’Muso oa Molimo oa Busa!

Batho ba limilione ba phela ba thabile ba bile ba sireletsehile tlas’a ’muso o phethahetseng oa Molimo. Na u ka rata ho ba moahi oa moo?

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Tsebiso e thabisang ea C.?T.?Russell ka la 2 October, 1914 e ile ea phethahala joang

KHAOLO EA 1

“’Muso oa Hao o ke o Tle”

Jesu o ile a ruta ka ’Muso oa Molimo ho feta ntho leha e le efe. O tla tla neng hona o tla etsa’ng?

KHAOLO EA 2

’Muso o Thehoa Leholimong

Ke mang ea ileng a etsa hore batho ba Kreste ba itokiselletse ho thehoa ha ’Muso? Ke liketsahalo life tse bontšang hore ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele?

KHAOLO EA 3

Jehova o Senola Morero oa Hae

Na ’Muso e ne e le karolo ea morero oa Molimo qalong? Jesu o ile a etsa hore lintlha tse mabapi le ’Muso li hlake joang?

KHAOLO EA  4

Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae

’Muso o finyelletse eng mabapi le lebitso la Molimo? Ke eng seo u ka se etsang ho halaletsa lebitso la Jehova?

KHAOLO EA 5

Morena o Khantša Leseli la ’Muso

Fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka ’Muso oa Molimo, babusi ba oona le bafo ba oona le bohlokoa ba ho tšepahala.

KHAOLO EA 6

Baboleli—Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a kholisehile hore o tla ba le lebotho la batho ba bolelang ka ho rata matsatsing a ho qetela? U ka bontša joang hore u batla ’Muso pele?

KHAOLO EA 7

Mekhoa ea ho Paka—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

Ithute ka mekhoa eo batho ba Molimo ba ileng ba e sebelisa e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo pele bofelo bo tla.

KHAOLO EA 8

Lintho Tse Sebelisoang Boboleling—Ho Hatisa Lingoliloeng Bakeng sa Batho ba Lefatšeng Lohle

Mosebetsi oa phetolelo o bontša joang hore Jesu o re tšehelitse? Lingoliloeng tsa rōna li bontša joang hore ’Muso ke oa sebele?

KHAOLO EA 9

Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”

Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae lintho tse peli ka mosebetsi o moholo oa ho kotula. Lintho tseo li re ama joang kajeno?

KHAOLO EA 10

Morena o Hloekisa Batho ba Hae Moeeng

Keresemese le sefapano li tšoana ka tsela efe?

KHAOLO EA 11

Ho Hloekisoa Boitšoarong—Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo

Likamore tsa balebeli le liheke tsa tempele tse ponong ea Ezekiele li ’nile tsa ba le bohlokoa ho batho ba Molimo ho tloha ka 1914.

KHAOLO EA 12

Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”

Bibele ha e bapise ho hloka taolo le ho ba le taolo empa le ho ba le khotso. Hobane’ng? Hona karabo e ama Bakreste joang kajeno?

KHAOLO EA 13

Baboleli ba ’Muso ba Isa Linyeoe Tsa Bona Khotla

Baahloli ba mehleng ena ba na le boikutlo bo tšoanang le ba morupeli oa Molao Gamaliele.

KHAOLO EA 14

Re Tšehetsa ’Muso oa Molimo ka Botšepehi Eseng ’Muso Leha e le Ofe

“Nōka” ea mahloriso e ileng ea tlisoa ho Lipaki Tsa Jehova ka lebaka la hore li ne li sa nke lehlakore lipolotiking e ile ea metsoa ke mohloli o sa lebelloang.

KHAOLO EA 15

Ho Loanela Bolokolohi ba Borapeli

Batho ba Molimo ba ’nile ba loanela hore ba be le tokelo ea ho mamela molao oa Molimo—molao oa ’Muso oa Molimo.

KHAOLO EA 16

Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli

Re ka rua molemo ofe ha re e-ba teng libokeng?

KHAOLO EA 17

Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

Likolo tsa puso ea Molimo li ile tsa koetlisa basebetsi ba ’Muso joang hore ba phethe likabelo tsa bona?

KHAOLO EA  18

Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Chelete e tsoa hokae? E sebelisoa joang?

KHAOLO EA 19

Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova

Libaka tsa borapeli li tlotlisa Molimo, empa ho na le ntho eo a e nkang e le ea bohlokoa le ho feta.

KHAOLO EA 20

Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa

Re tseba joang hore ho thusa nakong ea likoluoa ke ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang?

KHAOLO EA 21

’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona

U ka itokisetsa ntoa ea Armagedone hona joale.

KHAOLO EA 22

’Muso o Etsa Thato ea Molimo Lefatšeng

U ka kholiseha joang hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala?