Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 5 2017 | Ke Mehato Efe eo o ka e Nkang ho Itshireletsa ha Koduwa e Hlaha

Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho itokisa esale pele bakeng sa ha ho hlaha dikoduwa?

Bibele e re: “Ya masene ya boneng tlokotsi o ipatile; ba se nang phihlelo ba fetetseng pele ba fumane kotlo.”—Liproverbia 27:12.

Makasine ena e fana ka ditlhahiso tse re thusang ho tseba hore na re lokela ho etsang pele koduwa e hlaha, nakong ya koduwa le ka mora koduwa.

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Mehato Efe eo o ka e Nkang ho Itshireletsa ha Koduwa e Hlaha?

Ditlhahiso tsena di ka pholosa bophelo ba hao le ba batho ba bang.

Ditsela Tsa ho Baballa Motlakase le Petrole

Hlokomela dikarolo tse tharo tseo re ka baballang motlakase le petrole ho tsona; malapeng a rona, dipalangwang le dintho tseo re di etsang letsatsi le letsatsi.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ntwa

Mehleng ya kgale kwana, Baiseraele ba ne ba lwana dintwa ka lebitso la Modimo wa bona Jehova. Empa na see se bolela hore Modimo o dumella dintwa tse teng kajeno?

SE KA THUSANG LELAPA

Boithabiso bo Kotsi

Batho ba bangata ba natefelwa ke dipapadi tse behang bophelo kotsing. Na le wena o ke o lekehe ho di bapala?

BATHO LE DINAHA

Tseba Haholwanyane ka Kazakhstan

Mehleng ya kgale, Makazakh a ne a phela bophelo ba hloma o hlomole mme a dula ka hara ntlo e entsweng ka tente. Tsela eo Makazakh a phelang ka yona kajeno e bontsha eng ka setso sa bona sa kgalekgale?

NA E ENTSWE?

Tsela eo Dikgetla Tsa Kgofu ya Lewatleng di Bopilweng ka Yona

Tsela eo dikgetla tsa kgofu ya lewatleng di bopilweng ka yona e thusa mefuta e fapaneng ya dikgofu ho phela.