Fetela boitsebisong

Kabo ea Mangolo ea Sehlopha sa Bo135 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower

Kabo ea Mangolo ea Sehlopha sa Bo135 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower

Ka la 14 September, 2013, batho ba ka bang 10 500 ba ile ba tla kabong ea mangolo ea sehlopha sa bo135 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower setsing sa thupelo sa Lipaki Tsa Jehova se Patterson, New York. Sekolo sena se rupela baboleli ba Lipaki Tsa Jehova ba nang le boiphihlelo hore ba atlehe likabelong tsa bona.

Guy Pierce, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova le eo e neng e le molula-setulo oa lenaneo, o ile a qala lenaneo ka lintlha tse thehiloeng ho Matheu 28:19, 20: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”

Mor’abo rōna Pierce o ile a bontša hore mantsoe ao a Jesu, a ile a etsa hore ho qaloe mosebetsi o ntseng o tsoela pele le kajeno. Ha re ntse re etsa batho barutuoa, re ba ruta hore ba etse sohle seo Jesu a se laetseng. Ho hlakile hore sena se akarelletsa taelo ea hae ea hore ho boleloe “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Ka tsela ena, morutuoa e mong le e mong e mocha o fetoha ’moleli le mosuoe ea rutang ka ’Muso. Liphello e ba life? Mor’abo rōna Pierce o ile a re: “Palo ea baahi [ba lefatše] e eketsehile, ’me ho joalo le ka batho ba Molimo.”

“Ba Fane ho Feta Bokhoni ba Bona ba Sebele.” Thomas Cheiky, e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States, o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se neng se thehiloe ho 2 Bakorinthe 8:1-4. Le hoja li ne li futsanehile ka ho tebileng, liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo tsa Macedonia, li ile tsa kōpa ho fana ka monehelo molemong oa barab’abo tsona ba Jerusalema ba neng ba hloka ho thusoa. Liithuti tsa Gileade li ’nile tsa bontša moea o tšoanang oa ho fana le boitelo.

Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore phutheho ea Macedonia e ne e sebelisa temoho, e sa fane haholo hoo e neng e siea ba malapa ba se na letho, kapa e hlokomoloha borapeli ba eona ho Molimo. Mor’abo rōna Cheiky o ile a eletsa liithuti hore li etsise mohlala oa phutheho ea Macedonia, ka ho fana ka tsela e leka-lekaneng.

“Sekolo se Felile.” Samuel Herd, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a hatisa lebaka leo liithuti li lokelang ho hopola linako tseo li bileng le tsona Sekolong sa Gileade. Joalokaha motho a ka utloa ’mino o mathe-maloli hoseng, ’me oa lula kelellong ea hae letsatsi lohle, lintho tse thabisang tse etsahaletseng liithuti tsa Gileade li ka li matlafatsa esita le ka mor’a nako e telele sekolo se felile.

Mor’abo rōna Herd o ile a hopotsa liithuti hore Molimo ha a lebale. O rehile linaleli tse libilione-bilione tse bokahohleng mabitso, ’me a ke ke a li lebala. (Pesaleme ea 147:4) Ho hlakile hore a ke ke a lebala boiteko boo liithuti tsena li bo entseng ha li ntse li koetlisoa Gileade! Li ipoloketse “matlotlo leholimong,” ’me ha ho na motho ea ka li utsoang mohopolong oa Jehova.Matheu 6:20.

Kaha Molimo o hopola mosebetsi le lerato leo liithuti li le bontšitseng, ke ka nepo li ka lulang li hopola lintho tse li etsahaletseng Gileade. Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Ha u thabisoa ke ho hopola lintho tse u etsahaletseng ha u le sekolong sena, u se ke ua lebala hore Jehova ke eena Mohloli oa thabo ea hao. Lula u ntse u ikhopotsa lintho tse u etsahaletseng. U tla rua molemo haeba u lula u etsa joalo.”

