TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG August 2017

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 25 September ho ya ho la 22 October 2017.

Na o Ikemiseditse ho Leta ka Mamello?

Bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba nakong e fetileng, ba ile ba botsa Modimo hore ba ne ba lokela ho mamella maemo a thata nako e kae, mme Modimo ha a ka a ba halefela ha ba etsa jwalo.

‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’

Na o na le ho ipotsa hore na ke hobaneng ha Modimo a dumelletse teko e itseng bophelong ba hao? Haeba ho jwalo, o ka thuswa keng hore o dule o mamelletse mme o tshepile Jehova ka ho felletseng?

PALE YA BOPHELO

Ho Mamella Diteko ho Tlisa Ditlhohonolofatso

Ke hobaneng ha ba isitsweng kgolehong Siberia ba ne ba ka botsa ka dikgomo empa e le hore ba batla dinku? Fumana karabo paleng ya bophelo e thahasellisang ya Pavel le Maria Sivulsky.

Hlobola Botho ba Kgale o be o bo Lahle

Ho ka nna ha ba bonolo ho hlobola botho ba kgale, empa ho bo lahla ho ka ba thata. Re ka atleha jwang, le ha eba re ne re kene tlwara! diketsong tse mpe?

Dula o Apere Botho bo Botjha

Jehova a ka o thusa hore o be motho eo a batlang hore o be yena. Nahana kamoo o ka bontshang qenehelo, mosa le bonolo kateng.

Lerato ke la Bohlokwa Haholo

|Mangolo a bontsha ka ho hlaka hore lerato le hlahiswa ke moya wa Jehova o halalelang. Ha e le hantle lerato keng? O ka etsang hore o be le lona? Hape o ka le bontsha jwang letsatsi le leng le le leng?

HISTORI YA RONA

“Re Tlo ba le Kopano e Nngwe Neng?”

Keng e ileng ya etsa hore kopano e nyenyane e neng e tshwaretswe Mexico City, ka 1932 e be ya bohlokwa?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha tlaleho ya Matheu mabapi le bophelo ba Jesu le leloko la hae e sa tshwane le ya Luka?