TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG June 2019

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 5 August ho ya ho la 1 September 2019

“Hlokomelang: Mohlomong ho ka ba le e Mong ya Tla le Nka Jwalo ka Phofu”!

Satane ke setsebi tabeng ya ho thetsa batho. O leka jwang hore susumetsa hore re se ke ra mamela Jehova?

Lahla Mekgwa Yohle eo Modimo a e Hloileng!

Tsela eo re nahanang ka yona e susumetswa ke dintho tse re etsahalletseng bophelong, setso sa rona le boemo ba rona ba thuto. Ke jwang re ka tlosang mekgwa e “metseng ka matla” dikelellong tsa rona?

Tshepa Jehova ha o le Tlasa Kgatello

Ho tshwenyeha nako e telele ho ka re kudisa mmeleng le maikutlong. Re ka ithuta ho hongata mehlaleng ya batho ba hlahang ka Bibeleng hore na keng seo re lokelang ho se etsa e le hore Jehova a re thuse.

Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata

Lota, Jobo le Naomi, ba sebeleditse Jehova ka botshepehi le hoja ba ne ba lokela ho mamella maemo a thata bophelong ba bona. Keng seo re ka ithutang sona dinthong tse ileng tsa ba etsahalla?

Re ka Itshireletsa Jwang Kgahlanong le Maraba a Satane?

Pornography e tshwasitse bahlanka ba bangata ba Modimo. Re ka qoba ho etsa dintho tse ditshila jwang?

Moqolo wa Kgale o “Phuthollotswe”

KA 1970, baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana moqolo o neng o tjhele Ein Gedi, Iseraele. Ho ile ha sebediswa mokgwa wa motjhini o skenang (wa 3D) o kgonang ho bona dintho ka mahlakore a mararo mme ene eka moqolo oo o “phuthollotswe.’ Keng se ileng sa fumanwa?