Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo

Bala ka lintho tsohle tse etsahetseng bophelong ba Jesu tse tlalehiloeng ka Bibeleng ka bukeng ena.

SELELEKELA

Ke Tsela le ’Nete le Bophelo

Lithuto le liketso tsa Jesu tse tlalehiloeng ka Likosepeleng li ka fetola bophelo ba hao.

KHAOLO EA 1

Melaetsa e ’Meli e Tsoang ho Molimo

Lengeloi Gabriele le fetisa melaetsa eo ho leng thata ho e lumela.

KHAOLO EA 2

Jesu o Hlomphuoa le Pele a ka Tsoaloa

Elizabetha le ngoana oa hae ea e-⁠s’o hlahe ba hlompha Jesu joang?

KHAOLO EA 3

Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela

Zakaria o ile a profeta taba ea bohlokoa hang ka mor’a hore ka mohlolo a khone ho bua.

KHAOLO EA 4

Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa

Na Josefa o kholoa Maria ha a re o imisitsoe ke moea o halalelang ?

KHAOLO EA 5

Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?

Re tseba joang hore Jesu ha aa hlaha ka li 25 tsa December?

KHAOLO EA 6

Ngoana eo Esale a Lebelloa

Baiseraele ba babeli ba tsofetseng ba profeta bokamoso ba Jesu ha Maria le Josefa ba mo tlisitse tempeleng.

KHAOLO EA 7

Balepi ba Linaleli ba Etela Jesu

Ke hobane’ng ha qalong naleli e ile ea ba tataisetsa ho Morena Heroda oa ’molai eseng ho Jesu?

KHAOLO EA 8

Ba Phonyoha ka Lesobana la Nale

Lintho tse tharo tse neng li profetiloe ka Jesu li phethahala ha e sa le lesea.

KHAOLO EA 9

Jesu o Holela Nazaretha

Bana ba bo Jesu ba ne ba le bakae ka palo?

KHAOLO EA 10

Lelapa la bo Jesu le ea Jerusalema

Maria le Josefa ba qeta matsatsi a mararo ba ferekane ba batla Jesu. Ha ba mo fumana, oa ba makalla hore ba ne ba sa tsebe hore na o hokae.

KHAOLO EA 11

Johanne Mokolobetsi o Betlela Jesu Tsela

Ha Bafarisi le Basaduse ba tla ho Johanne, oa ba hanela. Hobane’ng?

KHAOLO EA 12

Jesu oa Kolobetsoa

Ke hobaneng ha Jesu a ile a kolobetsoa empa e se moetsalibe?

KHAOLO EA 13

Re Ithuta’ng Litekong Tse Hlahetseng Jesu?

Liteko tse hlahetseng Jesu li re senolela litho tse peli tsa mantlha ka Satane.

KHAOLO EA 14

Jesu o Etsa Barutuoa

Ke eng e kholisitseng barutuoa ba Jesu ba tšeletseng ba pele hore Jesu ke Mesia?

KHAOLO EA 15

Jesu o Etsa Mohlolo oa Hae oa Pele

Jesu o bontša ’mè oa hae hore o se a tataisoa ke ntate oa hae Jehova eseng ke eena.

KHAOLO EA 16

Jesu o Chesehela Borapeli ba ’Nete

Molao oa Molimo o ne o lumella batho hore ba reke liphoofolo tsa mahlabelo Jerusalema, joale ke hobane’ng ha Jesu a ne a halefetse barekisi?

KHAOLO EA 17

Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu

Ho ‘tsoaloa hape’ ho bolela’ng?

KHAOLO EA 18

Jesu o Tuma ho Feta Johanne

Barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba mona empa Johanne eena ha a mona.

KHAOLO EA 19

Jesu o Ruta Mosali oa Mosamaria

Jesu o bolella mosali oa Mosamaria ntho eo a e-⁠s’o ka a e bolella mang kapa mang.

KHAOLO EA 20

Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana

Jesu o phekola moshanyana a le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 26.

KHAOLO EA 21

Jesu o Synagogeng Nazaretha

Ke’ng eo Jesu a ileng a e bua e ileng ea etsa hore batho ba habo ba batle ho mo bolaea?

