Modimo o na le Mabitso a Makae?
Karabo ya Bibele
Modimo o na le lebitso le le leng feela. Ka Seheberu lebitso la hae le ngolwa e le יהוה mme ka Sekgowa ke “Jehovah”. a A sebedisa moprofeta wa hae Esaia, Modimo o ile a re: “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso lena le hlaha ka makgetlo a ka bang 7000 dikgatisong tsa pele tsa Bibele, ho bolelang hore le hlaha hangata ho feta mabitso a mang a neng a ka sebedisetswa Modimo kapa motho e mong. b
Na Jehova o na le mabitso a mang?
Le hoja Bibele e sebedisa lebitso le le leng feela ha e bua ka Modimo, e boetse e sebedisa ditlotla le dipolelo tse ding tse mo hlalosang. Lethathamo le latelang la tse ding tsa ditlotla le dipolelo tse hlalosang Modimo, le bontsha kamoo e nngwe le e nngwe ya tsona e hlalosang kamoo Jehova a leng kateng.
Tlotla |
E hlaha ho: |
Tlhaloso |
---|---|---|
Allah |
(Ha e yo) |
Puong ya Searabia, lentswe “Allah” ha se lebitso la Modimo empa ke tlotla e bolelang “Modimo.” Diphetolelo tsa Bibele ya Searabia le dipuo tse ding di sebedisa “Allah” ha di bua ka “Modimo.” |
Ya Matla Ohle |
O na le matla a ke keng a lekanngwa. Polelo ya Seheberu e reng ʼEl Shad·daiʹ e leng “Modimo ya Matla Ohle,” e hlaha ka makgetlo a supileng ka Bibeleng. |
|
Alfa le Omega |
“Wa pele le wa ho qetela” kapa “qalo le qetello,” ho bolelang hore ha ho na Modimo ya Matla Ohle ya bileng teng pele ho Jehova le hore ha ho na e mong ya tla ba teng. (Esaia 43:10) Alfa ke tlhaku ya pele dialfabeteng tsa Segerike mme omega ke tlhaku ya ho qetela. |
|
Moholoholo wa Matsatsi |
Ha a na qalo; haesale a le teng pele ho mang kapa mang kapa ntho le ha e le efe e nngwe.—Pesaleme ya 90:2. |
|
Mmopi |
O entse ntho e nngwe le e nngwe. |
|
Ntate |
Mofani wa bophelo. |
|
Modimo |
Eo e leng yena ya lokelwang ke borapedi. Lentswe la Seheberu ʼElo·himʹ le hlalosa dintho tse ngata ka Jehova jwalo ka bophahamo ba hae, seriti seo a nang le sona le bokgabane ba hae. |
|
Modimo wa medimo |
Ho fapana le “medimo ya lefeela” eo ba bang ba e rapelang, Modimo ke yena ya phahameng ka ho fetisisa.—Esaia 2:8. |
|
Morupedi e Moholo |
O fana ka dithuto le ditataiso tse re tswelang molemo.—Esaia 48:17, 18. |
|
Moetsi e Moholo |
O entse dintho tsohle.—Tšenolo 4:11. |
|
Modimo ya Thabileng |
O tshebahala ka thabo eo a nang le yona.—Pesaleme ya 104:31. |
|
Ya utlwang thapelo |
O mamela dithapelo tsa ba mo rapelang ka tumelo. |
|
Ke Eo Ke Leng Yena |
Exoda 3:14, King James Version |
O ba eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse morero wa hae. Polelo ena e boetse e fetoletswe e le “Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke e batlang” kapa “Ke Tla Ba Seo Ke Tla Ba Sona.” (The Emphasised Bible, ya J. B. Rotherham; Phetolelo Ea Lefatše Le Lecha) Polelo ena e thusa ho hlalosa lebitso Jehova, leo ho buwang ka lona temaneng e latelang.—Exoda 3:15. |
Poulelo |
Exoda 34:14, King James Version |
O batla ho rapelwa a le mong. Lentswe lena le fetoletswe ka hore “ha a mamelle tlhodisano” kapa “o tsebahala ka ho batla borapedi bo kgethehileng.”—God’s Word Bible; New World Translation. |
Morena wa bosafeleng |
Bobusi ba hae ha bo na qalo kapa qetelo. |
|
