Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 2 2018 | O Nahana Hore Bokamoso bo o Tshwaretseng?

O NAHANA HORE BOKAMOSO BO O TSHWARETSENG?

Na o kile wa ipotsa hore na bokamoso bo tla ba jwang bakeng sa hao le ba lelapa la hao? Bibele e re:

“Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 37:29.

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e tla o thusa ho utlwisisa morero wa Modimo ka batho le ka lefatshe le ho re na o tlameha ho etsang e le hore o phele ka ho sa feleng.

 

Ho Bolela Bokamoso e sa le Pele

Batho ba bangata ba nnile ba ipotsa dipotso tse kang tsena ka dilemo tse ngata—ba bang ba ile ba fumana dikarabo empa ba ba bang ha ba a ka ba di fumana.

Boprofeta bo Seng bo Phethahetse

Boprofeta bo babatsehang ba Bibele bo phethahala ka ho felletseng.

Bopaki bo sa Tsejweng bo Netefatsang Boprofeta ba Bibele

Seemahale sa kgale se Roma se netefatsa hore boprofeta ba Bibele bo nepahetse.

Ditshepiso Tsa Modimo Tse Tlo Phethahala

Boprofeta bo bongata ba Bibele bo se bo phethahetse, le ha ho le jwalo, bo bong bo amahangwa le bokamoso ba rona.

O ka Phela ka ho sa Feleng Lefatsheng

Bibele e re bolella hore na morero wa Mmopi ka lefatshe ke ofe.

Bokamoso ba Hao bo Matsohong a Hao!

Batho ba bang ba re Modimo o ile a rera e sa le pele hore na bophelo ba motho e mong le e mong bo tla ba jwang, ka hoo ha ba dumele hore diqeto tseo re di etsang di ka laola bophelo ba rona. Empa na seo ke nnete?

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatshe”

Bibele e re tshepisa nako eo ka yona kgethollo le bokgopo di tla be di le siyo.