KHAOLO EA 22

Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho

Jesu o re barutuoa ba hae ba tlohelle ho tšoasa litlhapi empa ba tšoase batho.

KHAOLO EA 23

Jesu o Etsa Mehlolo Kapernauma

Jesu o ntša modemona, empa ke hobane’ng ha a mo khalemela ha a joetsa batho hore ke mora oa Molimo?

KHAOLO EA 24

Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea

Batho ba tla ho Jesu hore a ba phekole, empa Jesu oa ba hlalosetsa hore mosebetsi oa hae ha se ho phekola batho feela.

KHAOLO EA 25

O Folisa Molepera ka Mosa

Jesu o araba ka tsela e bonolo empa e matla e leng se bontšang hore o tsotella batho bao a ba folisang.

KHAOLO EA 26

“U Tšoaretsoe Libe”

Jesu o re sebe le ho kula li amana joang?

KHAOLO EA 27

Jesu o re Matheu e be Molateli oa Hae

Ke hobane’ng ha Jesu a ja le batho ba tummeng ka ho etsa lintho tse mpe?

KHAOLO EA 28

Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?

Jesu o ba araba ka ho etsa papiso ea lekuka la veine.

KHAOLO EA 29

Na Motho a ka Etsa Mesebetsi e Metle ka Sabatha?

Ke hobane’ng ha Bajuda ba hlorisa Jesu ha a folisa monna ea kutseng ka lilemo tse 38?

KHAOLO EA 30

Jesu o Amana Joang le Molimo?

Bajuda ba nahana hore Jesu o re o lekana le Molimo, empa Jesu oa hlakisa hore Molimo o moholo ho eena.

KHAOLO EA 31

Ba Kha Lijo-Thollo ka Sabatha

Ke hobane’ng Jesu a re ke “Morena oa Sabatha”?

KHAOLO EA 32

Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?

Ka tloaelo, Basaduse le Bafarisi baa hanyetsana empa lekhetlong lena baa lumellana.

KHAOLO EA 33

Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa

Ke hobane’ng ha Jesu a laela batho bao a ba phekotseng hore ba se ke ba mo tsebahatsa kapa ho bolella ba bang ka seo a se entseng?

KHAOLO EA 34

Jesu o Khetha Baapostola ba 12

Phapang ke efe pakeng tsa barutuoa le baapostola?

KHAOLO EA 35

Thuto ea Thabeng

Tlhaloso ea lintlha tsa bohlokoa tsa Thuto ea Thabeng

KHAOLO EA 36

Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla

Molaoli oa sesole o bua eng e etsang hore Jesu a hlolloe?

KHAOLO EA 37

Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali

Ba boneng mohlolo ona ba utloisisa seo o se bolela’ng.

KHAOLO EA 38

Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu

Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a botsa hore na Jesu ke Mesia? Na Johanne o na le lipelaelo?

KHAOLO EA 39

Ho Malimabe Moloko o sa Bakeng

Jesu o re ka Letsatsi la Kahlolo kotlo ea baahi ba Kapernauma, e leng toropo eo a lulang ho eona, e tla ba boima papisong le e ileng ea fumanoa ke baahi ba Sodoma.

KHAOLO EA 40

O Ruta ka ho Tšoarela

Ha Jesu a tšoarela libe tsa mosali eo e ka ’nang eaba e ne e le letekatse, na o ne a bontša hore ha ho phoso ho tlola molao oa Molimo?

KHAOLO EA 41

O Nka Matla a ho Etsa Mehlolo Kae?

Baena ba Jesu ba lumela hore o qhomme hlooho.

KHAOLO EA 42

Jesu o Khalemela Bafarisi

“Pontšo ea moprofeta Jonase” ke’ng?

KHAOLO EA 43

Lipapiso Tse Buang ka ’Muso

Jesu o etsa lipapiso tse robeli tse buang ka ’Muso oa maholimo.

KHAOLO EA 44

Jesu o Khutsisa Sefefo Leoatleng

Ha Jesu a ne a khutsisa leoatle, o ile a bontša hore na ho tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo.

KHAOLO EA 45

O Matla ho Feta Bademona ba Bangata

Na hoa khoneha hore motho a kenoe ke bademona ba bangata?

KHAOLO EA 46

Ha a Thetsa Seaparo sa Jesu oa Fola

Ketsahalong ena e amang maikutlo, Jesu oa bontša hore o mosa ebile o na le matla.

