Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014

Bala lintlha tsa sehlooho tsa Sierra Leone le Guinea, ’me u utloe liphihlelo tse khothatsang tse tsoang lefatšeng ka bophara.

Temana ea Selemo ea 2014

Temana ea rōna ea selemo ea 2014 e re “’Muso oa Hao o ke o Tle.”—Matheu 6:10

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

U tla khothatsoa ke lengolo le monate le le matlafatsang tumelo le tsoang ho Sehlopha se Busang.

Mokhatlo o Tsoelang Pele

Ho hlakile hore ntlo-khōlō e tlositsoe New York City ka tataiso ea Jehova.

JW.ORG—‘Ho Pakela Lichaba Tsohle’

Websaete ea rōna e fihlisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ‘lichabeng tsohle.’

Ba Ananela Watchtower ONLINE LIBRARY

Batho ba sebelisang thulusi kapa laebrari ena ba leboha ka ho ngola mangolo.

Lipopae li Fetola Bophelo ba Batho

Hlokomela tšusumetso eo livideo tsena li nang le eona baneng le malapeng lefatšeng lohle.

Leeto le Monate le Bontšang Histori ea Lipaki Tsa Jehova

Bala ka sebaka se buang ka histori ea Lipaki Tsa Jehova le liketsahalo tsa Bokreste.

Tlaleho ea Molao

Litlaleho tsa molao tse tsoang linaheng tse 12 li bontša hore Lipaki Tsa Jehova li sa ntse li talimane le litaba tse mabapi le bolokolohi ba borapeli.

Litlaleho tse Tsoang Lefatšeng Lohle

Lipaki Tsa Jehova li etsa boiteko bo boholo ba ho haha, ho hlokomela le ho ba teng libakeng tse hlomphehang tsa borapeli.

Ho Neheloa ha Makala

Thabela lintlha tse ling tsa bohlokoa tsa likopano tse ling tsa machaba.

Afrika

Batho ba Afrika ba amohela ’nete ea Bibele, ’me e ba le tšusumetso e matla bophelong ba bona. Bala ka lekhoba la tahi le neng le tsuba lisakerete tse 60 ka letsatsi.

Linaha Tsa Amerika

Liphihlelo tse latelang li bontša hore ho thusa batho ka litsela tse ba tsoelang molemo le ho ba bolella ’nete ea Bibele ho sa tsotellehe khanyetso, ho ka ba le litholoana tse molemo.

Asia le Bochabela bo Hare

Boiteko bo sa khaotseng mosebetsing oa boboleli boa putsa. Hlokomela boiteko bo entsoeng ho thusa motho ea foufetseng, ea sa utloeng litsebeng ea bileng a sa tsebeng ho bua ho utloisisa hore Molimo oa mo tsotella.

Europe

Ho hloka tsebo ho ka baka leeme. Ithute kamoo lenaneo la seea-le-moea le ileng la etsa hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa hlola li tšoaroa ka leeme.

Oceania

Ho ngola mangolo ke tsela e ’ngoe ea ho bolela ’nete ea Bibele Christchurch, New Zealand. Ke hobane’ng ha ba bang ba re aa ke “Mangolo a tsoang ho Molimo?”

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Sierra Leone le Guinea

Tseba se eketsehileng ka linaha tsena, batho ba tsona, bolumeli le puo.

1915-1947 Qalong (Karolo ea 1)

Paki ea pele ea Jehova e fihlile Freetown ka 1915. Ba bangata ba ne ba thahasella Bibele.

1915-1947 Qalong (Karolo ea 2)

Baruti ba ne ba rerile ho koala batho ba Molimo molomo, empa Jehova a ‘busetsa molamu sefateng.’

1915-1947 Qalong (Karolo ea 3)

Phutheho ea Freetown e ile ea ‘tšoareha ka matla haholo ka lentsoe.’

“Pele Selemo se Fela U Tla be U Shoele”

Habeli ka khoeli Zachaeus Martyn o ne a tsamaea lik’hilomithara tse robeli a nyolosa a theosa thaba, a ea libokeng tsa Bokreste. O ne a kholisitsoe ke eng hore o fumane ’nete ea Bibele?

Ba re ke “Bible” Brown

William R. Brown o ne a paka hohle lihlekehlekeng tsa Caribbean le Afrika Bophirimela. Tseba hore na ke hobane’ng ha a ne a utloa hore o filoe tlotla e khōlō ka ho fetisisa.

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 1)

Mosebetsi oa boboleli o ne o tla eketseha haholo. Ho ile ha romeloa baromuoa ho thusa hore ho be le keketseho.

Ba ne ba Batla ho e Bona

Ka 1956, barab’abo rōna ba Freetown, Sierra Leone ba ile ba bontša batho filimi e bitsoang The New World Society in Action. Na ho na le batho ba neng ba tla tla e bona?

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 2)

Hohle Sierra Leone Lipaki Tsa Jehova li tsejoa e le batho ba hlomphang lenyalo.

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 3)

Ke hobane’ng ha bo-ralipolotiki bao e leng litho tsa Poro ba ile ba etsa tlhahiso ka Paramenteng ea hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloe?

Mekhatlo ea Sekhukhu

Mekhatlo ea sekhukhu e mengata ea Afrika Bophirimela e na le tšusumetso efe bophelong ba banna le basali?

1945-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 4)

Ho thusa ba bang ho hatela pele moeeng, liphutheho li ile tsa tšoara litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. Ha batho ba bangata ba ntse ba ithuta ho bala, ho ile ha hlokahala hore lingoliloeng li fetoleloe ka lipuo tse ling.

Beche e ne e le Phasepoto ea Bona

Ho tlile joang hore batho ba eang kopanong Guinea ba fete lelibohong ba se na liphasepoto?

Jehova o Ile a Mphahamisa

Jay Campbell, ea tšoeroeng ke pholio, o ne a batla ho ea thutong ea Bibele ea phutheho. O ile a re o tla tsamaea ka likotoana tsa hae tsa mapolanka ha a ea moo. Na o ile a atleha?

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 1)

Ho sa tsotellehe ntoa, Lipaki li ne li thusa batho ba bang le Lipaki tse ling ka lintho tseo ba li hlokang hammoho le ho ba khothatsa moeeng. Ke’ng e ileng ea li thusa hore li be matla le sebete?

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 2)

Nakong ea ntoa, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa “tsoela pele [li] sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.”

E ne e le Lesole ha e sa le Moshanyana, Hona Joale ke Pula-maliboho

Mohlankana e mong oa lesole la lerabele o ile a hopola tsela e lerato eo a ileng a amoheloa ka eona ha a ne a ile libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke’ng e ileng ea mo susumelletsa hore a fetole tsela eo a neng a phela ka eona?

Re Ile ra Pholoha Tlhaselong ea Marabele

Nakong eo ho neng ho le moferefere ’me batho ba bolaoa Pendembu, ke hobane’ng ha Lipaki li ile tsa pholoha ha ntoa e ne e qhoma ka 1991?

Monna oa Watchtower

E mong oa Lipaki Tsa Jehova o ne a tsamaisa mangolo le thepa nakong ea ntoa ea lehae. O ile a khona joang ho tsamaisa mangolo le thepa ho tloha Freetown ho ea Conakry, Guinea?

Ntho e Molemo ho Feta Litaemane

Tamba Josiah o ne a sebetsa merafong ea taemane pele e e-ba Paki ea Jehova. Ke hobane’ng ha a nahana hore o fumane ntho ea bohlokoa ho feta litaemane?

2002-2014 ho fihlela Hona Joale (Karolo ea 1)

Ka mor’a ntoa ea lehae, ho ile ha thehoa liphutheho, ha hahoa Liholo Tsa ’Muso ’me ha romeloa bopula-maliboho ba khethehileng libakeng tseo Lipaki li neng li fokola ka palo.

2002-2014 ho Fihlela Hona Joale (Karolo ea 2)

Kajeno, Lipaki Tsa Jehova linaheng tseo tse peli, li kholisehile hore batho bangata ba tla amohela litaba tse molemo tsa ’Muso.

Ke Ile ka Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova

Phillip Tengbeh le mosali oa hae ba ile ba baleha e le hore ba pholose bophelo ba bona ha masole a marabele a ne a hlasela motse oa habo bona oa Koindu. Ha ba ntse ba lula likampong tsa baphaphathehi, ba ile ba thusa hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse hlano.

Ke Ile ka Rata Sierra Leone

Cindy McIntire e bile moromuoa Afrika ho tloha ka 1992. O bolela hore na ke hobane’ng ha ka ho khetheha a thabela ho bolela litaba tse molemo Sierra Leone.

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1914

1914, selemo seo Liithuti Tsa Bibele li ’nileng tsa bua ka sona, se ile sa qetella se fihlile.