Atamela ho Jehova

Molimo o u mema hore u atamele ho eena. Buka ena e tla u bontša hore na u ka etsa seo joang u sebelisa Bibele.

Selelekela

Kamano ea hao le Jehova Molimo e ka ba matla ho seng mohla e tla senyeha.

KHAOLO EA 1

“Bonang! Enoa ke Molimo oa Rōna”

Ke hobane’ng ha Moshe a ile a botsa ka lebitso la Molimo empa a ne a se ntse a le tseba?

KHAOLO 2

Na ka Sebele U ka ‘Atamela ho Molimo’?

Jehova Molimo, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, o re fa memo le tšepiso.

KHAOLO 3

“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”

Ke hobane’ng ha Bibele e amahanya khalalelo le botle?

KHAOLO 4

“Jehova . . . o na le Matla a Maholo”

Na matla ao Molimo a nang le ’ona a etsa hore re mo tšabe? Ha u re e, leha u re che, u ntse u nepile.

KHAOLO EA 5

Matla a ho Bōpa​—“Moetsi oa Leholimo le Lefatše”

Ho tloha ho letsatsi le leholo ho ea ho nonyana e nyenyane, pōpo ea Molimo e ka re ruta ntho ea bohlokoa ka eena.

KHAOLO EA 6

Matla a Timetsang​—“Jehova ke Mohale oa Ntoa”

Ke hobane’ng ha “Molimo oa khotso” a loana?

KHAOLO EA 7

Matla a ho Sireletsa​—‘Molimo ke Setšabelo sa Rōna’

Molimo o sireletsa bahlanka ba hae ka litsela tse peli, empa tsela e ’ngoe ke ea bohlokoa haholo.

KHAOLO EA 8

Matla a ho Tsosolosa​—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

Jehova o se a ntse a tsosolositse borapeli bo hloekileng. O tla tsosolosa eng nakong e tlang?

KHAOLO EA 9

“Kreste ke Matla a Molimo”

Lithuto tsa Jesu Kreste le mehlolo eo a ileng a e etsa li bontša’ng ka Jehova?

KHAOLO EA 10

“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a Lōna

E ka ’na eaba u na le matla a mangata ho feta kamoo a nahanang kateng​—u ka a sebelisa ka tsela e nepahetseng joang?

KHAOLO EA 2

“O rata Toka”

KHAOLO EA 11

“Litsela Tsohle Tsa Hae ke Toka”

Ke hobane’ng ha toka ea Molimo e rateha?

KHAOLO 12

“Na ho Hloka Toka ho Teng ho Molimo?”

Haeba Jehova o hloile ho hloka toka, ke hobane’ng ha lefatšeng ho e-na le ho hloka toka?

KHAOLO EA 13

“Molao oa Jehova o Phethahetse”

Tsamaiso ea molao e ka khothalletsa batho hore ba be le lerato joang?

KHAOLO EA 14

Jehova o Fana ka “Thekollo e le Phapanyetsano Bakeng sa ba Bangata”

Thuto e bonolo empa e le matla e ka u thusa hore u be le kamano e haufi le Molimo.

KHAOLO EA 15

Jesu o ‘Beha Toka Lefatšeng’

Jesu o ile a ntšetsa pele toka joang nakong e fetileng? O etsa seo joang hona joale? Hona o tla theha toka joang nakong e tlang?

KHAOLO EA 16

“U Sebelise Toka” ha U Tsamaea le Molimo

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka temoso ee: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa”?

KHAOLO EA 17

‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’

Ke hobane’ng ha bohlale ba Molimo bo phahametse tsebo ea hae, kutloisiso le temohisiso?

KHAOLO EA 18

Bohlale bo ka Hare ho “Lentsoe la Molimo”

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a sebelisa batho hore a ngole Bibele ho e-na le hore a sebelise mangeloi kapa a hle a itlhahisetse eona?

KHAOLO EA 19

“Bohlale ba Molimo Sephiring se Halalelang”

Sephiri se halalelang seo Molimo a kileng a se pata empa joale a se senotse ke eng?

KHAOLO EA 20

“O Pelo e Bohlale”​—Empa o Ikokobelitse

Ke ka tsela efe ho ka thoeng ’Musi Morena oa bokahohle o ikokobelitse?

KHAOLO EA 21

Jesu o Senola “Bohlale bo Tsoang ho Molimo”

Ke ka tsela efe thuto ea Jesu e ileng ea etsa hore masole a neng a rometsoe ho ea mo tšoara a khutle a ntse a le joalo?

KHAOLO EA 22

Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

Bibele e hlalosa litsela tse ’nè tse ka u thusang hore u be le bohlale ba bomolimo.

KHAOLO EA 23

“O Ile a re Rata Pele”

Hantle-ntle polelo e reng “Molimo ke lerato” e bolela’ng?

KHAOLO EA 24

Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato la Molimo’

Hana leshano la hore ha u ratehe ebile ha u oa bohlokoa ho Molimo.

KHAOLO EA 25

“Qenehelo e Bonolo ea Molimo oa Rōna”

Ke ka tsela efe tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka uena e tšoanang le ea ’mè ho lesea la hae?

KHAOLO EA 26

Molimo ea ‘Itokiselitseng ho Tšoarela’

Haeba Molimo o hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ke joang a ka tšoarelang batho le ho ba leballa?

KHAOLO EA 27

“Molemo oa Hae o Moholo Hakaakang!”

Ha e le hantle, molemo oa Molimo ke’ng

KHAOLO EA 28

“Ke Uena Feela ea Tšepahalang”

Ke hobane’ng ha botšepehi ba Molimo bo phahametse ho tšepeha ha hae?

KHAOLO EA 29

“Ho Tseba Lerato la Kreste”

Likarolo tse tharo tsa lerato la Jesu li bontša lerato la Jehova ka tsela e phethahetseng.

KHAOLO EA 30

“Le Tsoele Pele ho Tsamaea Leratong”

Bakorinthe ba Pele e totobatsa litsela tse 14 tseo re ka bontšang lerato ka tsona.

KHAOLO EA 31

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

Ke potso efe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka ipotsang eona? U ka e araba joang?