KHAOLO EA 47

Ngoanana o Phela Hape!

Batho baa tšeha ha Jesu a re ngoanana ea shoeleng o robetse. Ebe o tseba’ng eo ba sa e tsebeng?

KHAOLO EA 48

Esita le Batho ba Nazaretha ha ba mo Amohele le Hoja a Etsa Mehlolo

Batho ba Nazaretha ha ba amohele Jesu. Ha se hobane ba hana lithuto le mehlolo ea hae, empa ba na le lebaka le leng.

KHAOLO EA 49

O Ruta Galilea Ebile o Koetlisa Baapostola

Ha e le hantle ho boleloa’ng ha ho thoe ‘ ’Muso oa maholimo o atametse?’

KHAOLO EA 50

Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso

Haeba ha baa lokela ho tšaba lefu, ke hobane’ng ha Jesu a re ba barutuoa ba hae ba balehe ha ba hlorisoa?

KHAOLO EA 51

Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo

Heroda o thabetse tantši ea Salome hoo a mo tšepisang hore o tla mo fa eng kapa eng eo a e kopang. O kopa ntho e tšosang. Ebe ke eng?

KHAOLO EA 52

Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae

Mohlolo oo Jesu a o etsang o ikhetha hoo bangoli bohle ba bane ba Likosepele ba buang ka oona litlalehong tsa bona.

KHAOLO EA 53

’Musi ea Khonang ho Laola Maemo a Leholimo

Baapostola ba ithuta’ng ha Jesu a tsamaea holim’a metsi ’me a khutsisa sefefo?

KHAOLO EA 54

Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”

Ke hobane’ng ha Jesu a khalemela batho ba entseng boiteko ba hore ba tle ho eena?

KHAOLO EA 55

Mantsoe a Jesu a Nyarosa Batho ba Bangata

Jesu o ruta batho ntho e ngoe e nyarosang hoo barutuoa ba hae ba bangata ba mo furallang.

KHAOLO EA 56

Hantle-Ntle Ke Eng e Silafatsang Motho?

Na ke se kenang kapa ke se tsoang ka molomong se silafatsang motho?

KHAOLO EA 57

Jesu o Phekola Ngoanana le Monna ea sa Utloeng Litsebeng

Ke hobane’ng ha Mosali oa molichaba a sa koate ha Jesu a re batho ba habo ke lintjanyana?

KHAOLO EA 58

Jesu o Atisa Mahobe Hape o Fana ka Keletso Mabapi le Tomoso

Barutuoa ba Jesu ba qetella ba utloisisa hore na o bua ka tomoso ea mofuta ofe.

KHAOLO EA 59

Mor’a Motho ke Mang?

Linotlolo tsa ’Muso ke eng? Ke mang ea li sebelisang, hona o li sebelisa joang?

KHAOLO EA 60

Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea Bonahala

O ile a fetoha sebopeho joang? Hona seo se ne se bolela’ng?

KHAOLO EA 61

Jesu o Phekola Moshanyana ea Nang le Modemona

Jesu o re barutuoa ba hae ba hlolehile ho leleka modemona ka lebaka la tumelo e haellang. Empa ke tumelo ea mang e haellang? Na ke ea moshanyana, ntate oa hae kapa barutuoa ba Jesu?

KHAOLO EA 62

Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso

Banna ba holileng ba ithuta ntho ea bohlokoa ho ngoana e monyenyane.

KHAOLO EA 63

Jesu o fa Baapostola ba Hae Keletso e ’Ngoe ea Bohlokoa

O hlalosa mehato e meraro e lokelang ho lateloa ha ho lokisoa liqabang lipakeng tsa Bakreste.

KHAOLO EA 64

Ho Tšoarelana

Jesu o sebelisa papiso ea lekhoba le se nang mohau ho bontša kamoo Molimo a nkang ka botebo kateng taba ea hore re be ba tšoarelang.

KHAOLO EA 65

Jesu oa Ruta ha a le Tseleng e Eang Jerusalema

Lipuisanong tse khutšoanyane tse tharo tseo Jesu a bileng le tsona, o hlakisa mekhoa e ka sitisang motho hore a mo latele.

KHAOLO EA 66

Jesu o Moketeng oa Litabernakele Jerusalema

Ke eng e neng e etsa hore batho ba mametseng Jesu ba nahane hore o na le modemona?

KHAOLO EA 67

“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”

Hoo e ka bang lekhotla lohle le phahameng la Bajuda le hanyetsa Jesu empa setho se le seng se beta pelo se buella Jesu.

KHAOLO EA 68

Mora oa Molimo ke “Leseli la Lefatše”

Jesu o itse “ ’nete e tla le lokolla.” E lokolla ho eng?

KHAOLO EA 69

Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?

Jesu o hlalosa hore na bana ba Abrahama ba ka khetholloa joang, le hore na ha e le hantle ntate oa hae ke mang.

KHAOLO EA 70

Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone

Barutuoa baa botsa hore na ke hobaneng ha monna ea itseng a tsoetsoe a sa bone. Na ebe o entse sebe? Kapa na ke batsoali ba hae ba entseng sebe? Maikutlo a batho aa fapana ha Jesu a folisa monna eo.

KHAOLO EA 71

Bafarisi ba Hloma Monna ea Neng a Foufetse Lipotso

Mabaka a utloahalang a monna ea neng a tsoetsoe a foufetse a halefisa Bafarisi. Kahoo ba mo leleka synagogeng, e leng sona seo batsoali ba monna enoa ba neng ba tsohile hore se tla etsahala.

KHAOLO EA 72

Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso

Ha ba le Judea, Jesu o roma barutuoa ba 70 ’me o ba bolella hore ba pake ka ’Muso. Barutuoa ba rutela batho hokae, lisynagogeng kapa malapeng a bona?

KHAOLO EA 73

Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe

Ke joang Jesu a ileng a sebelisa papiso ea Mosamaria ea molemo ho ruta thuto ea bohlokoa?

KHAOLO EA 74

Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo

Jesu o etela lelapeng labo Maria le Maretha. O ruta thuto efe ea bohlokoa mabapi le ho amohela baeti? Hamorao o ruta barutuoa ba hae thuto efe ea bohlokoa mabapi le thapelo?

KHAOLO EA 75

Jesu o Senola Mohloli oa Thabo

Jesu o bolella bahanyetsi ba hae ka ‘monoana oa Molimo’ le hore ‘ ’Muso oa Molimo o ba fihletse.’ O boetse o senola mohloli oa thabo ea ’nete.

KHAOLO EA 76

Jesu o ja le Mofarisi

Jesu o pepesa Bafarisi le bangoli hore ke baikaketsi. Ba jarisa batho mejaro efe e boima?

KHAOLO EA 77

Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata Maruo

Jesu o etsa papiso ea monna oa morui ea ahileng matlo a polokelo. O pheta keletso efe mabapi le kotsi ea ho hahamalla maruo?

KHAOLO EA 78

Lula U Itokisitse, Uena Mohlanka ea Tšepahalang!

Jesu oa bontša hore o batla hore barutuoa ba hae ba rutoe ka Molimo. Mosebetsi oa mohlanka ke ofe? Ke hobane’ng ha keletso ea hore ba lule ba itokisitse e le ea bohlokoa?

KHAOLO EA 79

Ke Hobane’ng ha Bajuda ba sa Lumelang ba Tl’o Timetsoa?

Jesu o re batho bao a ntseng a leka ho ba thusa ba tl’o timetsoa haeba ba sa bake. Na ba tla ithuta thuto ee ea bohlokoa eo Jesu a lekang ho ba ruta eona e amanang le kamano ea bona le Molimo?

KHAOLO EA 80

Molisa ea Molemo le Masaka

Kamano e teng pakeng tsa molisa le linku tsa hae e hlakisa hantle kamoo Jesu a ikutloang kateng ka barutuoa ba hae. Na ba tla ela hloko lithuto tsa hae ebe baa mo latela?

KHAOLO EA 81

Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo

Ba bang ba bahanyetsi ba Jesu ba mo qosa ka hore o iketsa eka o lekana le Molimo. O araba liqoso tsee tsa bona ka bohlale joang?

KHAOLO EA 82

Mosebetsi oa Jesu Perea

Jesu o hlalosetsa bamameli ba hae hore na ke eng e hlokahalang hore motho a phonyohe. Keletso ea Jesu e ne e le ea bohlokoa ka nako eo. Na e ntse e sebetsa le mehleng ee?