Morena |
Monghadi, eo ka Seheberu e leng ʼA·dhohnʹ le ʼAdho·nimʹ. |
|
Morena wa mabotho, Morena wa Sabaoth |
Esaia 1:9, King James Version; Baroma 9:29, King James Version |
Molaodi wa mangeloi a mangata a matla. Tlotla e reng “Morena wa Sabaoth” e ka boela ya ngolwa e le “Jehova wa mabotho” le “Morena wa mabotho [a lehodimo].”—Baroma 9:29, Phetolelo Ea Lefatše Le Lecha; naletsana ya NET Bible. |
Ya Phahameng |
Ya boemong bo phahameng ka ho fetisisa. |
|
Ya Halalelang ka ho Fetisisa |
O halalela (boitshwarong) ho feta motho le ha e le ofe e mong. |
|
Sebopi |
O na le matla hodima batho le ditjhaba tsohle jwalo ka sebopi se na le matla hodima letsopa.—Baroma 9:20, 21. |
|
Molopolli, Morekolli |
Esaia 41:14; King James Version |
O lopolla batho sebeng le lefung a sebedisa thekollo ya Jesu Kreste.—Johanne 3:16. |
Lefika |
O a sireletsa ebile o a pholosa. |
|
Mopholosi |
O pholosa batho kotsing kapa timetsong. |
|
Modisa |
O tsotella barapedi ba hae. |
|
Mmusi Morena |
O na le bolaodi bo phahameng ka ho fetisisa, ka Seheberu ke ʼAdho·naiʹ. |
|
Ya Hodimodimo |
Mmusi ya phahameng ka ho fetisisa. |
Mabitso a dibaka ka Mangolong a Seheberu
Le hoja mabitso a dibaka tse ding ka Bibeleng a kenyelletsa lebitso la Modimo, seo ha se bolele hore ke mabitso a hae.
Lebitso la sebaka |
E hlaha ho: |
Tlhaloso |
---|---|---|
Jehova-jire |
“Jehova o tla etsa tokisetso.” |
|
Jehova-nisi |
“Jehova ke Pontsho ya ka,” kapa “Tsela ya ka ya Phatlalatso.” (Today’s New International Version) Jehova ke Modimo eo batho ba hae ba mathelang ho yena bakeng sa tshireletseho le thuso.—Exoda 17:13-16. |
|
Jehova-shalome |
Baahloli 6:23, 24 |
“Jehova ke Kgotso.” |
Jehova-shamma |
Ezekiele 48:35, naletsana ya American Standard Version |
“Jehova o Teng Moo.” |
Mabaka a ho tseba le ho sebedisa lebitso la Modimo
Modimo o entse bonnete ba hore lebitso la hae le hlaha ka makgetlo a dikete ka Bibeleng hobane ke la bohlokwa.—Malakia 1:11.
Jesu, eo e leng mora wa Modimo, o ile a hatisa bohlokwa ba lebitso la Modimo. Ka mohlala, o ile a rapela Jehova a re: “Lebitso la hao le ke le halaletswe.”—Matheu 6:9; Johanne 17:6.
Batho ba ithutang ka Modimo mme ba sebedisa lebitso la hae ba nka mehato ya pele ya hore ba be le kamano e haufi le Jehova. (Pesaleme ya 9:10; Malakia 3:16) Kamano ena e etsa hore ba rue molemo tshepisong ya Modimo e reng: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho nna, Ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”—Pesaleme ya 91:14.
Bibele e ya dumela hore: “ho na le ba bitswang “medimo,” ebang ke lehodimong kapa lefatsheng, feela jwalo ka ha ho na le “medimo” e mengata le “marena” a mangata.” (1 Bakorinthe 8:5, 6) Le ha ho le jwalo, e bontsha ka ho hlaka hore ho na le Modimo a le mong feela wa nnete eo lebitso la hae e leng Jehova.—Pesaleme ya 83:18.
a Diithuti tse ding tsa Seheberu di kgetha ho sebedisa “Yahweh” moo ho hlahang lebitso la Modimo.
b “Jah,” e leng lebitso la Jehova le kgutsufaditsweng, le hlaha ka makgetlo a ka bang 50 ka Bibeleng, ho kenyelletsa le lentswe “Hallelujah” kapa “Alleluia” le bolelang “Rorisang Jah.”—Tšenolo 19:1; American Standard Version; King James Version.