TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG March 2020

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 4-31 May 2020.

O Tla Susumelletseha ho Kolobetswa ha o Rata Ebile o Ananela Jehova

Ha o rata Jehova o tla susumelletseha hore o kolobetswe. Empa keng e ka etsang hore o se ke wa kolobetswa?

Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?

Dikarabo tsa hao dipotsong tse sehloohong sena di tla o thusa hore o etse qeto.

PALE YA BOPHELO

“Ke Rona Bana! re Rome!”

Jack le Marie-Line ba a hlalosa hore na keng e entseng hore ba be tshebeletsong ya nako e tletseng le hore na keng e ba thusitseng hore ba amohele kabelo e nngwe le enngwe eo ba neng ba e fumana.

Nako e Nepahetseng ya ho Bua ke Efe?

Nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng e tla re thusa ho tseba nako ya ho bua le ya ho thola.

Le Ratane ho Tswa Pelong

Jesu o ile a re Bakreste ba nnete ba tla tsejwa ka ho bontshana lerato. Lerato le re thusa jwang hore re bope kgotso, re se ke ra kgetholla batho bang mme re amohele baeti?

Na o ne o Tseba?

Ke bopaki bofe bo bong ntle le bo hlahang ka Bibeleng bo bontshang hore Baiseraele e ne e le makgoba Egepeta?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke bo mang bao e neng e le mapolesa a tempele a Bajuda, hona mosebetsi wa bona e ne e le ofe?