“Fumana Matšeliso Matleng a ke Keng a Lekanngoa a Jehova.” Sam Roberson, e leng morupeli oa Gileade, o ile a khothalletsa liithuti hore li itšetlehe ka matla a Jehova ho e-na le hore li leke ho hlōla liteko tse ncha ka matla a tsona. Baefese 3:20 e re Molimo ‘a ka etsa ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang.’ Matla a hae a phahametse kutloisiso ea rōna hoo polelo e reng ‘ho feta lintho tsohle tseo re li nahanang’ e sa hlaloseng matla a hae hantle hobane temana ena e re a ka etsa “ho feta” moo.

Jehova o fa Mokreste ka mong matla a ke keng a lekanngoa. O joaloka “senatla se tšabehang,” kapa “mohale ea tšabehang,” linakong tse thata. (Jeremia 20:11; God’s Word Bible) Mor’abo rōna Roberson o ile a hopotsa liithuti hore Jehova o tla li thusa ho hlōla bothata leha e le bofe boo li tobanang le bona.

“Lulang le E-na le Seriti Tšebeletsong ea ’Muso.” William Samuelson, eo le eena e leng morupeli sekolong sa Gileade, o ile a re liithuti li fumane seriti tšebeletsong ea ’Muso ka litsela tse peli. Li ipakile hore li tšoaneloa ke ho hlomphuoa ka mesebetsi ea tsona pele li rupeloa le ha li ntse li rupeloa, ’me li tsoela pele ho tlotloa le ho hlomphuoa ka lebaka la ho emela ’muso o phahameng ka ho fetisisa bokahohleng—e leng ’Muso oa Molimo.

Liithuti li ka lula li e-na le seriti joang? Mor’abo rōna Samuelson o ile a li khothalletsa hore li ise tlotla ho Jehova ’me li hlomphe batho ba bang, feela joalokaha Jesu a ne a hlompha batho ba neng ba mo potolohile esita leha a ne a lokela ho ba khalemela kapa ho ba eletsa. Seo se tla fella ka eng? Joaloka moapostola Pauluse, liithuti li tla lula li e-na le seriti le ho tlotlisa tšebeletso ea tsona ho e-na le ho batla ho tlotlisoa.Baroma 11:13.

“Matla a Lipere a Melomong ea Tsona.” Michael Burnett, e leng e mong oa barupeli ba Gileade, o ile a bontša kamoo re sebetsang tumellanong le ho phethahala ha Tšenolo 9:19 ha re sebelisa seo re ithutang sona libokeng tsa Bokreste, e le hore re bue joaloka ba nang le matla ha re paka. Eaba o mema liithuti hore li fane ka liphihlelo tsa tsona kapa li bontše se ileng sa li etsahalla boboleling ha li ntse li le Gileade. Ka mohlala, seithuti se seng se ile sa tsosa thahasello ea motho ea sebetsang moo ho tšeloang peterole ka ho mo botsa potso ena, “Linako tse behiloeng tsa lichaba li ile tsa qala neng ’me tsa fela neng?” (Luka 21:24) Ha seithuti se etela motho eo hamorao, se ile sa mo thusa ho araba potso eo ka ho mo balla Daniele khaolo ea 4, hammoho le sehlomathiso se bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

“Lipelo Tsa Tsona li Tiisitsoe.” Adrian Fernandez, e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States, o ile a buisana le banyalani ba babeli ba fumaneng mangolo. Mor’abo rōna Helge Schumi, o ile a bolela hore hangata liithuti tsa Gileade li eletsoa hore li lule li ikokobelitse, kaha tlaleho ea Bibele e bontša hore bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba ikhohomosa ka mor’a hore ba fumane likabelo tse khethehileng. (2 Likronike 26:16) Ka ho tšoanang, Mor’abo rōna Peter Canning, o ile a hopola keletso ena e bohlale ha e ne e fanoa ho e ’ngoe ea lipuo tsa Gileade, e neng e bua ka ho ithuta puo ea sebakeng seo motho a lulang ho sona e reng: “U se ke ua ikhohomosa. Ikemisetse ho etsa liphoso.” Liithuti tseo tse ’nè li ile tsa ananela tsela eo thupelo ena e li matlafalitseng le ho li tiisa lipelo, e le hore li tle li etse mosebetsi o li letetseng.Baheberu 13:9.

