MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) January 2014

Makasine ena e tiisa hore haesale Jehova e le Morena. E boetse e etsa hore re ananele ka ho teba ’Muso oa Bomesia le seo o se finyeletseng.

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Afrika Bophirimela

Ke eng e ileng ea susumetsa batho ba bang ba Europe hore ba fallele Afrika Bophirimela, hona lintho li ile tsa ba tsamaela joang?

Rapela Jehova Morena oa Bosafeleng

Ho ithuta kamoo Jehova a ipakileng e le Ntate le kamoo a ileng a sebelisa bobusi ba hae ho tla u atametsa ho eena.

Lilemo Tse 100 Tsa Puso ea ’Muso—Li U Ama Joang?

Re ka rua molemo joang pusong ea ’Muso? Ithute kamoo Morena oa Bomesia a hloekisitseng, a ruta le ho hlophisa bafo ba hae ba lefatšeng.

Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha

Bacha ba bangata ba inehetseng ba Bakreste ba ba le liphihlelo tse thabisang ha ba ntse ba thusa batho. U ka etsa’ng hore u kopanele ka botlalo tšebeletsong ea Jehova?

Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla

Ke menyetla efe e ikhethang eo Bakreste ba hōlileng ba nang le eona ea ho atolosa tšebeletso ea bona?

“’Muso oa Hao o ke o Tle”—Empa Neng?

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Morena eo Molimo a mo tlotsitseng o tla nka khato haufinyane e le hore thato ea Molimo e etsoe ka botlalo lefatšeng?

Khetho eo ke Ileng ka e Etsa ha ke sa le Ngoana

Moshanyana ea monyenyane ea tsoang Columbus, Ohio, U.S.A. o ile a etsa qeto ea ho ithuta Secambodia. Hobane’ng? Khetho eo e amme bokamoso ba hae joang?