KHAOLO EA 83

Molimo o Mema Bo-Mang Lijong?

Ha Jesu a ntse a lutse ka tlung ea Mofarisi, o etsa papiso e buang ka mokete oa lijo tsa mantsiboea. O hatisa ntlha ea bohlokoa bakeng sa bahlanka bohle ba Molimo. Ke ntlha efe?

KHAOLO EA 84

Ho ba Molateli oa Jesu ke Ntho e Tebileng Hakae?

Ho ba molateli oa Kreste ke ntho e tebileng haholo. Jesu o hlakisa ka ho feletseng hore na ho ameha eng. Batho ba bang bao e neng e ka ’na ea e-⁠ba balateli ba hae ba makatsoa ke lintho tseo a li buang.

KHAOLO EA 85

Ho Thaba ha Moetsalibe a Baka

Bafarisi le bangoli ba nyatsa Jesu ka hore ebe o sebelisana le batho ba eisehang. Ha Jesu a ba araba o sebelisa lipapiso tse bontšang kamoo Molimo a ikutloang kateng ka batho ba baetsalibe.

KHAOLO EA 86

Mora ea Neng a Lahlehile o Khutlile

Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa?

KHAOLO EA 87

Nahanela Pele ’Me U be Bohlale

Jesu o etsa papiso ea lemenemene la motsamaisi ho ruta thuto e sa lebelloang.

KHAOLO EA 88

Phetoho Bakeng sa Monna oa Morui le Lazaro

Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ho utloisisa papiso ea Jesu ke ho utloisisa hore na monna oa morui le Lazaro ba emela’ng.

KHAOLO EA 89

Ha Jesu a le Tseleng e Eang Judea, o Ruta Motseng oa Perea

O hatisa ntho e ka re thusang ho tšoarela batho esita le ha ba re siteloa hangata.

KHAOLO EA 90

“Tsoho le Bophelo”

Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re motho ea bontšang tumelo ho eena “a ke ke a shoa le ka mohla”?

KHAOLO EA 91

Lazaro oa Tsosoa

Ho na le lintho tse peli tse ka sehloohong ketsahalong ena tse etsang hore le bahanyetsi ba Jesu ba sitoe ho latola mohlolo oa hae.

KHAOLO EA 92

Balepera ba Leshome Baa Folisoa, Empa ke a le Mong Feela ea Lebohang

Molepera ea phekotsoeng ha a bontše Jesu feela hore oa leboha, empa o bontša le motho e mong hape.

KHAOLO EA 93

Mor’a Motho o Tla Senoloa

Ho tla ha Kreste ho tla tšoana le lehalima joang?

KHAOLO EA 94

Thapelo le Boikokobetso ke Tsa Bohlokoa Haholo

Papisong ea hae ea mohlolohali le moahloli ea khopo, Jesu o hatisa bohlokoa ba ntho e ’ngoe ea bohlokoa.

KHAOLO EA 95

Jesu o Rata Bana Hape o Ruta ka Tlhalo

Jesu o talima bana ka tsela e fapaneng le ea barutuoa ba hae. Hobane’ng?

KHAOLO EA 96

Jesu o Araba ’Musi e Mocha Lilemong ea Ruileng

Ke eng e susumelletsang Jesu hore a re ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ea ho roka ho e-⁠na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo?

KHAOLO EA 97

Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara

Ke joang ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele?

KHAOLO EA 98

Baapostola ba Boetse ba Batla Maemo

Jakobo le Johanne ba ikopela boemo bo khethehileng ’Musong, empa ha ba bang.

KHAOLO EA 99

Jesu o Folisa banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase

Litlaleho tsa Bibele tse bonahalang eka lia hanyetsana moo Jesu a phekolang monna ea foufetseng Jeriko li ka lumellana joang?

KHAOLO EA 100

Papiso ea Jesu ea Limina Tse Leshome

Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng, empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona”?

KHAOLO EA 101

Jesu o Lijong Bethani ha Simone

Maria, khaitseli ea Lazaro, o etsa ho hong ho tsosang khang e kholo, empa Jesu oa mo buella.

