Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!

Ditaba tse molemo tse tswang ho Modimo ke eng? Ke hobaneng ha re ka di dumela? Bukana ena e araba dipotso tseo batho ba ipotsang bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Kamoo Bukana Ena e ka o Thusang Kateng

Bukana ena e tla o thusa hore o thabele ho ithuta Lentswe la Modimo, e leng Bibele. Ithute ho sebedisa Bibele ya hao ho fumana mangolo a bontshitsweng.

THUTO YA 1

Ditaba Tse Molemo Keng?

Ithute hore na ditaba tse molemo tse tswang ho Modimo keng, ke hobaneng ha di le bohlokwa le hore na o lokela ho etsang.

THUTO YA 2

Modimo ke Mang?

Na Modimo o na le lebitso, na o a re kgathalla?

THUTO YA 3

Na Ruri Ditaba Tse Molemo di Tswa ho Modimo?

Re ka kgodiseha jwang hore Bibele e nepahetse?

THUTO YA 4

Jesu Kreste ke Mang?

Ithute hore na bophelo ba Jesu bo qadile jwang, ke hobaneng ha a tlile lefatsheng le hore na Jesu o etsang hona jwale.

THUTO YA 5

Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

Bibele e hlalosa hore na ke hobaneng ha Modimo a bopile lefatshe, mathata a tla fela neng le hore na bophelo bo tla ba jwang.

THUTO YA 6

Ho na le Tshepo Efe ka Bafu?

Ho etsahalang ka rona ha re e shwa? Na re tla bona bao re ba ratang ba shweleng hape?

THUTO YA 7

Mmuso wa Modimo Keng?

Ke mang Morena wa Mmuso wa Modimo mme Mmuso o tla etsang?

THUTO YA 8

Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Bobe le Mathata?

Bobe bo qadile jwang mme ke hobaneng ha Modimo a dumelletse hore bo nne bo tswele pele? Na ka le leng mathata a tla feela?

THUTO YA 9

O ka Etsa Jwang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

Jehova ke Modimo ya thabileng mme o batla hore ho be le thabo ka malapeng a rona. Fumana keletso ya Bibele bakeng sa banna, basadi, batswadi le bana.

THUTO YA 10

O ka Kgetholla Bodumedi ba Nnete Jwang?

Na ho na le bodumedi bo le bong feela ba nnete? Jesu o ile a reng ka bodumedi ba bohata? Fumana dintlha tse hlano tseo Jesu a itseng barapedi ba nnete batla bonahala ka tsona.

THUTO YA 11

Melao ya Bibele e ka re thusa jwang?

Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobaneng re hloka tataiso le hore na ke melao efe ya bohlokwa ka ho fetisisa ka Bibeleng.

THUTO YA 12

O ka Atamela ho Modimo Jwang?

Fumana hore na ke hobaneng ha Bakreste ba bokana hammoho le hore na ho bokana hammoho ho ba thusa jwang ho atamela haufi le Modimo.

THUTO YA 13

Ditaba Tse Molemo ke Dife ka Bodumedi?

Na ka le leng batho ba tla rapela Modimo a le mong feela wa nnete ba momahane?

THUTO YA 14

Ke Hobaneng ha Modimo a na le Mokgatlo?

Bibele e re bolella hore na ke hobaneng ha Bakreste ba hlophiswa le hore na ba hlophiswa jwang.

THUTO YA 15

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tswela Pele ho Ithuta Ditaba Tse Molemo?

Tsebo eo o nang le yona ka Modimo le ka Lentswe la hae e ka thusa ba bang jwang? O ka ba le kamano efe le Modimo?