Fetela boitsebisong

Molimo o na le Mabitso a Makae?

Molimo o na le Mabitso a Makae?

Karabo ea Bibele

 Molimo o na le lebitso le le leng feela. Ka Seheberu lebitso la hae le ngoloa e le יהוה ’me ka Senyesemane ke “Jehovah.” a A sebelisa moprofeta oa hae Esaia, Molimo o ile a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso lena le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 likhatisong tsa pele tsa Bibele ’me sena se bolela hore le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta litlotla le ha e le life tsa Molimo kapa mabitso a batho ba bang. b

Na Jehova o na le mabitso a mang?

 Le hoja Bibele e sebelisa lebitso le le leng feela ha e bua ka Molimo, e boetse e sebelisa litlotla le lipolelo tse ling tse mo hlalosang. Lethathamo le latelang la tse ling tsa litlotla le lipolelo tse hlalosang Molimo, le bontša kamoo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e hlalosang kamoo Jehova a leng kateng.

Tlotla

E hlaha ho

Tlhaloso

Allah

(Ha e eo)

Puong ea Searabia, lentsoe “Allah” ha se lebitso la Molimo empa ke tlotla e bolelang “Molimo.” Liphetolelo tsa Bibele ea Searabia le lipuo tse ling li sebelisa “Allah” ha li bua ka “Molimo.”

Ea Matla Ohle

Genese 17:1

O na le matla a ke keng a lekanngoa. Polelo ea Seheberu e reng ʼEl Shad·daiʹ e leng “Molimo ea Matla Ohle,” e hlaha ka makhetlo a supileng ka Bibeleng.

Alfa le Omega

Tšenolo 1:8; 21:6; 22:13

“Oa pele le oa ho qetela” kapa “qalo le qetello,” e leng ho bolelang hore ha ho na Molimo ea Matla Ohle ea bileng teng pele ho Jehova le hore ha ho na e mong ea tla ba teng. (Esaia 43:​10) Alfa ke tlhaku ea pele lialfabeteng tsa Segerike ’me omega ke tlhaku ea ho qetela.

Moholo-holo oa Matsatsi

Daniele 7:​9, 13, 22

Ha a na qalo. Haesale a le teng pele mang kapa mang kapa lintho le ha e le life tse ling li e-ba teng.​—Pesaleme ea 90:2.

’Mopi

Esaia 40:28

O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Ntate

Matheu 6:9

Mofani oa bophelo.

Molimo

Genese 1:1

Eo e leng eena ea lokeloang ke borapeli. Lentsoe la Seheberu ʼElo·himʹ le hlalosa lintho tse ngata ka Jehova joaloka bophahamo ba hae, seriti seo a nang le sona le bokhabane ba hae.

Molimo oa melimo

Deuteronoma 10:17

Ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa papisong le “melimo ea lefeela” eo ba bang ba e rapelang.​—Esaia 2:8.

Morupeli e Moholo

Esaia 30:​20, 21

O fana ka lithuto le tataiso e re tsoelang molemo.​—Esaia 48:​17, 18.

Moetsi e Moholo

Pesaleme ea 149:2

O entse lintho tsohle.​—Tšenolo 4:11.

Molimo ea Thabileng

1 Timothea 1:​11

O tsebahala ka thabo eo a nang le eona.​—Pesaleme ea 104:31.

Ea utloang thapelo

Pesaleme ea 65:2

O mamela lithapelo tsa ba mo rapelang ka tumelo.

Ke ’na Eena eo e Ntseng e le Eena

Exoda 3:​14, Bibele Phetolelo e Ncha

O fetoha eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse morero oa hae. Poleloana ena e boetse e fetoletsoe e le “Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke e batlang” kapa “Ke Tla Ba Seo Ke Tla Ba Sona.” (The Emphasised Bible, ea J. B. Rotherham; Phetolelo ea Lefatše le Lecha) Polelo ena e thusa ho hlalosa lebitso Jehova, leo ho buuoang ka lona temaneng e tlang ka mor’a eo.​—Exoda 3:15.

Sebouleli

Exoda 34:​14, Bibele Phetolelo e Ncha

O batla ho rapeloa a le mong. Lentsoe lena le fetoletsoe ka hore “ha a mamelle tlholisano” kapa “o tsebahala ka ho batla hore ho rapeloe eena feela.”​—God’s Word Bible; New World Translation.

Morena oa bosafeleng

Tšenolo 15:3

Bobusi ba hae ha bo na qalo kapa qetello.

Morena

Pesaleme ea 135:5

Monghali, eo ka Seheberu e leng ʼA·dhohnʹ le ʼAdho·nimʹ.

Morena oa mabotho, Morena oa Makhotla

Esaia 1:​9, Bibele Phetolelo e Ncha; Baroma 9:​29, Bibele ea Sesotho

Molaoli oa mangeloi a mangata a matla. Tlotla e reng “Morena oa Makhotla” e ka boela ea ngoloa e le “Jehova oa mabotho” le “Morena oa mabotho [a leholimo].”​—Baroma 9:​29, Phetolelo ea Lefatše le Lecha; naletsana ea NET Bible.

Ea Phahameng ka ho Fetisisa

Pesaleme ea 47:2

Ea boemong bo phahameng ka ho fetisisa.

Ea Halalelang ka ho Fetisisa

Liproverbia 9:​10

O halalela (boitšoarong) ho feta motho le ha e le ofe e mong.

Sebopi

Esaia 64:8

O na le matla holim’a batho le lichaba tsohle joalokaha sebopi se na le matla holim’a letsopa.​—Baroma 9:​20, 21.

Molopolli, Morekolli

Esaia 41:​14; Bibele Phetolelo e Ncha

O lopolla batho sebeng le lefung a sebelisa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste.​—Johanne 3:16.

Lefika

Pesaleme ea 18:​2, 46

Oa sireletsa ebile oa pholosa.

Mopholosi

Esaia 45:21

O pholosa batho kotsing kapa timetsong.

Molisa

Pesaleme ea 23:1

O tsotella barapeli ba hae.

’Musi Morena

Genese 15:2

O na le bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa, ka Seheberu ke ʼAdho·naiʹ.

Ea Holimo-limo

Daniele 7:​18, 27

’Musi ea phahameng ka ho fetisisa.

Mabitso a libaka ka Mangolong a Seheberu

 Le hoja mabitso a libaka tse ling ka Bibeleng a kenyelletsa lebitso la Molimo, seo ha se bolele hore ke mabitso a hae.

Lebitso la sebaka

E hlaha ho

Tlhaloso

Jehova-jire

Genese 22:​13, 14

“Jehova o Tla Fana.”

Jehova-nisi

Exoda 17:15

“Jehova ke Folaga ea ka.” (Bibele ea Sesotho) Jehova ke Molimo eo batho ba hae ba mathelang ho eena bakeng sa tšireletseho le thuso.​—Exoda 17:​13-​16.

Jehova-shalome

Baahloli 6:​23, 24

“Jehova ke Khotso.”

Jehova-shamma

Ezekiele 48:​35, Bibele ea Sesotho

“Jehova o Teng Mona.”

Mabaka a ho tseba le ho sebelisa lebitso la Molimo

  •   Molimo o entse bonnete ba hore lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a likete ka Bibeleng hobane ke la bohlokoa.​—Malakia 1:11.

  •   Jesu, mora oa Molimo, o ile a hatisa bohlokoa ba lebitso la Molimo. Ka mohlala, o ile a rapela Jehova a re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.”​—Matheu 6:9; Johanne 17:6.

  •   Mohato oa pele oa hore motho a be le kamano e haufi le Molimo ke hore a tsebe lebitso la hae e leng Jehova le ho le sebelisa. (Pesaleme ea 9:​10; Malakia 3:​16) Kamano ena e etsa hore ba rue molemo tšepisong ea Molimo e reng: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”​—Pesaleme ea 91:14.

  •   Bibele e ea lumela hore: “Ho na le ba bitsoang “melimo,” ebang ke leholimong kapa lefatšeng, feela joalokaha ho na le “melimo” e mengata le “marena” a mangata.” (1 Bakorinthe 8:​5, 6) Leha ho le joalo, e bontša ka ho hlaka hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete eo lebitso la hae e leng Jehova.​—Pesaleme ea 83:18.

a Liithuti tse ling tsa Seheberu li khetha ho sebelisa “Yahweh” moo ho hlahang lebitso la Molimo.

b “Jah,” e leng lebitso la Jehova le khutsufalitsoeng, le hlaha ka makhetlo a ka bang 50 ka Bibeleng, ho kenyelletsa le lentsoe “Hallelujah” kapa “Alleluya” le bolelang “Rorisang Jah.”​—Tšenolo 19:1; American Standard Version; Bibele ea Sesotho.