Feta

Na Saense e Dumellana le Bibele?

Na Saense e Dumellana le Bibele?

Karabo ya Bibele

 E, hobane le hoja Bibele e se buka ya saense, e nepahetse ha e bua ka ditaba tsa saense. Hlahloba mehlala e bontshang hore saense le Bibele di a dumellana le hore Bibele e na le dinnete tse amanang le saense, tse fapaneng le seo batho ba bangata ba neng ba phela mehleng ya ha Bibele e ngolwa, ba neng ba se dumela.

  •   Bokahohle bo na le tshimoloho. (Genese 1:1) Ditshomo tse ngata tsa mehleng ya kgale di bolela hore bokahohle ha bo a boptjwa empa bo bile teng ka ho phatloha ho hoholo. Bababylona ba ne ba dumela hore medimo e bopileng bokahohle, e ne e tswa mawatleng a mabedi. Ditshomo tse ding tsona di bolela hore bokahohle bo tswa leheng le leholo.

  •   Letsatsi le letsatsi, bokahohle bo tsamaiswa ke melao ya tlhaho e hlophisehileng, eseng tshusumetso ya medimo. (Jobo 38:33; Jeremia 33:25) Ditshomo tse phetwang lefatsheng ka bophara, di ruta hore batho ba ke ke ba kgona ho itshirelletsa diketsong tsa tshohanyetso le tse sehloho tse etswang ke medimo eo.

  •   Lefatshe le sepakapakeng. (Jobo 26:7) Batho ba bangata ba boholoholo ba ne ba dumela hore lefatshe le batalletse mme le tsheheditswe ke phoofolo ya tonanahadi e kang nare kapa sekolopata.

  •   Metsi a dinokeng le didibeng a tswa metsing a fetohileng mouwane o tswang mawatleng le mehloding e meng ebe a tsholohela lefatsheng e le pula, lehlwa kapa sefako. (Jobo 36:27, 28; Moeklesia 1:7; Esaia 55:​10; Amose 9:6) Bagerike ba boholoholo ba ne ba dumela hore metsi a dinokeng a ne a tswa lewatleng le ka tlasa lefatshe mme batho ba ile ba dumela sena ho fihlela dilemong tsa bo 1700.

  •   Dithaba tseo re di bonang kajeno di nyolohile ho tswa ka tlasa lewatle. (Pesaleme ea 104:​6, 8) Empa ditshomo tse ding di bolela hore dithaba di ile tsa boptjwa ke medimo.

  •   Bohlweki bo sireletsa batho hore ba se ke ba kula. Molao o ileng wa fuwa Baiseraele o ne o akarelletsa ditaelo tsa ho hlapa ka mora ho tshwara setopo, ho arola batho ba nang le mafu a tshwaetsanang le tsamaiso e sireletsehileng ya dikgwerekgwere. (Levitike 11:​28; 13:​1-5; Deuteronoma 23:​13) Empa ka nako eo Modimo a neng a fa setjhaba melao ena, e meng ya meriana eo Baegepeta ba neng ba e sebedisa ho phekola leqeba e ne e le motswako o neng o na le mantle a motho.

Na ho na le moo Bibele e etsang phoso teng ha e bua ka saense?

 Ha re hlahloba seo Bibele e se buang, karabo ke tjhe. A re ke re hlahlobe mashano ao batho ba a buang mabapi le hore Bibele ha ya nepahala ditabeng tsa saense:

 Leshano: Bibele e bolela hore bokahohle bo bopilwe ka matsatsi a tsheletseng a dihora tse 24.

 Nnete: Bibele e bolela hore Modimo o bopile bokahohle nakong e ke keng ya lekanngwa e fetileng. (Genese 1:1) Hape, matsatsi a popo a boletsweng kgaolong ya 1 ya Genese, e ne e le nako eo bolelele ba yona bo sa bolelwang. Ha e le hantle, nako eo ka yona lefatshe le lehodimo di ileng tsa boptjwa ka yona, le yona e bitswa “letsatsi.”​—Genese 2:4

 Leshano: Bibele e re dimela di ile tsa boptjwa pele letsatsi le ba teng ho etsa hore dimela di kgone ho iketsetsa dijo di sebedisa kganya ya lona.​—Genese 1:​11, 16.

 Nnete: Bibele e bolela hore letsatsi, e leng e nngwe ya dinaledi tseo e leng karolo ya “mahodimo,” le ile la boptjwa pele ho dimela. (Genese 1:1) Kganya e thothofa, e tswang letsatsing e ile ya fihla lefatsheng ka “letsatsi” la pele kapa nako e bolele bo sa tsejweng ya popo. Ha sepakapaka se ntse se hlaka, ka “letsatsi” la boraro la popo, kganya e tswang letsatsing e ne e se e le matla hoo e neng e kgona ho etsa hore dimela di etse dijo. (Genese 1:​3-5, 12, 13) Ke ha morao moo letsatsi le ileng la bonahala ka ho hlaka lefatsheng.​—Genese 1:16.

 Leshano: Bibele e re letsatsi le potoloha lefatshe.

 Nnete: Moeklesia 1:5 e re:“Letsatsi le boetse le tjhabile, letsatsi le diketse, mme le tla le hemesela sebakeng sa lona moo le tlang ho tjhabela teng.” Polelo ena empa feela e hlalosa tsela eo re bonang letsatsi le tsamaya ka yona ha re le lefatsheng. Le kajeno, motho a ka bua mantswe a kang “letsatsi lea tjhaba” le “letsatsi le a dikela,” empa a ntse a tseba hore lefatshe le potoloha letsatsi.

 Leshano: Bibele e re lefatshe le batalletse.

 Nnete: Bibele e sebedisa polelo e reng, “pheletsong ya lefatshe” ho bolela ‘karolo e holehole ya lefatshe.’ (Liketso 1:8; NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka ho tshwanang ha ho buuwa ka, “dipheletsong tse nne tsa lefatshe” ke mokgabopuo o bontshang hore ho buuwa ka lefatshe lohle; kajeno motho a ka bua ka tsela ya tshwantshetso mme a re sesupa tsela se na le dintlha tse nne.​—Esaia 11:12; Luka 13:29.

 Leshano: Bibele e re sedikadikwe se lekana hantle le bophara ba sona ka makgetlo a mararo, empa tekanyo ya sona e nepahetseng ke makgetlo a 3.1416.

 Nnete: Ditekanyo tsa “Lewatle le entsweng ka ho qhibidihiswa” tse fanweng ho 1 Marena 7:​23 le ho 2 Likronike 4:2 di bontsha hore le ne le le bophara ba ditswe tse 10 mme “ho ne ho hlokahala kgwele ya ditswe tse mashome a mararo ho le potapota ka hohle.” Ditekanyo tsena di ne di mpa di hakanya boholo ba lona feela. Hape e ka nna yaba boholo ba lona ho le potoloha le bophara ba lona di ne di tshwantshetsa boholo ba beisine kantle le ka hare.