MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) October 2019

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka la 2-la 29 December, 2019.

1919​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

Ka 1919, Jehova o ile a matlafatsa batho ba hae e le hore ba phatlalatse litaba tse molemo ho feta leha e le neng pele. Empa pele ho moo, Liithuti Tsa Bibele li ne li lokela ho feta tlas’a boemo bo boima.

Na Jehova o Fana ka Nako e Lekaneng Pele a Ahlola Batho?

Jehova Molimo o lemosa batho ka “sefefo” se seholo ho feta leha e le sefe seo ba kileng ba utloela ka sona litabeng tsa bolepi. O ba lemosa joang?

Lula U Phathahane Qetellong ea ‘Matsatsi a ho Qetela’

Ke liketsahalo life tse tla etsahala qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela’? Jehova o lebeletse hore re etseng pele ho liketsahalo tseo?

Lula U Tšepahala Nakong ea Matšoenyeho a Maholo

Jehova o tla lebella hore re etse’ng nakong ea matšoenyeho a maholo? Re ka itokisa joang esale hona joale e le hore re tle re tšepahale?

Jehova o Tla Etsa Hore U mo Sebeletse Joang?

Mehleng ea khale, Jehova o ne a fa bahlanka ba hae takatso le matla a ho mo sebeletsa. Jehova o re thusa joang hore re mo sebeletse mehleng ee?

Sebeletsa Jehova a le Mong Feela

Hlahloba lintho tse peli tse ka re thusang ho bona hore na re sebeletsa Jehova a le mong feela kapa che.