Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 2 2017 | Amohela Mpho ya Bohlokwa e Tswang ho Modimo!

O NAHANA JWANG KA TABA EE?

Ke mpho efe ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona?

Bibele e re: “Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi.”Johanne 3:16.

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e hlalosa hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a romela Jesu lefatsheng ho tla re shwela. E boetse e bua ka seo re ka se etsang ho bontsha hore re ananela mpho eo e tswang ho Modimo.

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

Mpho e Babatsehang

Bibele e bua ka mpho e babatsehang e tlisetsang batho bophelo bo sa feleng. Ha ho na mpho e fetang ena

SEHLOOHO SE KA NTLE

Mpho eo Modimo a Faneng ka Yona ke ya Bohlokwa Haholo

Keng e etsang hore mpho ena e be ya bohlokwa ho feta tse ding? Ho nahanisisa ka taba ena ho tla re thusa hore re ananele mpho ena.

SEHLOOHO SE KA NTLE

O ka Bontsha Jwang Hore O Ananela Mpho eo Modimo a o Fileng Yona?

Lerato leo Kreste a nang le lona le re qobella ho etsang?

Na Bibele e Laela Hore Badumedi ba se ke ba Nyala?

madumedi a mang a laela hore baetapele ba ona ba se ke ba nyala. Empa Bibele e reng ka taba ee?

Ho Lokoloha Bokgobeng​—⁠Nakong e Fetileng le Hona Jwale

Mehleng ya pele, batho ba Modimo ba ile ba lokollwa bokgobeng. Leha ho le jwalo, batho ba dimilione e ntse e le makgoba.

Thabela Melemo e Tliswang ke ho Fana

Ho fana ho etsa hore o thabe mme le motho eo o mo fang wa thaba. E etsa hore batho e be metswalle. O ka etsang e le hore o fane o thabile?

Bibele e Reng?

Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Na see ha se etsahale mehleng ee?

Dikarolo Tse Ding Tse Fumanwang Inthaneteng