MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) November 2014

Makasineng ena ho na le lihlooho tse tl’o ithutoa ho tloha ka la 29 December, 2014 ho ea ho la 1 February, 2015.

Tsoho ea Jesu—Kamoo e re Amang Kateng

Mabaka a mane a tiisang hore Jesu o tsositsoe bafung. Ho lumela hore o tsositsoe bafung ho lokela ho re ama joang?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?

Na u kile ua tsieleha kapa ua nyahama ha u ntse u bala buka ea Bibele ea Levitike? Lintlha tsa bohlokoa tse fumanehang ka Mangolong ho tloha ho Levitike li ka u thusa hore u be ea halalelang borapeling ba hao.

Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna

Ho tšepahala, ho fa Jehova se molemohali le ho ja lijo tse tiileng tsa moea ho tsamaisana joang?

“Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova”

Na Molimo o amohela batho bohle ba mo rapelang ka pelo eohle, ho sa tsotellehe hore na ba bolumeling bofe?

“Joale le Sechaba sa Molimo”

Re ka ba batho ba Molimo joang ra ba ra lula re le bona?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa joang phuthehong ka ’ngoe? Lipaki tse peli tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo khaolo ea 11 ke bo-mang?

NALANE EA RONA

Ho Khanya ha Leseli la ’Nete Japane

Lik’haravene tse khethehileng tse bitsoang “Lijehu” li ne li thusa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso Japane.