Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Haufi Moo re Yang

Ho Haufi Moo re Yang
  1. 1. Letsatsi ke leo le’a tjhaba,

    Dinonyana di’a bina.

    Mme o thabile haholo

    Hoba o bona bana beno.

    Jwale se re fihlile,

    Se re le Paradeiseng

    Esale ke ntse ke re:

    “Ho haufi moo re yang.”

  2. 2. Batho ba hahile matlo,

    Dithabeng le maralleng.

    Dinoka di tletse hohle,

    Batho ba bina ba thabile.

    A re lebeng masimong,

    Etswe dijo di ngata.

    Esale ke ntse ke re:

    “Ho haufi moo re yang.”

    (BOROKGO)

    Tsohle di ntjha, re thabela

    Bophelo fatsheng le letjha.

    Mathata ha a sa le yo.

    A fedile, re thabile.

  3. 3. Nako tsohle ha ke tsoha,

    Ke leboha Jehova.

    Hoba o’a re hlokomela,

    O’a re rata hape o mosa.

    O re hl’onolofaditse,

    Mme jwale re thabile.

    Esale re ntse re re:

    “Ho haufi moo re yang”.

    (BOROKGO)

    Moratuwa, ha ke’o bona,

    Ke dula ke nyakalletse

    Esale ke lebelletse

    Ho ba le wena lefatsheng.

  4. 4. Fatshe leo le letjha

    Le se le atametse.

    Jehova o tshepisitse.

    Mme ke’a tseba o’a tshepahala.

    Ke tla dula ke le matla

    Ha ke ntse ke nahana.

    Ka dintho tsohle tse tlang,

    Nako eo e atametse.