KHAOLO EA 102

Morena o Kena Jerusalema a Palame Petsana ea Esele

O phethahatsa boprofeta bo nang le lilemo tse makholo a mahlano.

KHAOLO EA 103

Tempele e Hloekisoa Hape

Ho bonahala eka bahoebi ba Jerusalema ba hoeba ka tsela e nepahetseng, empa ke hobane’ng ha Jesu a re ke masholu?

KHAOLO EA 104

Bajuda ba Utloa Lentsoe la Molimo, Empa na ba Tla Bontša Tumelo?

Na ho na le phapang pakeng tsa ho lumela ho Jesu le ho bontša tumelo?

KHAOLO EA 105

Sefate sa Feiga se re Ruta ka Tumelo

Jesu o ruta barutuoa ba hae ka matla a tumelo ’me o hlalosa le lebaka leo ka lona Molimo a qheletseng ka thoko sechaba sa Iseraele.

KHAOLO EA 106

Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara

Batlisisa hore na lipapiso tsa monna ea kopang bara ba hae ho il’o sebetsa tšimong ea hae ea morara le ea monna ea hirisetsang balemi ba khopo tšimo ea hae ea morara li bolela’ng.

KHAOLO EA 107

Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa Lenyalo

Ha e le hantle papiso ea Jesu ke boprofeta.

KHAOLO EA 108

Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo Tšoase

Jesu o koala melomo ea Bafarisi, Basaduse hammoho le bahanyetsi ba hae ba ikentseng khokanyan’a phiri.

KHAOLO EA 109

Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae

Ke hobane’ng ha Jesu a sa amohele lithuto tsa baeta-pele ba bolumeli?

KHAOLO EA 110

Letsatsi la ho Qetela la Jesu Tempeleng

Jesu o sebelisa mohlala oa mohlolohali ea futsanehileng ho ruta thuto ea bohlokoa.

KHAOLO EA 111

Baapostola ba Kopa Pontšo

Boprofeta ba hae bo ile ba phethahala mehleng ea baapostola. Na bo tla boela bo phethahale hape hamorao ka tsela e kholoanyane?

KHAOLO EA 112

Papiso ea Baroetsana ba Leshome

Na Jesu o ile a ruta hore halofo ea barutuoa ba hae ke maoatla ha halofo e ’ngoe e le masene?

KHAOLO EA 113

Papiso ea Litalenta

Papiso ea Jesu e hlalosa polelo ea hae e reng: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng.”

KHAOLO EA 114

Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le Lipoli

Jesu o sebelisa papiso e tsotehang ho bontša hore na batho ba tl’o ahloloa joang nakong e tlang.

KHAOLO EA 115

Paseka ea ho Qetela ea Jesu e Atametse

Ke hobane’ng ha e le ntho e ikhethang hore ebe baeta-pele ba bolumeli ba lumellana ka ho patala Judase likotoana tsa silevera tse 30 e le hore a eke Jesu?

KHAOLO EA 116

Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba Hae

Jesu o makatsa baapostola ba hae ka ho etsa mosebetsi oa makhoba.

KHAOLO EA 117

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

Jesu o theha sehopotso seo balateli ba hae ba lokelang ho se keteka selemo le selemo ka la 14 Nisane.

KHAOLO EA 118

Khang ea Hore na ke Mang ea Moholo

Baapostola ba se ba lebetse thuto eo Jesu a ba rutileng eona pejana mantsiboeeng ao.

KHAOLO EA 119

Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo

Jesu o ruta thuto ea bohlokoa ea kamoo re ka atamelang ho Molimo ka eona.

KHAOLO EA 120

Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea Jesu

Ke ka tsela efe barutuoa ba Jesu ba ‘behang litholoana’?

KHAOLO EA 121

“Le be Sebete! Ke Hlotse Lefatše”

Ke joang ho ka thoeng Jesu o hlotse lefatše empa lefatše le mo bolaile?

KHAOLO EA 122

Thapelo ea Jesu e Phethelang ka Kamoreng e ka Holimo

Jesu oa hlakisa hore o finyeletse ntho ea bohlokoa ho feta ho pholosa batho.

