Feta

14 AUGUST, 2020
LEBANON

Ho Phatloha ho Hoholo Beirut, Naheng ya Lebanon

Ho Phatloha ho Hoholo Beirut, Naheng ya Lebanon

Ka la 4 August, 2020 ho ile ha ba le ho phatloha ho hoholo ho ileng ha senya sebaka sa dikepe toropong e kgolo ya Lebanon, e leng Beirut. Kotsi ena e bolaile batho ba bangata mme ya lematsa ba bang ba dikete le ho baka tshenyo e kgolo. Matlo a mmalwa a bara le baradibabo rona a senyehile. Ka maswabi bara le baradibabo rona ba mmalwa ba lemetse haholo empa ha ho na ba hlokahetseng.

Re kgodisehile hore Modimo wa rona o tla tswelapele a thusa bahlanka ba hae.​—2 Samuele 22:3.