MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) March 2014

Tokollong ena, ithute kamoo u ka lulang u e-na le moea oa boitelo hammoho le maikutlo a matle. Re ka hlokomela balumeli-’moho le rōna le beng ka rōna ba hōlileng joang?

Ho finyella Lipelo Tsa Beng ka Rōna ba sa Lumelang

Re ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a tšoara beng ka eena ka eona? Re ka buisana joang le beng ka rōna ba ba sa lumelang—kapa bao e seng litho tsa bolumeli?

Kamoo re ka Lulang re E-na le Moea oa Boitelo

Re na le sera se ka fokolisang moea oa rōna oa boitelo ka litsela tse poteletseng. Sehlooho sena se tla senola sera seo le ho re bontša kamoo Bibele e ka re thusang ho se loantša.

Kamoo re ka Lulang re E-na le Maikutlo a Matle

Ke hobane’ng ha ba bang ba loantša maikutlo a nyahamisang? Sehlooho sena se re bontša kamoo Bibele e ka re thusang hore re lule re e-na le maikutlo a matle.

Borapeli ba Lelapa—Na U ka Etsa Hore bo Natefele Lelapa la Hao?

Bona hore batho ba bang ba etsa borapeli ba lelapa joang linaheng tse ling ’me u fumane keletso ea hore na u ka etsa’ng.

Hlomphang ba Hōlileng ba Har’a Lōna

Ithute hore na Molimo o talima batho ba hōlileng joang. Bana ba seng ba le baholo ba na le boikarabelo bofe mabapi le batsoali ba hōlileng? Barab’abo rōna ba ka hlompha ba hōlileng ba liphuthehong tsa habo bona joang?

Ho Hlokomela ba Hōlileng

Batsoali ba hōlileng le bana ba baholo ba ka buisana ka hore na batsoali ba tla hlokomeloa joang pele ho tla “matsatsi a tlokotsi.” Ba ka sebetsana le mathata a mang joang?

Na U Phelela Seo U se Buang?

Bakreste ba lokela ho phelela seo ba se buang ’me ha baa lokela ho iphumana ba re ‘e, empa ha e le hantle ba re che.’ Ho thoeng haeba u lokela ho tlohela seo u neng u tšepisitse hore u tla se etsa? Ithute mohlaleng oa moapostola Pauluse.