Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOLULA-QHOOA No. 1 2021 | Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela?

Na u kile oa utloa eka Molimo ha a arabele lithapelo tsa hao? Haeba ho joalo, ha se uena feela. Batho ba bangata ba ile ba rapella hore Molimo a ba thuse, empa ba ile ba tsoela pele ba e-na le mathata. Lihlooho tse makasineng ona li tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o utloa lithapelo tsa rona, ke hobane’ng ha a sa arabele lithapelo tse ling le hore na u ka rapela joang e le hore Molimo a arabe lithapelo tsa hao.

Maikutlo a Batho ke Afe ka Thapelo?

Na thapelo ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo, kapa ke moetlo feela o se nang thuso?

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Rona?

Bibele ea re tiisetsa hore Molimo o mamela lithapelo tsa rona haeba re mo rapela ka tsela e nepahetseng.

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?

Bibele ea re bolella hore na ke lithapelo tsa mofuta ofe tseo Molimo a li mamelang le tseo a ke keng a li mamela.

U ka Rapela Joang e le Hore Molimo a U Utloe?

Bua le Molimo hohle moo u leng teng ka nako leha e le efe, u buela holimo kapa ka pelong. Jesu o bile o re rutile hore na re ka re’ng ha re rapela.

Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?

Ho rapela ho ka u thusa joang ha u e-⁠na le mathata?

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Hao?

Bibele e re Molimo oa u utloa ha u rapela, ebile o batla ho u thusa.