Fetela boitsebisong

Ho Sireletsa Liphoofolo Tse Hlaha le Tikoloho Warwick

Ho Sireletsa Liphoofolo Tse Hlaha le Tikoloho Warwick

Lipaki Tsa Jehova li se li qalile ho haha ntlo-khōlō ea tsona e ncha sebakeng se pel’a Sterling Forest Lake (Blue Lake) e metseng ea mahaeng ea New York State. Li etsa’ng ho sireletsa liphoofolo tse hlaha le tikoloho eo?

Lipaki li hahile fense ea nakoana ho potoloha sebaka sa moo ho ntseng ho hahoa e le ho thibela li-rattlesnakes tse lulang lifateng le likolopata hore li se ke tsa kena moo li ka ’nang tsa tsoa kotsi. Fense eo e hlahlojoa nako le nako hore na liphoofolo li ntse li sa kene ka hare ka moo ho ntseng ho sebetsoa. Ka mor’a hore ho qetoe ho hahoa le fense e se e tlositsoe, rattlesnake e ka fumanoang e le haufi haholo le mehaho e tla tlosoa ke motho ea koetliselitsoeng ho etsa joalo.

Lefokotsane la Leboea

Ho ne ho pongoa lifate nakong ea likhoeli tsa mariha e le ho qoba ho tšosa mafokotsane a leboea nakong eo a lulang lihlaheng tsa ’ona. Ka mor’a hore ho qetoe ho hahoa, Lipaki li tla beha lihlaha tsa mabokose e le ho susumetsa linonyana hore li khutle.

Ka tsela e tšoanang, li ntse li potiela le ho hloekisa libaka tse itseng lipakeng tsa October le March e le ho lumella lipeō leha e le life tsa limela tsa hyssop skullcap tse kotsing ea ho fela hore li hasane le hore li hōle hantle. Ho ntse ho lateloa kemiso ena esita le hoja ho se na leha e le semela se le seng se kileng sa fumanoa setšeng sa Warwick haesale ho tloha ka 2007.

Sterling Forest Lake, e leng moeli oa setša sena, ke lehae la linonyana tse ngata tse lulang metsing hammoho le litlhapi tse kang trout, bass, pickerel le perch. E le ho sireletsa letša lena, baqapi ba ile ba khetha ho sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho sireletsa tikoloho. E akarelletsa ho jala limela ka holim’a matlo, e leng se tla fokotsa lintho tse silafatsang moea tse tsoang puleng le ho fokotsa phallo ea metsi. Ho phaella moo, limela tsa tlhaho tse metseng haufi le letša li babaletsoe li bile li sirelelitsoe.

Paki e ’ngoe eo ka ho khetheha e sebetsanang le ho li sireletsa e re, “Esita le hoja ho etsa joalo ho tla bolela hore re hloka ho etsa meralo e eketsehileng le ho ba le nako e ngata, re ikemiselitse ho sireletsa tikoloho le lintho tse phelang ho eona tse setšeng sa Warwick.”