KHAOLO EA 123

Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho Tebileng

Ke hobane’ng ha Jesu a rapela a re: “Senoelo sena se ke se mphete”? Na o baleha boikarabelo ba hae ba ho rekolla batho ka ho ba shoela?

KHAOLO EA 124

Kreste oa Ekoa ’me oa Tšoaroa

Judase o khona ho fumana Jesu le hoja e le har’a mpa ea bosiu.

KHAOLO EA 125

Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o Isoa ho Kaifase

Toka ea khopamisoa nyeoeng ea Jesu.

KHAOLO EA 126

Petrose o Latola Jesu

Ho tla joang hore monna ea nang le tumelo le boikemisetso bo matla joaloka Petrose a furalle Jesu kapele hakaale?

KHAOLO EA 127

Ka Mor’a Nyeoe Sanhedrine, ba Isa Jesu ho Pilato

Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba senola morero oa bona oa ’nete.

KHAOLO EA 128

Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato

Ke hobane’ng ha Pilato a romela Jesu ho Heroda bakeng sa kahlolo? Na ekaba Pilato ha a na matla a ho ahlola Jesu?

KHAOLO EA 129

Pilato o re: “Bonang! Monna!”

Esita le Pilato o elelloa makhabane a tsotehang ao Jesu a a bonahatsang.

KHAOLO EA 130

Ho Nehelanoa ka Jesu Hore a Il’o Bolaoa

Ke hobane’ng ha Jesu a bolella basali ba saretsoeng hore ba llele bana ba bona ho e-⁠na le ho mo llela?

KHAOLO EA 131

Jesu o Khokhotheloa Palong

Jesu o tšepisa senokoane se khokhothetsoeng pel’a hae ntho e kholo.

KHAOLO EA 132

“Ka Sebele Motho Enoa e ne e le Mor’a Molimo”

Ho fifala ha letsatsi ka mohlolo, ho reketla ha lefatše ka matla, le ho taboha ha lesela la tempele ho paka ntho e le ’ngoe.

KHAOLO EA 133

Jesu oa Patoa

Ke hobane’ng ha ho e-⁠na le lehlana-hlana le lekaale la ho pata Jesu pele letsatsi le likela?

KHAOLO EA 134

Jesu oa Phela!

Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o iponahatsa pele ho morutuoa oa hae oa mosali ho e-⁠na le ho qala ka baapostola ba hae.

KHAOLO EA 135

Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela

Jesu o kholisa barutuoa ba hae joang hore o tsositsoe bafung?

KHAOLO EA 136

Jesu o Lebopong la Leoatle la Galilea

Ka makhetlo a mararo, Jesu o hopotsa Petrose hore na o lokela ho etsa’ng ho bontša hore oa mo rata.

KHAOLO EA 137

Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta

Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, pele a nyolohela leholimong, o hatisa ka makhetlo-khetlo hore na barutuoa ba hae ba tla fuoa eng le hore na ba lokela ho e sebelisa joang.

KHAOLO EA 138

Kreste o ka Letsohong le Letona la Molimo

Jesu o ne a tla etsa’ng ha a ntse a letetse nako eo a tla nka khato khahlanong le lira tsa hae?

KHAOLO EA 139

Jesu o Tlisa Paradeise ’me o Qetela Mosebetsi oa Hae

Jesu o sa ntse a e-⁠na le ho hongata hoo a lokelang ho ho etsa pele a nehelana ka ’Muso ho Molimo oa hae e leng Ntate oa hae.

Etsisa Jesu Ka . . .

Jesu o bontša makhabane a robeli ka makhetlo-khetlo bophelong bohle ba hae.

Litšupiso Tsa Mangolo

Sebelisa litšupiso tsena ho fumana moo ho buuoang ka litemana tsena tsa Kosepele ka bukeng ena.

Tšupiso ea Lipapiso

Fumana likhaolo ka bukeng ena tse buoang ka lipapiso tsa Jesu.

Boprofeta bo Buang ka Mesia

Bapisa liketsahalo tsa bophelo ba Jesu le boprofeta ba Bibele bo netefatsang hore ke Mesia hape u shebe likhaolo tsa buka ena tse buang ka liketsahalo tseo.

Libaka Tseo Jesu a Phetseng ho Tsona le ho Ruta ho Tsona

’Mapa ona o bontša libaka tseo Jesu a rutileng ho tsona