Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakeng sa drama, majwe a sitsweng a ka bang boima ba dikhilograma tse 27 500 a ile a tliswa studiong sa Mt. Ebo

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Etswa ha Divideo Tsa Lenaneo la Kopano ya Setereke ya Dulang le Thabile! ya 2020

Ho Etswa ha Divideo Tsa Lenaneo la Kopano ya Setereke ya Dulang le Thabile! ya 2020

10 AUGUST 2020

 Divideo tsa dikopano tsa setereke di a re ama le ho re thusa ho utlwisisa seo Bibele e se rutang. Kopano ya setereke ya 2020 ya Dulang le Thabile! e ne e na le divideo tse 114 ho akarelletsa le dipuo tse 43 tse neng di fanwa ke barababo rona ba Sehlopha se Busang le bathusi ba bona. Na o ke o ipotse hore na ho sebeditswe ka thata hakae le hore na ho ile ha sebediswa tjhelete e kae ho etsa divideo tsee?

 Bara le baradibabo rona ba ka bang 900 lefatsheng lohle ba ile ba fana ka nako le ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho thusa ho etsa divideo tsena. Ka kakaretso ba ile ba qeta dihora tse ka bang 100 000 dilemong tse pedi ba sebetsa projekeng ena. Sena se akarelletsa dihora tse 70 000 tse neng di hlokahala e le hore ho qetwe drama ya Bibele e nkang metsotso e 76 ya Nehemia: “Thabo ya Jehova ke Qhobosheane ya Lona.”

 Ho sebedisitswe tjhelete e ngata ho hlokomela baithaopi bana le ho ba fa tshehetso ya theknoloji, disebediswa le dibaka tseo ba neng ba di hloka e le ho re ba ka qeta mosebetsi ona.

 “Komiti ya Thuto ya Sehlopha se Busang e batla ho sebedisa batho ba ditso tsohle le ba dibaka tse fapaneng divideong tsa rona. Morabo rona Jared Gossman ya sebetsang lefapheng la Ditshebeletso Tsa ho Etsa Direkoto Kapa Divideo o re: “Re etsa sena hobane re bana ba motho lefatsheng lohle mme re batla ho bontsha sena divideong tsa rona.” E le hore re finyelle sena, dithimi tse 24 dinaheng tse 11 di ile tsa sebetsa ha mmoho projekeng ena. Ho ne ho hlokahala tjhelete e ngata projekeng ena, ho hlophisa le ho etsa ditokisetso tsa ho re ho be le batho ba sebetsang ha mmoho lefatsheng lohle.”

 E le hore re etse divideo tse ngata re ne re hloka disebediswa tse kgethehileng le sebaka seo re ka etsetsang divideo tsena ho sona. Ka mohlala, re etseditse drama ya Nehemia: “Thabo ya Jehova ke Qhobosheane ya Rona” setudiong sa MT. Ebo haufinyane le Patterson, New York, U.S.A. E le hore ho sebediswe menehelo ena hantle le hore drama ena e bonahale e ka ke ya mehleng ya kgale, barababo rona ba ile ba sebedisa dintho tse bobebe tse ka shebahalang jwalo ka mabota a Jerusalema ya mehleng ya kgale. Disebediswa tsena di ne di entswe ka di foreimi tsa patsi tse bolelele ba dimithara tse tshelela mme di kwahetswe ka sepontjhe se neng se pentuwe e le hore se ka bonahala jwalo ka ha eka ke majwe. “Mabota” ana a ne a ka kgona ho tloswa mme a sebediswe hape dikarolong tse ding, sena se ne se thusa hore ho fokotswe palo ya disebediswa tse neng di hlokahala. Le ha ho le jwalo, ho hlokahala tjhelete e ka etsang R1 739 773.00 e le hore ho rekwe disebediswa tsa drama feela. a

 Ho tseba sena ho etsa hore re ananele le ho feta lenaneo la kopano ya setereke ya selemong sena. Re kgodisehile hore boiteko bohle bo entsweng ho etsa lenaneo lena bo tla etsa hore ho roriswe Jehova lefatsheng lohle. Re lebohile haholo ka menehelo eo le e ntshang ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle le sebedisa websaete ya donate.pr418.com le mekgwa e meng.

a Drama ya Nehemia: “Thabo ya Jehova ke Qhobosheane ya Lona” e entswe pele sewa sa COVID-19 se eba teng. Ka nako eo ho ne ho sa hlokahale ho re batho ba arohane le batho ba bang.