“Le Thabe Kahobane Mabitso a Lōna a Ngotsoe Maholimong.” (Luka 10:20) Geoffrey Jackson, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea sehlooho ea lenaneo leo. Ho fapana le baromuoa ba ileng ba fumana mangolo sekolong sa Gileade nakong e fetileng, bongata ba liithuti tse tla fumana mangolo kajeno, bo ke ke ba fumana likabelo tse thahasellisang kapa ba ba le liphihlelo tse monate ka lebaka la ho bolela libakeng tseo ho e-s’o boleloe ho tsona. Liithuti tseo li lokela ho ikutloa joang ka see?

Ha barutuoa ba 70 bao Jesu a neng a ba rometse ba khutla mosebetsing oa ho bolela, ba ile ba mo tlalehela litaba tse monate tsa kamoo ba ileng ba leleka bademona kateng ka lebitso la Jesu. (Luka 10:1, 17) Jesu o ile a hlokomela hore seo se ne se thabisa e le kannete, empa o ile a re: “Leha ho le joalo, le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lōna, empa le thabe kahobane mabitso a lōna a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:20) Kahoo, o ile a ba bontša hore ba ne ba ke ke ba ba le liphihlelo tse monate joalo kamehla. Ba lokela ho nahana haholo ka ho tšepahala ho Jehova le hore mabitso a bona a ‘ngoloe maholimong,’ ho e-na le ho nahana haholo ka lintho tseo ba li finyelletseng.

Mor’abo rōna Jackson o ile a re: “Seo Jesu a ileng a se ruta barutuoa ba 70 sea sebetsa le ho rōna.” Ha rea lokela ho lumella hore thabo ea rōna le botšepehi ba rōna, li laoloe ke hore na re beha litholoana hakae tšebeletsong. Ho e-na le hoo, rea thaba ’me re bontša hore rea tšepahala ha re lula re e-na le kamano e ntle le Jehova re bile re e-ba mafolofolo tšebeletsong ea rōna.

Esita le Jesu o ile a tobana le maemo a neng a ka mo nyahamisa. Ka mohlala, ka mor’a hore a fepe batho ba likete ka mohlolo, ba ile ba qala ho mo latela. (Johanne 6:10-14, 22-24) Empa ba bangata ba bona ba ile ba khopisoa ke thuto ea Jesu, ’me ba khaotsa ho mo latela. (Johanne 6:48-56, 60, 61, 66) Ho fapana le hoo, baapostola ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ho mo khomarela. Ba ile ba beha mohlala o motle ka ho tsepamisa maikutlo botšepehing ba bona le kamanong ea bona le Jehova, eseng linthong tseo ba li finyelletseng.—Johanne 6:67-69.

Ho lihela likhala. Liithuti li ile tsa fumana mangolo ’me ka mor’a moo, e mong oa tsona a bala lengolo le lebohang le tsoang ho sehlopha. Mor’abo rōna  Pierce o ile a lihela likhala ka ho bontša hore batho ba Molimo ho akarelletsa le liithuti tsa Gileade, hase ba bohlokoa ho feta batho ba bang. (Liketso 4:13; 1 Bakorinthe 1:27-31) Leha ho le joalo, Jehova o amohela boinehelo ba rōna ’me o re fa moea oa hae o halalelang. Le hoja Jehova a ka ’na a se khahloe ke thuto eo re nang le eona, Mor’abo rōna  Pierce o ile a re, “O khahloa ke botšepehi ba rōna le boinehelo ba rōna ho eena.”