MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) August 2013

Makasineng ena ho tšohloa litsela tseo ka tsona re ka lulang re halalela le kamoo re ka lulang re sebelisoa mosebetsing oa Molimo, kamoo re ka qobang ho beha Molimo molato ha re thulana le mathata le kamoo re ka loantšang ho nyahama kateng.

Le Halalelitsoe

Hlahloba lintlha tse ’nè tse ka re thusang hore re lule re halalela re bile re ka sebelisoa tšebeletsong ea Molimo.

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na e ka ba ho loketseng hore batsoali ba Bakreste ba lule le ngoana oa bona ea khaotsoeng libokeng tsa phutheho?

PALE EA BOPHELO

Jehova ‘o Ntjarela Mojaro Letsatsi le Letsatsi’

Ke’ng e ileng ea thusa morali’abo rōna oa Namibia hore a thabele ho sebeletsa e le pula-maliboho ka lilemo tse fetang 20 ho sa tsotellehe mathata a tebileng a bophelo?

Le ka Mohla U se ke Ua “Halefela Jehova”

Ba bang ba ’nile ba halefela Molimo ka lipelong tsa bona. Ba mo jarisa molato ka mathata a bona. Re ka qoba leraba lee joang?

Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng

Ngoana o lokela ho koetlisoa ho tloha neng? Koetliso ee e lokela ho akarelletsa’ng?

Nahanelanang ’me le Khothatsane

Re ka thusana joang hore re tsoele pele re sebeletsa Molimo ka botšepehi esita le ha re thulana le mathata?

Nahana Hore na U Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe

Satane ha a batle hore re amoheloe ke Molimo. Re ka etsa’ng hore re sireletse setsoalle sa rōna le Jehova?

Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo—Uena?

Elisha o ne a e-na le tumelo e matla ’me a tšepile Jehova ka ho feletseng. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

NALANE EA RONA

Morena o ne a Thabile!

Bala kamoo Morena oa Swaziland a ileng a ananela ho ithuta ’nete ea Bibele kateng.