Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSOHA! No. 1 2018 | U ka Etsa’ng Hore U Thabe?

KE’NG E TLA RE THUSA HORE RE PHELE RE THABILE?

Bibele e re: “Ho thaba ba se nang molato litseleng tsa bona.”​—Pesaleme ea 119:1.

Lihlooho tse supileng tse hlahang makasineng ena li na le likeletso tse bohlokoa haholo tse tla re thusa hore re thabe.

 

Lintho Tse Tla U Thusa Hore U Thabe

Na u motho ea thabileng? Ke eng e ka etsang hore re thabe?

Khotsofala U be U Fane

Batho ba bangata ba lumela hore ba tla thaba hafeela ba ruile. Empa na maruo a ka etsa hore motho a lule a thabile? Re tl’o fumana karabo ea potso eo sehloohong sena.

Leka ho Phela Hantle

Na ha motho a kula, e se e le hore a ke ke a hlola a thaba?

Rata Batho

Ho rata le ho ratoa ho ka etsa hore re thabe.

Tšoarela

Ha motho a lula a halefile, ho hang a ke ke a thaba kapa hona ho phela hantle ’meleng le kelellong.

Tseba Hore na U Phelela’ng

Ho fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa tseo re ipotsang tsona ka bophelo ho tla re thusa hore re thabe.

E-ba le Tšepo

Batho ba bangata ha ba khone ho thaba ha ba sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka bona le beng ka bona.

Ithute Haholoanyane

Ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore motho a thabe kapa a se ke a thaba. Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u thabe leha maemo a le boima.