phetolelo ea Lefatše le Lecha) Mmuso wa lehodimo o ne o “na” kapa o le “hara” Bafarisi hobane Jesu, ya neng a kgethilwe ke Modimo hore a buse e le Morena, o ne a eme ka pela bona.​—Luka 1:​32, 33

a Dikereke tse ngata tsa Bokreste di ruta hore Mmuso wa Modimo o ka hara motho, kapa ka pelong ya motho. Ka mohlala, kereke e United States ya Southern Baptist Convention, e ile ya bolela hore Mmuso wa Modimo ke “ha Modimo a busa ka pelong le bophelong ba motho.” Ka ho tshwanang, bukeng ya hae e bitswang Jesus of Nazareth, Mopapa Benedict wa bo 16 o ile a re: “Haeba motho a bula pelo ya hae hore e mamele, seo se bolela hore Mmuso wa Modimo o ka hare ho yena.”